Download as pdf or txt
Download as pdf or txt
You are on page 1of 151

See discussions, stats, and author profiles for this publication at: https://www.researchgate.

net/publication/312296339

Nalane ya Mosotho

Book · June 2013

CITATIONS READS

0 47,946

1 author:

Fezekile Futhwa
Nalane Indigenous Systems
5 PUBLICATIONS   5 CITATIONS   

SEE PROFILE

Some of the authors of this publication are also working on these related projects:

Sotho/Tswana Genealogies View project

Bantu Medicinal Plants View project

All content following this page was uploaded by Fezekile Futhwa on 13 January 2017.

The user has requested enhancement of the downloaded file.


Nalane ya Mosotho

Fezekile Futhwa 1
Nalane ya Mosotho

E phatlaladitswe ke Nalane ka Fezekile Futhwa


PO Box 1452
Alberton
1450

Web: www.nalane.org.za / www.futhwa.org.za


Email: ffuthwa@nalane.org.za / fezekile@futhwa.org.za

© Copyright 2013 Fezekile Futhwa

Setshwantsho sa sehlooho ka Fezekile Futhwa

Phatlalatso ya Pele: Phupu 2013

ISBN: 978-1478210412

DITOKELO TSOHLE KE TSA KA.


Buka ena kapa karolwana ya yona, e ke ke ya hatiswa botjha, ya bolokwa kapa ho fetolelwa
ho dipale, ditshwantsho, ditshwantshiso le tse ding ntle le tumello ya mongodi ka netefatso e
ngodilweng.

Fezekile Futhwa 2
Nalane ya Mosotho

Dikahare
1. Diteboho 4

2. Selelekela 5

3. Ditlwaelo 8

4. Moetlo 10

5. Tlotlontswe
5.1 Dikamano 24
5.2 Dinako tsa Selemo 26
5.3 Maele 26
5.4 Dikapolelo 31
5.5 Dilotho 34
5.6 Dithoko le Dithotokiso 36
5.7 Mangae 36
5.8 Dipina 42
5.9 Dipalo 48
5.10 Matshwao-ngolo 49
5.11 Dinaledi 49
5.12 Pula 51
5.13 Lehadima 52
5.14 Serame 53
5.15 Moya 53
5.16 Maru 54
5.17 Nako 54
5.18 Matsatsi 56
5.19 Dikgwedi 57

6. Tumelo 60
6.1 Lenaka la Motheo 61
6.2 Modimo 67
6.3 Badimo 67
6.4 Botho 68
6.5 Tlhompho 70
6.6 Nqalo tse Hlomphuwang 70
6.7 Ditoro 71
6.8 Moetlo 71
6.9 Tshollo ya Madi 71
6.10 Boreatseba 72
6.11 Thapelo ya Sesotho 72

7. Dipapadi 73

8. Mabitso
8.1 Mabitso a Bashemane 79
8.2 Mabitso a Banana 82
8.3 Mabitso a Mafahla - Bashemane 84
8.4 Mabitso a Mafahla - Banana 64

Fezekile Futhwa 3
Nalane ya Mosotho

8.5 Mabitso a Mafahla - Ngwanana le Moshemane 85

9. Dijo le Dino 86

10. Mekgabo 90

11. Motso wa Basotho


11.1 Motheo wa Diboko 102
11.2 Lenane la Diboko 102
11.3 Tlhakisetso ka Diboko 102
11.4 Dithoko tsa Diboko
11.4.1 Bakgatla 105
11.4.2 Bakwena 108
11.4.3 Bafokeng 114
11.4.4 Bataung 125
11.4.5 Batloung 130
11.4.6 Batshweneng 132
11.4.7 Bakubung 134
11.4.8 Baphuthing 135
11.4.9 Bafula 139
11.4.10 Banareng 139
11.4.11 Bapedi 139
11.4.12 Makgolokwe 140
11.4.13 Batlokwa 142
11.4.14 Basia 144
11.4.15 Makgwakgwa 146
11.4.16 Barolong 148

12. Sehlomathiso A: Pabatso 149

Fezekile Futhwa 4
Nalane ya Mosotho

1. Diteboho
Ke leboha Modimo le badimo ba heso ka bokgoni ba ho ngola.

Kuni Makwayi, ooNgconde, ooKhawuta; ndiyacamagusha.

Ke boele ke lebohe moena wa ka Themba ka makgobonthithi ohle a ho mphumanela dikarabo


dipotsong tsohle tseo ke bileng le tsona nakong ya ho ngola buka ena. Camagu Mkwayi.

Ke rata ho leboha Mme Nthabiseng Mosia ka mosebetsi o kgabane. Ke ya tseba hore ke dutse
ke hlopha ka dipotso tse sa feleng, empa ke moo diphetho di bonahetse ka buka ena. Ke ya
leboha Mosia motubatsi.

Bohle ba ileng ba ikgokahanya le nna ho latela mosebetsi wa ka ho Nalane,


www.nalane.org.za, ba bontsha tshehetso ka mosebetsi oo. Le bohle ba ileng ba kopa thuso
hona teng ho Nalane, le mpontshitse bohlokwa ba mosebetsi o tjena le hore nalane ya
Mosotho e batla e salletse morao papisong le nalane tse ding tsa bana ba Rantsho.

Nka lebala jwang mohatsa ka Nobantu. Ke ya itebohela ka nnete mofumahadi ka kutlwisiso


ya hao le sebako seo o mpileng sona ho ntshetsa pele neo ya bongodi. Ke ya leboha
Mofokeng.

Hodima batho bohle ke leboha Mme motswadi ka lefa leo a ntshietseng lona, letlotlo la
Sesotho. Ke ya leboha tawana ya Taung.

Tsebo ke lefa le sa boleng.

Fezekile Futhwa 5
Nalane ya Mosotho

2. Selelekela
Basotho ba batle maapara kobo. Ke bua ka lona maja pere batho ba ho ikgantsha ka seo le
leng sona. Bana ba thari ya tshepe. Ke hoa madume.

Ke thabela bo teng ba sengolwa sena se tshohlang Nalane ya Mosotho ka ho phethala. Mona


maikutlo ke a tshetlehile hodima dikarolo tse latelang tsa bophelo ba Mosotho:
 Moetlo le hore na ke eng
 Mekgwa le ditlwaelo tsa Basotho
 Bohlokwa ba puo ya Sesotho
 Maele le Dikapolelo
 Dilotho
 Dipapadi tsa Basotho
 Mekgabo ya Basotho
 Tlhompho
 Maitshwaro
 Dithoko le Dithotokiso
 Mangae
 Bo Reatseba
 Tlhaho
 Setho, e leng tumelo ya Mosotho ho Mmopi

Na nalane ke eng?

Nalane ke lefa le letlotlo la setjhaba le fupereng ditsela tseo setjhaba ka seng se phelang le
hona ho intshetsa pele ka teng. Nalane e tshwere ka hare ho yona dintho tse kang moetlo,
ditlwaelo, puo, tumelo le tsela eo setjhaba se bohang bophelo, tlholeho e ka sita le lona
lefatshe ka teng.

Ka hoo nalane ke lentswe le hlalosang seo motho a leng sona ho latela sebomorabe sa eo
motho.

Na Mosotho yena ke mang?

Mosotho ke ngwana Rantsho ya tswaletsweng hara setjhaba sa Basotho kapa ya tswetsweng


ke Mosotho. Mosotho e boetse ke mang kapa mang ya holetseng hara Basotho kapa ya
ithutileng mekgwa le ditlwaelo tsa Basotho.

Lentswe lena Mosotho le akaretsa nthwana tse ngata, mme hara tsona tse sehlohlolong ke
puo, moetlo ha mmoho le badimo.

Puo ke ntlha ya pele e qohollang motho e le Mosotho ka ha puo ya Sesotho e ikgethile hara
dipuo tsohle.

Moetlo wa Basotho o ikgethile ho latela tsela eo Mosotho a dumelang ka yona ho Modimo wa


hae.

Fezekile Futhwa 6
Nalane ya Mosotho

Badimo mona ba hlalosa tswala, hore na motho o tswetswe ke mang le hona ho badisa leloko
la eo ka ho hlahlamana ha meloko. Ka mantswe a mang Mosotho o tswallwa Bosothong ka ho
latela beng le baholo ba Mosotho.

Re tla bua haholwanyane ka motso wa Mosotho tlasa sehlooho se reng “Motso wa Basotho”.
.
Na motho ke eng?

Motho ke phoofolo e maoto a mabedi, e fuweng bohlale le maqiti a ho iphedisa ke Mmopi.


Ka hoo, motho ke leloko ka leng la setjhaba.

Na botho ke eng?

E re ka ha batho ba phela ka mokgwa wa kgobokano o bitswang ka hore ke setjhaba, ha ho


motho ya phetseng hantle ya kgethang ho phela a inotshi jwalo ka phoofolo. Mokgwa
kgobokano oo batho ba phelang ka ona o fana ka melemo e itseng bathong, jwalo ka ho
thusana ha mmoho le ho ikunela melemo ya mahlale a setjhaba seo motho a phelang hara
sona. Sena se bolela hore mahlale le diqatjwa tsohle tse fumanehang hara setjhaba ke tsa
setjhaba.

Phedisano mmoho ena ya batho e qobella hore ho be le melao le melawana e laolang batho
bohle ba phelang hara setjhaba. Melao ena e laola dikamano hara batho le hore na ke eng e
amohelehileng hara setjhaba.

Melao le melawana ena ya Basotho e laolang phedisano hara setjhaba e bitswa ka hore ke
botho.

Na setho sona ke eng?

Setho ke tumelo ya Mosotho ho Mmopi wa hae. Ha re bua ka Setho re bua sebomodimo ba


Mosotho.

Ha Mosotho a bua a re “ka setho...”, o ya be a akaretsa tumelo ya hae polelong eo.

Tumelo ya Mosotho e na le dikahare tse batsi mme tsena tsohle re tla di lekola tlasa karolo e
reng Tumelo.

Na boleng ba puo ke bofe?

Puo ke boitsebiso ba motho hoba ke ka yona motho a arolwang hore na ke morabe ofe.

Ho feta mona, puo ke yona e sebediswang ho ruta bana mekgwa le meetlo ya setjhaba sa
habo. Puo ke yona e fupereng moelelo wa tumelo ya motho ho Mmopi wa hae.

Ntshetsopele ya setjhaba se seng le se seng e itshetlehile puong ya sona ka ha ke puo feela e


fuparang mahlale le maqitolo a setjhaba.

Fezekile Futhwa 7
Nalane ya Mosotho

Ho phethela ka puo, hlokomela hore sohle se ngotsweng mona se phethahala ka puo ya


Sesotho, mme ke motho feela ya utlwisisang Sesotho ya ka kgonang ho ikunela boiphihlelo
ba tsebo e fuperweng mona.

Na Mosotho o tswa kae?

Potso ena re tla e araba ka mekgahlelo e mmedi sengolweng sena. Mokgahlelo wa pele e tla
ba wa tumelo, moo re hlakisang hore ho ya ka tumelo ya rona, Mosotho o tswa kae
tlholehong.

Mokgahlelo wa bobedi e tla ba wa ditjhaba tsa Basotho ho latela borena le diboko tsa bona.
Ona motso re tla o lata pele ho nako ya Morena Moshoeshoe eo a tsejwang e le yena mothehi
wa setjhaba sa Basotho. Sepheo ka sena ke ho qaqisa boemo ba Basotho pele ho nako ya
difaqane, e leng teng moo Morena Moshoeshoe a qadileng ho bokella setjhaba se tsejwang
kajeno lena e le setjhaba sa Basotho.

Na Sesotho le Basotho ba tholahala ho kae?

Naha ya Basotho e tholahala Borwa ba Aforika. Mme ho latela meedi ya dinaha mehleng ya
kajeno, setjhaba sa Basotho se tholahala dibakeng tsa:
 Porofensing ya Foreisitata
 Porofensing ya Koloni Botjhabela
 Porofensing ya Gauteng
 Naheng ya Lesotho

E re ka ha ho tloha tshimolohong ha e sale batho ba hloma ba hlomolla, Basotho ba batla ba


fumaneha hohle Borwa ba Aforika, le ha kwana bakeng tse ding e mpa e le methwaela feela e
moo ka tjako.

Karolong ya Motso wa Basotho o tla hlokomela hore ho teng Basotho ka tjako, athe ho bile
ho teng Basotho ba hapilweng ke merabe e meng. Re tla fana ka lesedi mabapi le kgahlamelo
ya dintwa tsa semerabe setjhabeng sa Basotho.

Re tla boela re lokele taba ya diboko tse fumanwang hara Basotho ha mmoho le merabe e
meng, hore na sena se tswalwa ke eng.

Basotho, Sesotho se batsi se bile se namile, ka hoo ho leng boima ho ngola sengolwa se
akaretsang Sesotho ka kotloloho. Empa buka ena e leka ka hohlehohle ho lekola Mosotho le
Bosotho ba hae. Karolo eo buka ena e sa tebang ho yona ke manollo ya puo, ke bolela thuto
ya ho bala le ho ngola Sesotho.

HO HAA, YA KGAOLA YA YA!

Fezekile Futhwa 8
Nalane ya Mosotho

3. Ditlwaelo

 Letsema
Letsema ke kgobokano ya batho ba bangata bao sepheo sa bona eleng ho thusa ho phetha
mosebetsi o mongata kapa o boima. Motho ya nang le mosebetsi o hlokang ho phethuwa o etsa
kgoeletso setjhabeng mme setjhaba se arabela ka ho tla thusa mosebetsing oo ka kopanelo.

 Letsholo
Kopano ya batho ba bangata bao sepheo sa bona eleng ho thusana bakeng sa ho hlasela sera
kapa ba direng; kopano ya batho ba bangata bao sepheo sa bona eleng ho thusana ho batla
ntho kapa motho ya nyametseng kapa ya lahlehileng.

 Tlhompho
Tlhompho ke boitshwaro bo botle bo lebelletsweng ho bohle hara setjhaba.

 Masimo
Masimo ke leruo hara Basotho ka ha a e le thuo ya lefatshe ha mmoho le kuno ya lona. Beng
ba mobu ba etsa bonnete ba hore masimo a dula a lenngwe mme dijo di le teng bakeng sa
setjhaba.

 Ho disa
Ho disa ke ho alosa leruo la diphoofolo tse jwalo ka dikgomo, dinku le dipodi. Ona ke
mosebetsi o etswang ke banna le bashemane.

 Kahisano
E re ka ha Setho se ruta Basotho hore motho ke motho ka batho, kahisano e ntle pakeng tsa
baahelwane e ya hlokahala.

 Mafisa
Mafisa ke tlwaelo ya barui ya ho isa karolo ya leruo la bona ho motho e mong ya sa ruang
hore a hlokomele mohlape oo. Motho eo o fumana ditokelo tsa ho iphedisa ka lebese la leruo
leo, mme ka tlwaelo motho eo o tla tshwaelwa manemane ho tswa ho manemane a tla tswala
nakong eo diphoofolo di leng tlasa tlhokomelo ya hae. Ka tsela ena Basotho ba netefatsa hore
batho ba na le leruo.

 Sewa
Dinakong tsa ditlokotsi ha ho na le tsietsi e aparetseng motse kapa setjhaba, Basotho ba ema
mmoho ho lantshwa tlokotsi eo.

 Mokete
Mokete ke mosebetsi o etswang ho keteka ketsahalo e itseng, mme o ka etswa ke lelapa le
itseng kapa ke setjhaba ka kakaretso.

 Boloi
Ka ha boloi ke ntho e teng, Basotho ba phekola boloi ka hore motho ya fumanwang a loya a
fuwe kotlo kapa a lelekwe motseng.

Fezekile Futhwa 9
Nalane ya Mosotho

 Meraka
Meraka ke sebaka se hole le motse, ka tlwaelo ke hara dithaba, moo mohlape o iswang teng
tlasa tlhokomelo ya dithokolosi.

 Motebo
Motebo ke sebaka se thoko le motse moo makgulo a leng mangata mme mohlape o iswang
teng tlasa tlhokomelo ya badisa.

 Thakaneng
Thakaneng ke moo banana ba motse ba kenang borwetsaneng ba robalang teng tlasa
tlhokomelo le tataiso ya basadi baholo ba motse. Ke moo banana ba rutwang ka boitshwaro ha
mmoho le ho tseba se lebelletsweng ho bona ke setjhaba. Ka mantswe a mang ke moo ba
tjhorwang teng.

Fezekile Futhwa 10
Nalane ya Mosotho

4. Moetlo
Moetlo ke mekgwa le ditlwaelo tsa setjhaba.

Moetlo o fupere ditsela tsohle tseo setjhaba ka seng se phelang ka teng, ho kenyeletsa tumelo
le puo ya sona.

Karolong ena re lekola meetlo yohle ya Basotho.

 Puo
Puo ke moetlo hobane ntle le puo ya Sesotho, ha ho Mosotho kapa Bosotho!

Ka hoo, e re ka ha ntho tsohle di etsahala ka puo ya Sesotho, puo ya Sesotho e lokela ho ba ka


sehlohlolong nthong tsohle. Sena se bolela hore puo ya Sesotho e lokela ho ntshetswa pele ka
dinako tsohle le hore bana ba Basotho ba lokela boullela puo ya bona. Hobane ha puo e ka
shwa, ho tla be ho fedile ka Basotho.

 Setswetse
Ha mosadi a kena ntlong, lelapa le bohle ba mo potileng ba lokela ho ila. Ntho ya pele ke hore
ke batho ba seng ba kae feela ba tla dumellwa ho kena ka tlung moo motho wa mme e leng
motswetse. Ho tla kena feela batho ba mmeileng setswetse, e leng basadi feela.

Bana ba banyenyane ba basetsana ba lelapeng le bona ba ya dumellwa ho kena ka tlung.

Ntle le bana ba baduweng, ha ho motho e mong ya dumellwang ho kena tlung, ho fihlela


ngwana a etswa lehlakeng. Hona ho bolela hore le ntata ngwana a ke ke a mmona hofihlela a
tswile lehlakeng.

Ho feta mona, motswetswe a keke a tseba monna ho fihlela a etswa setswetseng. Motho wa
mme o dula setswetse dikgwedi tse ka bang tharo ho isa ho tse tsheletseng.

 Ho Pepa
Ha mosadi a tla pepa lesea, ho teng tsela tse lokelang ho latelwa ho netefatsa hore sena se
etsahala ka nepo.

Ngwetsi e ntjha bohading, e dumellwa ho isa mahlo ha habo yona nakong eo e ilong ho pepa
ngwana wa yona wa pele. Ka hoo, ngwana wa pele o hlahela habo mmae.

Ho tloha mona bana bohle ba tla tswallwa habo ntatae kapa habo, ke hore lelapeng la mmae le
ntate ha ba se ba tswile motse.

Ke bomme feela ba dumelletsweng ho pepisa, jwale ka ha e le bona feela ba tla beha


setswetse.

Mohla moimana a itshohlolotseng, ho behwa lehlaka hodima ntlo eo a pepetseng ho yona e le


sesupo sa hore ngwana o hlahile.

Fezekile Futhwa 11
Nalane ya Mosotho

Motho wa mme ya keneng tlung o dula teng matsatsi a leshome a sa tswele ka ntle ho hang.

 Ho Tswa Lehlakeng
Ha ngwana lesea qeta ho tswalwa, o dula ka tlung le mmae wa motswetse matsatsi a leshome
a sa bonwe ke setjhaba. Ka mora mona a ka bonwa ke setjhaba mme o qala ho tswela ka ntle.

Tsatsing lena ke teng moo ngwana a tla rehwa lebitso mme lehlaka le hlomilweng hodima
ntlo le tlosuwa.

 Ho Reha Lebitso
Tsatsing la leshome ngwana a hlahile, o rehwa lebitso.

E bang mma ngwana e pepetse hahabo, lebitso le tla be le ile la latuwa bohadi pele mma
ngwana a kena ntlong.

 Kgwetsa
Sefaha kapa seholehwa se kengwang molaleng wa ngwana e monyane ka tumelo ya ho mo tiisa
kgahlanong le meya e mebe kapa ntho tse mpe.

 Pitiki
Pitiki ke mokete o etsuwang mohla ngwana lesea a ntshetswang ka ntle ho tswa ntlong. Ke
moo ngwana wa lesea a bontshwang setjhaba ka molao.

 Kuruetsa
Ho bontsha ngwana kgwedi e phethileng sekgwana ka mora kgwedi tse tharo a tswetswe ho
pheta moetlo wa Sesotho.

 Ho Jesa Ngwana
Ho jesa ngwana ke moetlo wa ho fa ngwana nama ka molao lelapeng.

Ha lesea le se le di dikgweding tsa ho ja dijo tse tiileng, e ba le etsetswa mokete wa ho jeswa


nama. Ho hlabuwa nku, eo ngwana a e bontshwang pele e hlajuwa mme a thetsiswa ka phatla
ho yona; eba o a bolellwa hore ena ke phoofolo ya hae eo ka yona a fuwang nama semolao.

 Ho Behella Puleng
Ha ngwana lesea a se a tswile lehlakeng, ha a se a kgasa, o behellwa puleng. Mohla pula e
nang e ba o beuwa ka ntle ho seotlwana a tsotse mme a kgasetse ka tlung.

 Ho Thwasa
Ho thwasa ke pitso ya badimo ya hore motho a kene lefehlong ho ba ngaka.

Pitso ya motho ka mong e tla ka tsela tse fapaneng. Tsela e tlwaelehileng ke ya ditoro, moo
mokgethwa a tla lora ditoro ka ba fatshe kapa a laelwa seo a lokelang ho se etsa ke bona. Ho
ya ka baholo ba rona, motho ya kgethilweng ho ya thwasa o lokela ho arabela pitso ena. Ha eo
a sa e ananele, o hlahelwa ke bomadimabe le hore a qetelle a kutse haholo.

Fezekile Futhwa 12
Nalane ya Mosotho

Morao tjena batho ba se thwasa ntle le ho bitswa ke badimo. Ba ikela thupellong moo dingaka
tse ding di ba rupellang ka bongaka. Ntho ena ha e tsebahale boholong, ka ha ke batho feela
ba kgethilweng ba ka phethang mosebetsi wa bongaka ba toka le tshwanelo. Ke ka hoo
dingaka tsena tse rupelletsweng di sitwang ho phekola mafu le hona ho thusa setjhaba.

Ha motho a se a hlokometse a bile a ananetse pitso ya hae, e ba o leba moo a tlang ho


fehlellwa teng. Lefehlo ke tsela ya thupello eo motho ya fehlellwang a e tsamaya ho fihlela a
butswa, mme e ka ba ngaka e feletseng.

Motho ya lefehlelong o bitswa ka hore ke lethwasa. Jwale tsela di ngata tseo ngaka tsa
Sesotho di fehlellwang ka yona. Ho bile ho itshetlehile ho mofuta wa pitso oo motho a nang le
ona. Mathuela ke bona batho ba fehlellwang ke dingaka, athe dingaka tsona di fehlellwa ka
tsela e fapaneng.

Ha lethwasa le se le fihlile ngakeng e tlang ho le fehlella, e ba le qalella ka mosebetsi wa ho


ithuta dikateng tsa bothuela.

Dingaka tsa Sesotho tsona di latela tsela e ikgethileng ya ho thwasa. Di ye di nyamele feela
mme di sirele moo di rupellwang teng. Thupello ya tsona ha ngata e ne e atisa ho ba
mahaheng kapa dikwetseng, moo teng ba rupellwang ke badimo ka sebele. Ka hoo, thupello
ya bona ha e phethahatswe ke motho.

Ho latela tsela tsena tse fapaneng tsa lefehlo, nako e nkuwang lefehlong ha e tshwane ho
hang. Motho o kgutla mohla a qetileng thupello ya hae ka botlalo. E leng moo dikolo tsa
bongaka di fanang ka bothata teng hobane motho o kgutla ka mora nako e itseng e behilweng;
e seng mohla a tsebang mosebetsi wa hae.

Ha motho a thwasa, pitso ya hae ke ya ho mo rupella ho ba e nngwe ya tse latelang:


o Ngaka
Ngaka ke motho ya phekolang mafu. O rupelletse ha batsi ka tsebo ya ditlama ho etsa
meriana, e leng ditlhare.

Ho na le mefuta e fapaneng ya dingaka Sesothong, jwalo ka:


 Nkgekge
Nkgekge ke ngaka e upellang malapa le hona ho tiisa marena pusong. Nkgekge
ke yona e thehang mephatho le ho bolotsa.

 Moroka Pula
Moroka Pula ke mofuta wa ngaka tjhitja ya nang le boiphihlelo ba methokgo
ka tsela ya hore o na le boiphihlelo bo tebileng ba ho sebedisa methokgo ho
lopeng le hona ho neseng pula. Ke yona ngaka eo ho llelwang ho yona nakong
tsa dikomello.

 Ngaka Tjhitja
Ngaka Tjhitja ke ngaka e phekolang. Mesebetsi ya ngaka tjhitja e kenyeletsa
pheko, ho tiisa bana, ho thusa baimana, jwalo jwalo.

Fezekile Futhwa 13
Nalane ya Mosotho

 Senohe
Senohe ke ngaka e laolang.

o Lethuela
Lethuela ke motho ya laolang a sebisa ditaola ho lopa mathata a batho. Lethuela ke
leadingwa ho tswa setjhabeng sa MaZulu.

 Kgutsana
Kgutsana ke ngwana ya hlokahalletsweng ke motswadi. Ngwana ya hlokahalletsweng ke
batswadi ka bobedi o bitswa kutsana kgudu.

Kgutsana ka moetlo, ke boemo ba bofifi boo ngwana a ebang ho bona nakong eo motswadi a
qetang ho hlokahala ka yona. Ka mora hore ho hlobolwe thapo, eba ngwana o sala a apere
kobo ya sefifi e bitswang ka hore ke kgutsana.

Kgutsana e lokela ho hlojolwa ka mora selemo ho latela ho patwa ha motswadi. Kgutsana e


hlobodiswa ke malome lelapeng la bo ngwana.

Ha malome a se a fihlile, e ba ho hlajuwa kgutshwe mantsiboya. Ho ntshuwa nyooko, ho


kguwe moswang mme malome a sehe nama e mona ka morao ha molala e le dikarolwana tse
telele. Eba nama ena e ya tlohelwa hore e hwame.

Ha e se e hwamme, eba malome o beka nama ena ho ba sesanyane mme e etswa jwalo ka
kgwele. Ngwana ka mong eo e leng kgutsana lelapeng o tla rweswa nama ena eka o rwetse
kgwele molaleng mme ba robala ka yona ba sesa bosiu.

Hoseng ka meso, bohle ba ya tsoha mme malome o lokisa metsi ao batjhana ba tla hlapa ka
ona. Metsi ana a behuwa ka ntle lelapeng, ka nqa botjhabela mme a tswakahangwa le nyooko,
moswang ha mmoho le lekgala. E ba bana ba hlapa ka ona ho latela tlhahlamano ya bona ho
qala ka ba ba tona. Pele ngwana a kena metsing, malome o kgaola thapo molaleng mme a e
behe ka thoko, eba o kutwa moriri hloohong. Ngwana ka mong o hlatsuwa ke malome.

Ha bohle ba se ba qetile ho hlapa, eba thapo tsa bona kaofela di ya tjheswa ke malome.

 Seqoma
Seqoma ke ngwana ya tswalwang a hlahlama ya seng a hlokahetse.

E re ka ha mabitso a bana ba Basotho a na le moelelo, ngwana eo e leng seqoma o rehwa


mabitso a kang:
o Bashemane
 Tshediso
 Ntja
 Malefetsane
 Mpe
o Banana
 Matshediso
 Mantja
Fezekile Futhwa 14
Nalane ya Mosotho

 Ntjantja
 Matlakala
 Mampe
 Lahluwe
 Dilahlwane
 Moleseng
 Nteseng

Ha ngwana a se a hodile, o lokela ho tloswa seqoma ke malome.

Ho hlajuwa nku mme ho ntshuwe nyooko ya teng, eba ngwana wa seqoma o hlapa ka metsi a
tswakantsweng le nyooko hona mantsiboya jwalo. Hoseng ka meso, o boela a hlape ka metsi
a tswakantsweng le lekgala mme o kutwa moriri.

 Lebollo
Lebollo ke sebaka seo ho sona ngwana a betlwang mme a rutwa kooma ya mophatong.

Lebakabaka leo Basotho ba bolotsang bana ba bona ke ho ba lokisetsa boikarabelo ba ho hola


le ho ba betlela merero ya setjhaba. Ka hoo, lebollo ke moo ngwana a hlobohanang le diketso
tsa bongwana teng mme a rutwa mekgwa le maitshwaro a setho seholo.

Lebollo ke sehlohlolo sa thuto le thupello ya mekgwa le meetlo ya Basotho.

Lebollo ke ketsahalo ya ho bolotsa bana, athe mophato ona ke sebaka moo ho bollwang teng.

Ka Sesotho, mophato o hlongwa nako ya dikgwedi tse tsheletseng, e leng nako eo ka yona
bana ba tla betlwa ka mekgwa le meetlo ya Basotho. Mophato o hlongwa hole le motse, hara
dithaba kwana ka ha makolwane a sa tlameha ho bonwa ke batho nakong eo ba ntseng ba le
mophatong.

Ke ngaka feela e nang le boiphihlelo e ka thehang mophato mme ya bolotsa bana. Pele
mophato o ka thehwa, sena se lokela ho tjhaellwa monwana ke morena le matona a hae. Ka
mantswe a mang ke morena le matona ba ka fanang ka tumello ho ngaka ya ho theha
mophato. Sena se etswa ho netefatsa hore motho ya thehang mophato o ho loketse ho etsa
jwalo ho latela tsebo le bokgoni ba hae.

Ha morena le kgotla ba se ba nkile qeto ya ho dumella ngaka yo theha mophato, e ba ba


shebana le morero wa hore na ke bo mang ba tlang ho ba mesuwe mophatong. Mesuwe e
lokela ho ba banna ba tiileng ba tsebang ka bophelo. Karolo e bapalwang ke mesuwe
mophatong e bohlokwa haholo hobane ke bona ditshiya tsa mophato ka ha ke bona ba
netefatsang hore tsohle di tsamaya ka nepo.

Lentswe lena mosuwe le tswa ho motso suwa. Ka mantswe a mang mesuwe e suwa bana, e
leng ho bolelang ho ba beka ka thuto le boiphihlelo.

Fezekile Futhwa 15
Nalane ya Mosotho

Basotho hangata ba bolotsa bana ba bashemane feela, empa ho teng diboko tsa Basotho tse
bolotsang bana ba basetsana. Ka hoo, tsela eo lebollo le laolwang ka yona ke ena bakeng sa
mekgahlelo ena e mmedi:
o Banna
Ka Sesotho ngwana o ya rerwa pele a bolotswa. Ho rera ngwana ho bolela hore
batswadi ba nka qeto eo e sa le nako mme ba etsa ditlhopiso tsohle tse hlokahalang
hore ngwana a ka bolotswa. Empa ngwana o na le tokelo ya ho titmela mophatong ntle
le tsebo ya batswadi.

Ha sena se ka etsahala, batswadi ba lokela ho tsibiswa pele mosebetsi o ka qalwa


mophatong, mme ba lokela ho fana ka tumello ya bona ya hore ngwana a ka bolotswa.

Ntho ya pele eo ngwana moshemane ba habo ba lokelang ho mo romella yona


mophatong ke mokgahla. Mokgahla ke kobo ya letlalo la phoofolo. Mehleng ena ya
kajeno mokgahla o se o etsuwa ka mokotla. Ho sebedisa mmethe ho etsa kobo ena.

Polotso ya bana e etsahala ka mekgahlelo ho tloha ba fihlile mophatong, ho fihlela ba


etswa. Mokgahlelo wa pele ke wa ho kenya bashemane lenakeng. Ona ke mosebetsi
wa ngaka, moo bohle ba sebetswang ho ba tlosa boshemaneng.

Ha bashemane ba qalella ho matlafala, e ba mokgahlelo wa bobedi o wa qala, moo


teng ba qalellang ho rutwa ka mekgwa le meetlo ya Basotho. Mosebetsi ona o etellwa
pele ke banna baholo ba motse, ba tla nneng ba etele bashemane bakeng sa dithuto
tsena.

Ha tsena tsohle di etsahala, bashemane ba tla qalella ho rutwa dipina tsa mangae. Ha
nako e entse e tsamaya, ba tla boela hape ba rutwe le dithoko le dithotokiso. Dithoko
tsena di tsepama ho diboko haholo.

Ha dithuto tsohle di se di phethilwe, e ba mophato o wa tjheswa mme bohle ba


kgutlela motseng. Letsatsing leo ba fihlang ka lona ho tshwarwa mokete wa
makolwane, moo ba binang mangae mme ba etsa dithoko. Mokete ona o ka nka nako e
ka etsa beke nako tse ding.

Mokete ona o tshwarelwa sebakeng se itseng motseng kapa makolwane a tla tsamaya
malapa a bo lekolwane ka leng, tsena tsohle ka pina le thoko.

Ha ba qetile, e ba makolwane a lokela ho ya hlapa letsoku ka meso.

o Basadi
Diboko tse ding tsa Basotho di bolotsa basadi, mme basadi ba mophatong ba bitswa
ditswejane.

Jwalo ka bashemane, ditswejane di rutwa mekgwa ya setjhaba le hore na mosadi o


lokela ho itshwara jwang setjhabeng.

 Mahadi
Fezekile Futhwa 16
Nalane ya Mosotho

Mahadi ke kgomo e kopanyang malapa a mabedi ka lenyalo. Ke hore, mahadi ke dikgomo tse
tswang ha bo mohlankana di lebisitswe ha bo moretswana e le sekepele sa lenyalo.

Mehleng ya boholo, ha mohlankana a ne a batla ho nyala, o ne a bontsha maikemisetso a hae


ka hore a rahe moritshwana. Ho raha moritshwana ke ho bulela dikgomo ka matjeke hore di
ye naheng empa di sa ka tsa hangwa. Ha baholo ba lemoha sena, e ba ba dula fatshe le yena
ho utlwa hore na e ka ba ho teng morwetsana eo a seng a itholetse yena. E bang a le siyo,
baholo ba ne ba qalella ka morero wa ho batlela mora molekane.

Ha ho se ho hlakile hore morwetsana ya tla nyalwa ke ofe, mme bohle ba kgodisehile ka yena,
e ba ho ntshwa lenqosa le ilo tsebisa ba ha bo morwetsana hore ba tla fumana baeti letsatsing
le itseng. Mehleng ya morao tjena, ka ho hlokeha ha baholo, ho se ho romelwa lengolo ha bo
morwetsan le ba tsebisang morero ona.

Ha letsatsi le thongweng le fihla, e ba ho tswa manqosa a ilo emela lelapa dipuisanong. Ka


Sesotho mmaeya moshemane ha a be teng mererong ena. Ho tsamaya ntata moshemane,
rangwane wa moshemane, malome wa moshemane, rakgadi wa moshemane le nkgono wa
moshemane, ke hore mme wa ntate wa hae. Bontate ke bona ba ilo buisana ka taba tsa
mahadi, bomme mosebetsi wa bona ke ho ilo beha ngwetsi ya bona leihlo le hore na o tswa
lelapeng le jwang.

Morero wa pele ha baeti ba se ba amohetswe, ke ho tsebisa ba bo morwetsana hore mora wa


bona o kgahlilwe kapa hore bona ba kgahlilwe ke moradi wa lelapeng moo bakeng sa mora
wa bona, mme ba tlilo nkgo ya metsi ke hona. Bona ke bona boemo ba pele ba ditaba bo
lokelang ho reruwa pakeng tsa malapa. Letsatsing lena ha ho tse kaalo tse ilo qoquwa ntle
feela le hore ba ho ba morwetsana ha ba se ba utlwile hore baeti ba tlile ka dife, e ba ba bitsa
moradi wa bona. Yena o fihla a botswa feela hore na o tseba nnyeo, e leng lebitso la
moshemane eo ba leng mona ka yena. Karabo ya hae ke hore feela eya o wa mo tseba kapa
tjhe ha a mo tsebe. Ha a ka re tjhe ha a mo tsebe, e ba ke phetho ka morero, ho tla qhalanwa
ka ha morero o tla be o nyopile. Ha a dumela hore o tseba mohlankana eo, e ba o tla lokolla
he a re a ikele. Jwale ho tla kenwa mokgahlelong wa bobedi wa ditaba.

Ha ngwanana a se a dumetse mohlankana, e ba ba habo mohlankana ba tla tsebisa ka


maikemisetso a bona. Ba ka boela ba bolela hore ba tla kgutla ka morero wa ho tla thetha
mahadi, kapa ba hla ba kopa hore mahadi a thethuwe hang.

Ho thetha mahadi ke ketso ya ho ntsha dikgomo tsa bohadi.

Ha ho se ho thethuwa mahadi, ho batla ho sebetsuwa ka mekgwa e batlang e fapane feela ka


kamohelo ya baeti. Malapeng a mang, ba nkile moetlo wa Bathethwa(MaZulu) ka hore ho
lokela ho ntshuwa pula molomo pele ditaba di ka bueha. Empa bonneteng pula molomo ha se
moetlo wa Basotho.

Ha barumuwa ba se ba amohetswe ka tlung mme ho dutswe fatshe, e ba ya etellang


barumuwa pele o tla hlalosa tsa thomo ya bona. E tla re ha thomo ya bona e se e ananetswe, e
ba ba tla ipolela hore na ke mang, moradi ofe, eo ba tlileng mona ka yena. Mona ho batla ho
ena le phapang hape hobane batho ba bang ba kopa hona mona hore ba bone eo ngwetsi ya

Fezekile Futhwa 17
Nalane ya Mosotho

bona eo ba leng mona ka yona, athe ba bang ba emela hore dipuisano di feele pele ba kopa ho
mmona. Ha ba se ba mmone mme a tswile, e ba he taba di qala.

Barumuwa jwale ba tla kopa ho tseba hore na sekepele se eme jwang. Sekepele ke boleng ba
dikgomo tsa mahadi tse batlwang ha bo moretsana. Ha sekepele se se se boletswe, e ba jwale
dipuisano di tswela pele moo ho tla buiswana ka hore na dikgomo di theolwe kapa tjhe.
Mahlakore bobedi a tla beha dintlha tsa bona ho fihlela ho dumellwana ka sekepele.

Ha ho se ho dumellwane ka sekepele, eba dipuisano di kena mokgahlelong wa ho qetela wa


letsatsi, ho thetha mahadi. Mona ke ha barumuwa ba lefa sekepele ho latela dikgomo tseo ba
tlileng le tsona. E bang dikgomo tsa barumuwa di sa lekana sekepele, e ba ba dumellana ka
hore ba tla boela ba kgutla mohla letsatsi le tla behwa. Ka morao ho mona e ba marumuwa ba
tla tsholelwa mme ngwetsi ya bona ke e mong wa bomme ba tla fepela dijo le dino. Ena ke
nako eo ka yona malapa ka bobedi a tlang ho tsebana ha ho ntse ho jewa mme ho qoquwa.

Barumuwa bana ba phethang morero wa ho thetha mahadi ba bitswa masupa tsela. Ha


barumuwa ba se ba tsamaya, bo fuwa dimpho e le sesupo ka hore ba amohetswe. Dimpho tseo
ba di fuwang di kenyeletsa mafielo, mehope, meseme, letjhoba; kapa eng feela eo ba ka e
fuwang. Mosupa tsela ka mong o lokela ho kgutla a tshwere mpho ha a tswa thetha mahadi
mme a amohelehile.

Ho tloha letsatsing leo ho thethilweng mahadi ka lona, mokgwenyana o amohelehile bohadi


hore a ka tjhaka, empa ngwetsi e keke ya kena bohadi ho fihlela e iswa teng ka molao. Ho
tloha mona malapa bobedi a tla buisana hore na ngwetsi e tliswe neng bohadi. Nakong eo ho
buisanwang ka mahadi ka yona, ho tla dumellwanwa hore na e ba lenyalo le tla ba teng na
kapa tjhe. Sena ke hobane bo teng ba letjhato bo fetola tsela eo ngwetsi e tla tliswa bohadi ka
yona.

Ha ho se letjhato le teng, ke hore mokete wa ho keteka lenyalo, e ba ho lokisetswa mohla


ngwetsi e tla tliswa bohadi. Mohla ngwetsi e tliswang bohadi, e tla fihla thapama ha letsatsi le
rapama, mme e felehetswa ke thaka tsa yona le baholo ba lelapa labo ba kenyeletsang
bomangwane, bo malome le bo nkgono. Nakong eo e felehetswang ka yona ho ka tsamaiwa
ho binwa dipina tsa monyanyako e bang ba batla. Bohle ba apara Sesotho. Bomme ba apara
dishweshwe, ba rwala dituku kapa mekorotlo. Bontate ba apara dikobo mme ba rwala
mekorotlo dihloohong, ba tshwara melamu matsohong. Ngwetsi e ya phahlelwa ha e
felehetswa. Ho phahlela ho bolela hore e fuwa dintho tsohle tseo e tlang ho di hloka ho iqalla
motse o motjha. Dintho tsena di tla kenyeletsa disebediswa tsa ka kitjheneng tse tshwanang le
dikgaba, dijana, mabekere, dinkgo, dikobo, mafielo, meseme jwalo jwalo. Sena se etsuwa e le
hore ho se be le mosadi ya fihlang ha mosadi e mong, bohadi, mme a hloke le sejana se paala.

Ha ba fihla bohadi, e ba e moholo ha habo o tla tsebisa hore ke bao ba tlisitse ngwana bona
lapeng lena mme ba ya mo lokolla. Bontate bohle le thaka tsa ngwetsi ba ya tsamaya ho
kgutlela hae, ho sala bomme feela ba tlang ho robatsa ngwetsi bohadi. Ba tla fuwa phaposi
moo ba tlang ho dula teng le hona ho sesa bosiu teng. Bomme ba bohading ba tla ya teng
phaposing ho ya dumedisa le ho ba tseba, empa boholo ba nako ba tla boqeta ba dutse ba
inotshi. Lebaka ke hore ona ke monyetla wa ho qetela wa ho lauwa ha ngwetsi ke ba habo. Ha
ba se ba dutse ka phaposing, ngwetsi e tla bitswa mme e bitsetswe ka ntle moo teng e tlang ho

Fezekile Futhwa 18
Nalane ya Mosotho

bontshwa phooholo ya hae, e leng nku e tlang ho hlajuwa hona hoo. Ka mora mona ngwetsi e
kgutlela phaposing.

Hoseng ka meso ba tla tsoha mme hlwekise ntlo, ba fiele lebala mme ba etsetse batho ho
phokwang jwalo ka teye mehleng ena, le ha kwana kgale ho ne phokwa motoho. Tsena tsohle
ba di phetha ka disebediswa tseo ba tlileng le tsona ho phahlela ngwetsi. Hoseng ka metjeke,
ngwetsi e tla tsoha e amohelwa ka molao bohadi. Moholo wa lelapa o tla besa nama eo ka
yona ngwetsi e jeswang mme a e fe bomme bakeng sa ho phetha mosebetsi wa bona. Mme
matsale le baholo ba lelapa ba tla dula fatshe le ngwetsi ka phaposing eo e amohetsweng ka
ho yona ho mo laya. Tayo ya bona ke ho mo tsebisa moetlo le ditlwaelo tsa bohadi hore a di
tsebe. E ba jwale o hlobodiswa diaparo tsohle tseo a di apereng, mme a tlotswa ka mafura
mmele ohle a nto apeswa seshweshwe se setjha bohadi. E ba jwale o fuwa nama hore a e je.
Nama ena ke dikarolo tsohle tsa phoofolo, mme ke sona sena se bitswang kwae ka Sesotho.
Ha tsena di etsuwa, e ba ba bohadi feela le ngwetsi ka phaposing, mme tabeng tsena tsohle ha
ho motho wa monna ya dumelletsweng ho ba teng. Ke morero wa bomme ba inotshi. Ka
morao ho mona, e tla re ha letsatsi le ntse le phahama, e ba bohle ba feleheditseng ngwetsi ba
ya tsamaya mme ba siya ngwetsi bohadi. Bomme bohle ba robaleditseng bohadi ba tla fuwa
dimpho ha ba tsamaya e le sesupo sa kamohelo ya bona.

Jwale e ba ngwetsi e tla bontshwa ntlo le moo dintho di dulang teng. Ha e qeta e tla tsebiswa
ba leloko.

Ntho eo ke lokelang ho e hlokomedisa ke hore ka Sesotho ngwetsi ha e qhwaolle Ratsale, ke


hore ha e mo tshware ho hang. E bile ngwetsi ha e sale e inotshi le Ratsale ka phaposing. Ho
feta mona, ngwetsi e dula e itlamme letheka nakong eo e leng bohadi. Ratsale ha ya lokela le
ka mohla ho bona letheka la ngwetsi ya hae.

Ha jwalo feela, mokgwenyana ha ya tlameha ho tanakella bohweng. Ha ya tlameha ho sheba


mohwehadi ka mahlong, a bile a sa tshwanela ho mo tshwara ka letsoho.

E bang ho dumellwanwe ka hore letjhato le be teng, e ba he ho tla etsuwa ditlhopiso malapeng


ka bobedi bakeng sa mokete wa lenyalo. Mohla letsatsi la lenyalo, eba ba ha bo mohlankana
ba leba ha bo morwetsana, e leng moo menyakwe e tla qala teng. Ba ha bo mohlankana ba tla
leba teng moo ka pina ya monyanyako, ka ha ke tsona dipina tsa lenyalo. Ho tla ba le
sehlopha sa dibini ho hlaba lehlaso. Ha ba fihla teng, ba tla ema ka ntle ho marako mme ba
tjhese pina ya bona. Ba habo morwetsana le bona ba tla arabela ka pina ya bona mme bobedi
ba hlodisane ka pina. Kgabareng ba habo morwetsana ba tla ananela pina ya bona mme bohle
bine mmoho, ebe ba dumellwa ho kena.

Letsheare lohle ho tla ketekwa ho binwa mme ho jewa ho nowa. Thapameng ya letsatsi
mokete o fetela habo mohlankana, moo teng ho tla fihlwa ho tswelwa pele ka monyanyako.

 Ho Hlabisa Mahadi
Ho hlabisa mahadi ke mokete o etswang ke lelapa la bo mosadi ho kopanya badimo ba
malapa a nyallaneng. Sena ke ho tiisa maqhama a sekgotsi.

Fezekile Futhwa 19
Nalane ya Mosotho

Lelapa la bo mosadi le tla rerisa la ha bo monna ka morero ona, mme e ba ditlhopiso di


tswella pele. Nakong ya mokete ho lebelletswe hore leloko le kopane mme malapa ka bobedi
a keteke ha monate.

Morero ona o phethwa ka kgomo mme mokgekgetho wa lehlakore le letona o wa phuthelwa


hantle ha ho qeta ho hlajuwa. Hoseng ka le hlahlamang, maloko a lelapa la bo mosadi a isa
mokgekgetho ha bo monna, moo teng ho tla fihla ho phehwa nama ena mme ho ketekwa.

Ho ba le nama e sehwang ha sesane e se nang masapo e tla jewa ke bonkgono feela, mme
nama ena e bitswa ka hore ke nama ya matlala. Ena ke nama e bonojana ho tswa dikarolong
tsohle tsa mokgekgetho.

Ka hoo, ho hlabisa mahadi ho tsejwa hape ka hore ke mokete wa matlala.

 Mokete wa Tjhai
Pusong ya marena, setjhaba se ne ke tshwara mokete wa ho leboha badimo ka tjhai e ntle
kamora lehwetla. Mokete ona o ne o hlophiswa ke morena wa sebaka mme bohle ba ne a
mengwa ho tla keteka.

Mofuta o mong wa mokete wa tjhai ke mokete wa diteboho ho badimo ka katleho eo motho a


bileng le yona bophelong. Sena se etsahala nako efe kapa efe ha motho a se a loketse ho etsa
jwalo. Mokete ona o wa rerwa pele o ka phethuwa.

 Lefu
Ha motho a hlokahetse, mofu o lokela ho bolokwa ka tlhompho. Lefu ke mosebetsi o
hlomphehang ka Sesotho, ka ha bafu e le bona badimo ba rona Ho feta mona, tlhompho e
lokela ho lebiswa ho beng ka mofu ka koduwa e ba hlahetseng.

Lefu ke nako ya dillo, ka hoo lefu ha se mokete. Ba llang, e leng beng ka mofu, ba lokela ho
nehwa tlhompho ya hore ba shebane le mosebetsi wa lepato ka tokelo.

Lefu le ya ilelwa ka Sesotho, e leng ho bolelang hore ho teng maitshwaro a lebelletsweng ho


batho ba hlahetsweng ke lefu, ha mmoho le ho setjhaba ka kakaretso.

Beng ka mofu ha ba ya lokela ho tsamaya bosiu, mafifing ntle le ka lebaka le ba tlamang. Ha


ba ya lokela ho kena diqwaketsano. Ha ba ya lokela ho nna ba hweletsa ba tlatlarietsa.
Maitshwaro a bona bohle a lokela ho tjhora nakong ena ya bofifi.

Ho tloha mohla pehi ya lefu e tsebahetseng ho fihlela mofu a patwa, ho lokela ho ba le kgotso
le tshebedisano mmoho pakeng tsa beng ka mofu. Ka Sesotho se tjhorileng, mofu ha a
dudiswe nako pele a patwa. Mofu o ne a nka letsatsi ho isa ho a mmalwa feela pele a behwa.
Ba sa finyellang phupung ya hae ba tla fihla ba beha mokolokotwana mohla ba fihlileng.

Ho feta mona, lefu ha se mokete wa dimetletsa moo teng ho phehuwang dihamang hamang.
Ho phehelwa feela bontate ba ilo tjhepa ntlo ya mofu, bao ha morao ba tlilo mo pata. Bomme
le bana ba ne ba sa ye mabitleng nakong ya lepato, e ne e le bontate feela ba ilo phetha
mosebetsi. Bohle ba ne ba tsohella ka le hlahlamang ho ya beha majwe.
Fezekile Futhwa 20
Nalane ya Mosotho

Ka lefu, ha ho ditshebeletso tse tshwaruwang malapeng, mofu o nkuwa a ilo behuwa nqalong
e kgutsitseng ka kgutso.

Mokgwa ona o mobe wa matsatsing a kajeno wa ho bontsha bana setopo ha o wa lokela ho


etsuwa ho hang. Hona ho ama bana maikutlo le kelello ha bohloko. Setopo ke ntho e bonwang
ke batho ba hodileng feela.

Basotho, tsela ena ya ho tsamaisa lefu ya Sesotho e bohlokwa hobane e qoba ditshenyehelo
tsena tse se nang kelello tse etsahalang mafung. Hoo batho ba yeng ba sale le melato ka
mabaka a siko.

Mofu o ntshuwa hoseng ka meso a ilo patwa.

 Bofifi
Bofifi ke boemo ba ho ba bohlokong ka lebaka la lefu. Ke hore, motho kapa batho ba
hlokahalletsweng ke mong ka bona ba ba bofifing.

 Ho Kgaola Moetlo
Ka Sesotho ho na le mabaka ao tlasa ona moetlo o ka kgaolwang lelapeng, e le hore ho se
hlole ho phethwa moetlo oo.

Mohlala: Ha lelapa kapa leloko le itseng le na le bothata ba ho hlahelwa ke lefu kgafetsa,


hona hoo nako tse ding lefu le beng le ba kgaoletse ba sa apaere bofifi ba le leng le fetileng, e
ba ho etswa qeto ya ho kgaola moetlo wa bofifi. Ka sena ho bolela hore lelapa leo le keke la
hlola le apara thapo ka mafu a lona. Sena se etsuwa ho leka ho tebela lefu lelapeng.

Ho kgaola moetlo o itseng, ho rerwa mosebetsi ona le bohle ba hlokehang mme ho hlabuwa
kgomo, eo ka yona e leng nyehelo ho ba fatshe. Moholo wa lelapa o tla etsa thapelo ho ba
fatshe moo teng a hlalosang mabaka a bona a ho kgaola moetlo. Nakong eo mosebetsi ona o
etsuwang ka yona, bohle ba amehang ba lokela ho ba teng.

 Ho Ila
Ho ila ke moetlo wa Basotho wa tlhompho. Ke moo motho ka mong, lelapa kapa leloko le ba
lokelang ho latela tse itseng ya boitshwaro ho fihlela ba etswa boemong ba ho ila.

Ntho tse ngatanyana di ya ilelwa Sesothong. Tsona di tshwana le lefu, lebollo, setswetse,
dinako tsa selemo le boemo ba lehodimo.

Ho ila ho tsamaisana le tumelo ya Mosotho ho Mmopi wa hae, ka ha tlhompho ena e


lekanngwa le Modimo kapa badimo. Tse ding tsa dintho tse ilelwang hantlentle ke thapelo ho
Modimo le badimo.

Bakeng sa tlhakisetso e batsi ka ho ila, bala tlasa dihlooho tse buwang ka lefu, bofifi, lebollo,
setswetse, dinako tsa selemo le tsa lehodimo.

Fezekile Futhwa 21
Nalane ya Mosotho

 Marena
Marena ka boona ha se moetlo, empa tsela ya puso ya marena ke motheo wa ho boloka le ho
ntshetsa pele meetlo ya Basotho. Marena a jara boikarabelo ba ho tiisa hore moetlo wa
setjhaba ka seng se tlasa puso ya ona o ya hlomphuwa, o wa bolokwa le hore o ntshetswa
pele.

Ntle le puso ya marena mehleng ena, ha ho mokgwa puso o bolokang meetlo ya setjhaba sa
Rantsho. Ke ka hona moetlo wa batho Batsho o yang o ntse o feela.

 Diboko
Na seboko ke moetlo jwang?

Seboko ke senotlolo se rutang ngwana ntho tse ngata ka yena le moloko wa habo. Ke tsela ya
ho badisa meloko hore ngwana a tsebe baholo ba hae le hore o tswalwa ke bo mang. Ka hoo,
seboko ke leloko.

E re ka ha seboko e le leloko, se boela se seha meedi ya hore na ho nyalwa kae mme ha ho


nyalwe kae. Ke seboko se kgonang ho hlalosa hore na motho ke wa heno kapa tjhe.

Seboko se o tsebisa badimo ba heno, hore o se qetelle o tlotla badimo ba baditjhaba. Sena se
bohlokwa hlokwa tabeng tsa moetlo ka ha ho hlokeha tsebo e batsi ya badimo ba lelapa.

Seboko se o qhaqhollela sebomodimo ba hao, hore o tsebe modimo wa hao. Ha re rapela re re


“welewelele…”, ke seboko se o teanyang le modimo wa hao.

Seboko se boela se fana ka tsebo le lesedi la nalane ya setjhaba sa heno. Ka hoo, ha o tseba
seboko sa hao, o tseba nalane ya setjhaba sa heno.

Ho feta mona, dithoko tsa diboko di ruta bana ba rona boiphihlelo nthong tse kang dithoko le
dithotokisong. Ke hore ke ka tsebo ya diboko moo ngwana a tjhorehang teng ho ba kgeleke le
seroki.

Seboko ke neletsano taba hobane bana ba rona le bona ba tla lokela ho fetisa tsebo ena ka
molomo baneng ba bona mohla ba hodileng. Ka hoo, papadi tse kang mantilatilane di ntshetsa
bokgoni ba neletsano taba pele.

Hlokomela kamano e teng pakeng tsa seboko, lebitso la motho, nalane ya motho, dithoko le
moetlo. Ha re reneketsa ngwana re mmitsa ka seboko sa hae, ka Sesotho re be re etsa thapelo.
Re bile re ba mahokela pakeng tsa ngwana eo le badimo ba hae. Hodima mona, re tsebisa
ngwana ho setjhaba le hore setjhaba se tsebe ngwana eo.

Seboko ke puo. Ngwana o tshwara puo ka tshebediso ya dipapadi tse kang mantilatilane ha
mmoho le mekgabo puo e meng jwalo ka maele, dikapolelo le maele. Ka hoo he, mekgahlelo
yohle ya Sesotho e ya neletsana ho holeng ha ngwana. Ngwana ya sa tsebeng puo ya hae a ke
ke a tseba seboko sa hae, hobane tsebo ya seboko ha se feela ho se rokela, empa ke ho fumana
moelelo o patilweng hara dithoko tsena. Ka hoo tsebo ya maele, dikapolelo le mekgabo puo e
meng e bohlokwa.
Fezekile Futhwa 22
Nalane ya Mosotho

Ntho e ka hodimo ka ho fetisisa tsohle, ke hore seboko ke tshiya le motheo wa lelapa! Ha ho


lelapa le ka thehwang ntle le tsebo ya diboko hobane bophelo bohle bo itshetlehile hodima
dikamano ka diboko.

Ka ho rialo he Basotho, tsebo ya diboko tsa habo rona e hlokolotshi. Bana ba lokela ho itseba
hore na bona ke bomang. Ha re ruteng bana ba rona ka diboko tsa habo bona.

Ka hoo he, seboko ke moetlo hobane ke seo motho a leng sona.

 Sethepu
Sethepu ke mokgwa wa setho moo monna a ka nyalang mosadi ya fetang bonngwe.

Pele monna a ka nyala sethupu, mosadi wa hae o lokela ho reriswa ka taba ena mme a
dumellane le monna wa hae. Ho feta mona, ke mosadi e moholo; ntlo-kgolo, ya nkang qeto ya
hore na ke mosadi ofe eo monna wa hae a tlang ho mo nyala. Lebaka ka sena ke hore ho nyala
sethepu ha se qeto ya monna, empa ke ntlo-kgolo ya bapalang karolo e kgolo qetong ena.

Ho feta mona, ha monna a nyala sethepu, o etsa seo ka sepheo sa ho tsosa motse. Ka hoo
mosadi e moholo o lokela ho tiisa hore mosadi ya nyalwang o tla fihla ho ntshetsa motse pele;
e seng ho o qhala.

Mabaka ao monna a ka nyalang sethepu ka ona ke ana:


o Bonyopa
Ha monna a nyetse mosadi empa mosadi a hloleha ho ba le bana, eba o mosadi o mo
dumella hore a nyale sethepu hore mosadi e motjha a tle a mo tswalle bana.

o Mojalefa
Ha monna a hloka ngwana moshemane lenyalong, e ba o dumellana le mosadi hore a
nyale mosadi ya tla mo tswalla ngwana moshemane.

o Ho Kenela/Seantlo
Ha monna a hlokahallwa ke mosadi, e ba nakong tse ding babohadi ba re a nke
ngwanabo mosadi ho ntshetsa pele motse. Mosadi ya jwalo o bitswa seantlo.

Malapeng a mang ha monna a hlokahala, eba ho kopuwa ngwabo monna e motona


hore a nyale mosadi wa ngwanabo ho ntshetsa motse pele. Sena se tsejwa ka hore ke
ho kenela.

o Palo ya Bana
Ha monna a lakatsa ho ba le bana ba itseng empa mosadi wa hae a sa ikutlwe ho etsa
palo eo ya bana, eba mosadi o re monna a nyale mosadi ya tla mo etsetsa bana ba ka
hodimo ho bao yena a ikemiseditseng ho ba le bona.

o Ho Wa Letswele
Ha monna ya nyetseng a wesa ngwanana letswele, e ba o lokela ho mo nyala a mo etse
mosadi wa hae.
Fezekile Futhwa 23
Nalane ya Mosotho

o Ho aha Motse
Ha monna le mosadi ba qhalana lenyalong, ka Sesotho monna ha a hlale mosadi, empa
o nka mosadi e mong ho ikahela motse. Mosadi wa hae e moholo o sala lapeng a mo
hlokometse le ha yena a ka ilo itulela le mosadi wa hae e motjha. Ka tsela ena mosadi
le bana ba tla dula ba hlokometswe.

 Ngwana wa Dihlahla
Ha mosadi a nyetswe empa a qetella a beleha ngwana eo e seng wa monna wa hae, ngwana eo
o ya amohelwa ka lapeng mme a hodiswe e le karolo ya lelapa. Ngwana ya jwalo o tsebahala
ka mabitso a kang Tswakae le Molahlehi. O tla hodiswa ke ntate wa lelapa mme o tla hola a
tseba ntate eo e le yena ntatae.

Fezekile Futhwa 24
Nalane ya Mosotho

5. Tlotlontswe
Ena ke tlotlontswe ya mantswe le tsebo ya Sesotho e hlokolotsi haholo bophelong ba ngwana
Mosotho. Dikahare tsa kgaolo ena ke motheo wa ntho tse ngata Sesothong. Tsebo e
fuperweng mona ke neletsano taba ya mengwaha-kgolo, eo ho leng thata ho e fumana
matsatsing a kajeno.

Thuto ya Sesotho dikolong ha e sa ruta bana dintho tsa mofuta ona, mme ho thata ho fumana
dingolwa tseo ho tsona taba tsena di ngodilweng. Boiphihlelo bona bo fumaneha feela ka
neletsano taba, eo le yona e seng e qephile ka ha baholo ba rona ba se ba ile ba ikela
masihlwane.

5.1 Dikamano
Mona re lekola dikamano pakeng tsa leloko, hore na leloko le thehilwe jwang.

 Fobe
Monna ya nyetseng lapeng le le leng le wena. Banna ba nyetseng lapeng le le leng ba bitsana
bofobe.

 Kgaitsedi
Ngwaneno e motshehadi ha wena o le motona.

 Malome
Moholwane kapa moena wa mme.

 Mangwane
Moena wa mme e motshehadi kapa hohatsa ntate eo e seng mme ya o tswalang kapa mohatsa
rangwane.

 Mmangwane
Moena wa mme e motshehadi kapa hohatsa ntate eo e seng mme ya o tswalang kapa mohatsa
rangwane.

 Matsale
Mme wa monna wa ka.

 Mmatsale
Mme wa monna wa ka.

 Mme
Mme motswadi.

 Moena
Ngwaneno e monyenyane ho wena.

 Mohaditsong

Fezekile Futhwa 25
Nalane ya Mosotho

Mosadi wa monna wa ka ha monna a nyetse sethepu.

 Mohatsa
Molekane. E sebediswa ka hore mohatsa nnyeo kapa mohatsa ka.

 Moholo
Motho e moholo ho wena.

 Moholwane
Ngwaneno e moholo ho wena e motona.

 Mohwehadi
Mme wa mosadi wa monna.

 Mokgwenyana
Monna wa moradi wa rona.

 Molamo
Ngwana bo monna ka e motshehadi.

 Molekane
Monna kapa mosadi wa.

 Monna
Motho e motona ya hodileng kapa molekane wa mosadi.

 Moqekwa
Moqekwa ke mosadi wa bobedi kapa ho feta lenyalong la sethepu.

 Mora
Mora ke ngwana wa ka e motona.

 Moradi
Moradi ke ngwana wa ka e motshehadi.

 Mosadi
Mosadi ke motho e metshehadi ya hodileng kapa molekane wa monna.

 Motjhana
Motjhana ke ngwana wa kgaitsedi ya ka.

 Motswala
Motswala ke ngwana wa malome.

 Ngwetsi

Fezekile Futhwa 26
Nalane ya Mosotho

Ngwetsi ke mosadi ya nyetsweng, o bitswa ngwetsi lelapeng la bo monna nakong eo a sa leng


motjha ho fihlela a e ba le ngwana.

 Nkgono
Nkgono ke mme wa ntate kapa wa mme kapa ausi e moholo ho mme.

 Ntate
Ntate ke motswadi wa ka kapa molekane wa mme.

 Ntate Moholo
Ntate moholo ke ntate wa ntate kapa wa mme kapa moholwane wa ntate.

 Rakgadi
Rakgadi ke kgaitsedi ya ntate.

 Rangwane
Rangwane ke moena wa ntate.

 Ratsale
Ratsale ke ntate wa monna wa ka.

 Setloholo
Setloholo ke ngwana wa ngwana wa ka.

 Setloholwana
Setloholwana ke ngwana wa setloholo sa ka.

 Sware
Sware ke ngwana bo mosadi wa ka.

5.2 Dinako tsa Selemo


 Selemo
Selemo ke nako eo selemo se setjha se thwasang ka yona mme e tloha ka kgwedi ya Phato ho
ya ho ya Mphalane.

 Lehlabula
Lehlabula ke nako eo ho tjhesang ka yona mme e tloha ka kgwedi ya Pudungwane ho ya ho
ya Pherekgong.

 Lehwetla
Lehwetla ke nako ya kotulo masimong mme e tloha ka kgwedi ya Hlakola ho ya ho ya
Mmesa.

 Mariha
Mariha ke nako ya serame mme e tloha ka kgwedi ya Motsheanong ho ya ho ya Phupu.

Fezekile Futhwa 27
Nalane ya Mosotho

5.3 Maele

 Senkganang se nthola morwalo


Motho ha a o hana o ya o thusa, mo lese.

 Moketa ho tsoswa o itekang


Katleho e tholwa ke motho ya ikitlaetsang.

 Monna ke nku ha a lle


Motho wa monna o mamella mathata ntle le tletlebo.

 Bana ba kgwale ba bitsana ka melodi


Bana ba motho ba ya tsebana.

 Bana ba lekgala ba tsamaya ka lekeke


Bana ba futsa batswadi ka mekgwa le diketso.

 Leshala le tswala molora


Bana ha ba ke ba futsa batswadi

 Bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona


Boima ba tsietsi bo tsejwa ke monga yona

 Tsie e fofa ka mokota


Ho hlokahala hore motho a je hore a tle a be le matla a ho sebetsa.

 Tsebe ke seotswa
Tsebe e utlwa tsohle, le tse sa rerelwang monga tsona

 Bana ba motho ba arolelana hlooho ya tsie


Bana ba motho ba arolelana sengwathwana

 Lefu le qoleng ya kobo


Lefu le ka fihlela motho neng kapa neng

 Kgakgi o kgakga se sa mokgakgeng borokong


Motho ya itshwenyang ka ya se nang taba le yena.

 Sejana se setle ha se jele


Motho ya molemo o shwa ka pele

 Mma ngwana o tshwara thipa ka bohaleng


Mme wa ngwana o etsa sohle se matleng a hae ho thusa ngwana wa hae, tlasa maemo afe
kapa afe.

 Leboella le ya ja

Fezekile Futhwa 28
Nalane ya Mosotho

Motho o kgutlela moo a tholang thuso teng.

 Kgomo modimo o nko e metsi


Mona Mosotho a badisa makgabane a kgomo bophelong ba Mosotho. Kgomo e fepa batho
nama le lebese mme letlalo la yona le sebediswa dinthong tse ngata tse tshwanang le kobo ya
mofu, kobo ya ba phelang, phathe le tse ding.

 Le fahlwa le shebile
Motho mang le mang a ka etsa phoso le ha a sa ikemisetsa.

 E kgoptjwa e le maoto mane


Motho mang le mang a ka etsa phoso le ha a sa ikemisetsa.

 Phoso e tsamaya le motsamaisi


Motho mang le mang a ka etsa phoso le ha a sa ikemisetsa.

 Lebitla la kgomo ke molomo


Kgomo ha e shwele ha e lahluwe, e ya jewa.

 Tsie di jana seropong


Ntwa ya seng.

 Kwekwe ya morao e tloha le sepolo


Motho ya sa itlhahaneleng o a phirimellwa.

 Lepotlapotla le ja podi
Motho ya potlakelang ditaba o qetela a fantse.

 Tiiheho e tswala tahleho


Motho ya lenama o dula a fetwa ke ntho tse ntle

 Mamello e tswala katleho


Ho ba le mamello ho tlisa ditholwana tse molemo

 Tlala ya bosiu e patiswa le lebota


Batho ha ba lapile bosiu ba ka nna ba robala ka tlala

 Ho hloka ya ho phoka boduma


Motho ya itlhopereng ke ho hloka.

 Ntja pedi ha e hlolwe ke sebata


Batho ha ba kopanela taba kappa mosebetsi o ba bobebe.

 Mphemphe e ya lapisa
Motho o kgonwa ke sa hae.

Fezekile Futhwa 29
Nalane ya Mosotho

 Marema tlou a ntswe leng


Batho ba kgemang mmoho ba bua ka lentswe leng

 Mofuta ha o nkgwe ka nko e se leqoba la kwae


Ha ho bonolo ho tseba motho le mekgwa ya hae

 Tlalo la motho ha le thakgiswe fatshe


Motho ha a ke be a shwe feela ntle le mabaka

 Ngwana mahana jwetswa o bonwa ka dikgapha


Motho ya hanang ho mamela o tla ikwahlaya

 Moiketsi ha a llelwe
Motho ya sa mameleng ha a jwetswa

 Mehlolo ke dinoha mesenene ke batho


Ho kgotsa ketsahalo e makatsang e le ruri.

 Di a bela di a hlweba, madiba ho psha a matala


Dinako di ya fetoha.

 Sa bohweng se ratha se iname


Mokgwenyana o thusa ba bohweng ka moo a ka kgonang ka teng

 Pela e ne e hloke mohatla ka ho romeletsa


Motho o lokela ho beha tshepo ya hae ho yena, e seng bathong ba bang.

 Phokojwe ho phela e diretsana


Motho ho phela ya masene.

 Ntja ya selomela kobong


Lehlabaphio/moqabanyi

 Ha e antshe ka mokukutwane mma yona a le teng


Taba ha di ke di badiswa ke ba bang empa monga tsona a le teng

 Dia bela di a hlweba, madiba ho psha a matala


Nako di a fetoha

 Mpa tshehla ha e bolaye


Motho ha a jele a kgotshe, eba tsohle di lokile

 Moloi ha a mele ditshiba


Moloi kapa motho ya bolotsana ha a bonwe ka ho mo sheba mahlong.

 Kgalapa di a buseletsana

Fezekile Futhwa 30
Nalane ya Mosotho

Batho ke ho thusana

 Mahlo ke diala, a tshela noka e tletse


Mahlo a bona tsohle, le tseo a sa rerang ho di bona

 Pitsa ho fahwa e belang


Motho ho thuswa ya itekang

 Mohlohlwa o rapame mokotla o mahlo


Motho ya botswa, ya tswafang ho iketsetsa dijo

 Le fahlwa le shebile
Batho bohle ba etsa diphoso

 Se sa feleng se a hlola
Ntho e nngwe le e nngwe e na le pheletso

 Tlhapi folofela leraha hobane metsi a pshele o a bona


Motho itlhahanele letsatsi le sa tjhabile

 Mosha ha o fula o a qamaka


Motho e ka kgona a dule a le sedi ka mehla nthong tsohle tseo a di etsang

 Leraka le shwetswe ke molebo


Ba neng ba mo thusa ba ile

 Monyala ka pedi o nyala wa hae


Motho o nyala ka bonyane boo a nang le bona

 Meno masweu maloma fodisa


Motho ya o kotletseng lerumo ka kobong

 Mathata a hlwele manolo hodimo


Motho ya aparetsweng ke maima

 Tshwene ha e ipone makopo


Motho ha a ke a ipona molato kapa diphoso

 Letswalo le molato le ya ikahlola


Motho ya molato o ya bonahala

 Moja pele o tshwana le moja morao


Ya fihletsheng katleho pele o ntse a itshwanela le ya e fihlela ha morao hobane katleho ke
katleho

 Marabe o jewa ke bana

Fezekile Futhwa 31
Nalane ya Mosotho

Dijo di tellwa bana

 Ha le fete kgomo le je motho


Tumelo ya hore motho a ke ke a eshwa empa kgomo e le teng e ka mo shwelang

 Letlalo la motho ha le thakgiswe fatshe


Motho ha ke a eshwa feela ntle le lebaka

 Morena ke kgetsi ya masepa


Morena ke mojari wa maima ohle

 Moro kgotla ha o okolwe mafura


Taba kgotla ha e ke e kwekwetluwa

 Mowa kgotla ha a tsekiswe


Kgotla motho o dumelletswe ho bua puo phara ntle le qeaqeo

 Le sele le bohweng ba ntja


Lehodimo le hlakile mme ha ho le leru feela

 Bomadimabe ha bo tlollwe mafura


Tsietsi e hlahela motho mang kapa mang.

 Kgomo e tshwarwa ka dinaka, motho ka puo


Motho ya bohata o utlwahala ka dipolelo.

 Nonyana tsa siba le leng


Metswalle e kgemang mmoho

 Metsotso e ja babedi
Nako e ya tsamaya.

5.4 Dikapolelo
Dikapolelo ke mokgabisopuo, moo teng puo e sebediswang ka boqhetseke mme polelo e fana
ka moelelo o sele le seo ho buuwang ka sona.

 Ho tsamaya ke ho bona
Motho o buleha mahlo ke ho hahlaula

 Ho tshola tlhako morong


Ho baleha

 Ho seha lefureng
Ho ikgethela ka botleng

 Ho bua puo phara

Fezekile Futhwa 32
Nalane ya Mosotho

Ho se kwekwetle ditaba

 Ho jwetsa motho sefahla mahlo


Ho toba motho ka taba

 Ho ikenya tshotso dinaleng


Ho ikgoka

 Ha le sunya nko mobung


Ha letsatsi le dikela

 Ho isa masapo ho beng


Ho robala nakong ya bosiu

 Ho ingwaya e lekgwekgwe
Motho ya molato o bonahala ka diketso

 Ho ja kgomo ya molatelle
Ho dula o setswe morao ke motho e mong

 Ho tshepa ntshepedi a ntshepe


Ho tshepa se itseng hoo ba sa tsebeng ba ka welang kotsing

 Ho aha serobe phiri e se e jele


Ho lemoha nako e se e ile

 Ha se mara ha se ho feela
Ha ho na taba, ha se pheletso ya lefatshe

 Ho tjhaella taba monwana


Ho dumellana le se buuwang

 Ho ya le kgongwana hodimo
Ho thetseha

 Ho hafa ka nkatana
Ho kgora, ho rua

 Ho ja monakaladi wa kebolelwa
Ho phela ka boiketlo

 Ho ingola meno
Ho ipolella lefeela

 Ho dula hara mashala


Ho ba hara maqakabetsi

Fezekile Futhwa 33
Nalane ya Mosotho

 Ho dula ka sebono se le seng


Ho dula o sa tsitsa/phutholoha

 Ho ikenya lerapo molaleng


Ho ikenya tsietsing

 Ho fahla mokgodutswane
Ho ntsha metsi. Ho rota.

 Ho ntsha metsi
Ho rota.

 Ho ntsha letshweya
Ho phomola

 Ho fahla mmuso ka lehlabathe


Ho fosetsa motho e mong

 Ho hloka ya ho phoka boduma


Ho itlhopara

 Ho ba kojwana di mahetleng
Ho futsaneha

 Ho robatsa mmutla
Ho qhekanyetsa

 Ho ngotla mohwasa
Ho ipotla

 Ho ngwese
Ho thotse, ha ho phethesele

 Ho se tsebe ke lebote
Motho ya sa tsebeng a ka tswa kotsi ha bobebe

 Ho ikwahlaya
Ho itshola

 Ho ba tsebe tutu
Ho hloka tsebe. Ho se mamele

 Ho hlwaya tsebe
Ha mamela ka hloko

Fezekile Futhwa 34
Nalane ya Mosotho

 Ho ba sedi
Ho shadimeha

 Ho kgema mmoho
Ho nkana. Ho ba metswalle

 Ho ba mathe le leleme
Metswalle ya hlooho ya kgomo

 Ho ntshana se inong
Ho ba metswalle ya popota

 Ho bonela motho dikobong


Ho eisa kapa ho tella motho. Ho kgesa motho. Ho mo kgella fatshe.

 Ho ba leoto lebe
Ho fihla ho se ho jelwe

 Ha ho kwae komeng ya tosi


Ha a na matla, le ha a shebahala a na le matla

 Ha ho nko ho tswa lamina


Ha ho phethoho ya letho

 Ho ipha naha
Ho tsamaya ho se ya tsebang moo o leng teng/ho lelera

 Ho kolla ntsi hanong


Ho fumaneha haholo.

 Ho seha mpa ka lehare


Ho ba leeme

 Ho tswa ka makgalo ha se ho lahlana


Ho arohana ha se ho lahlana.

5.5 Dilotho
Dilotho ke bongata ba lentswe selotho, leo lona le tswang ho lentswe lotha, e leng ho bolelang
ho bua puo e tswapetseng; e hlokang tharollo.

Ka hoo, dilotho ke tshebediso ya puo ka tsela e potetseng, e hlokang ho rarollwa ho utlwisisa


moelelo wa se bolelwang. Re ka re dilotho ke patuwe, ka ha ho sa sebediswe puo e
tlwaelehileng, empa puo e sebediswang e hloka kutlwisiso e batsi ya Sesotho.

Dilotho di etswa ka tsela ya papadi pakeng tsa batho ba babedi, e leng molothi le morarolli wa
selotho. Papadi ena e bapalwa ka tsela ena:

Fezekile Futhwa 35
Nalane ya Mosotho

Molothi: Ka o lotha
Morarolli: Ka eng?
Molothi: Qi qi pote!
Morarolli: Ke tweba
Molothi: Ka o lotha
Morarolli: Ka eng?
Molothi: Ka sejala mona sa mela thabeng
Morarolli: Ka sereka (if morarolli cannot solve selotho)
Molothi: Ka eng?
Molothi: Ka majwana mabedi mabetsa hole (now morarolli becomes molothi and molothi
morarolli)
Morarolli: Ke mahlo

Ha selotho se rekuwe mme morarolli a hloleha ho rarolla, bobedi ba lokela ho rarollelana


dilotho tsa bona.

Tse ding tsa dilotho tse tlwaelehileng ke tsena:

Selotho Tharollo
Masimo a mothating Dintshi
Tsa ya tsa ba tsa kgutla Dintshi
Letsha le teetsweng hare ke methoto Leihlo
Mafiswana a matle a ngwana morena Mahlo
Majwana mabedi mabetsa hole Mahlo
Mme ntshware ke a nya Nko, ha motho a mina
Mohlankana ya dulang lehaheng Leleme
Mahahana a diretsana Dinala tse ditshila
Lehahana la Raletswai Lenala
Phutse le hara thota Mokgubu
Tshwene tse pedi tse hlwang thaba empa di sitwa ho fihlella Ditsebe
ka hodimo
Se re se ya kwana se be se tla kwano Koloi
Kgomo ya bohadi ba mme e selota mpeng Tshilo hodima lelwala
Kgele, ka batla ke wela Tshilo
Mme ntshware ke ya wa Tshilo ha ho silwa
Kgarebe tsa lapa leno Ditshehetso tsa lelwala
Motjodi wa tswa tjo, wa ba wa tswa tjo! Naledi ha ho rokwa
Monna eo e reng ha a bua bana ba balehe Sethunya
Lehlanya le bina meutlweng Selepe ha se ratha patsi
Monna eo e reng ha qeta ho ja a re nxa! Thipa
Se ya nokeng se omana, se be se kgutle se omana Sekgelello ha se dutla metsi
Dipodi tsa Makeleketla di ja jwang di iname Sekele ha e seha jwang
Thari e masoto a mararo Tsheya
Mosadi ya dinyao mpeng Sesiu
Senya ka mmele Motlhotlho

Fezekile Futhwa 36
Nalane ya Mosotho

La tsheha la kakalla leqhekwana Sefi


Tsheke dioding Mohoma
Fiela fiela nkoko a tswale Ditaola
Ya re dikgomo di oloha, mokoto wa sala Kotelo
Ha o le morwa tjee, metsi o a nka kae? Lehapu
Baloi ba bina ka lehaheng Dikgobe ha di bela
Maqheku a qabana ka lehaheng Poone e hadikilweng ha e qhoma
Thankgathankga ke a tswalla kae? Mokopu ha o nama
Ka ja mokotla, ka tsholla phofo Mohodu
Barwa ba qabane ka lehaheng Jwala, ha bo bela
Kgomo ya bohadi ba mmao Nta
Ke re ke le mona ke be ke le kwana Letsetse
Mmamonyamane motswa lehlakeng Katse
Mmamosana poeyana o tla feta jwang banneng Podi
Banna ba sa beheng melamu fatshe Dintja
Ka phetla ausi wa hao ka ja monate Poone
Mosadimoholo a tonama, ntate moholo a e kenya Senotlo
Sefate sa motopi ha se jewe Ntja
Lehadima leredi le pota motse Namane ha e thala
Shweshwe tsa mohlaka o moholo Dinaledi
Di a anehwa, di tsohe di ile Dinaledi
Baloi ba kakatana mohlakeng Sefako
Pula tsa na matlopotlopo molepe wa tswa wa aloha Mohodi
Phutsi le hara thota Ngwedi
Nthethe a bina moholo a dutse Sefate le makala a sona ha a
tsokotseha
Mala a nku marangrang Mohlwa
Monna eo e reng ha a kgotshe a rwalle Noka ha e tletse
Monna molelle kanapesi Noka
Monna e molelele e mosweu Tsela
Ngwetsi ya malapa ohle Tsela
Key a bophirimela ke teta tshwana, key a botjhabela ke teta Seriti
tshwana
Phate di a lekana Lehodimo le lefatshe
Sehlaha sa nonyana se okamela bodiba Letswele la kgomo le okamela
kgamelo
Nonyana e siyang mahe e balehe Mosi
Qhekwana le edile Lebese
Tshimo ya ka eo ke e lemang ka matsoho, ha dijo tsa yona di Lengolo. Ke le ngotse ka matsoho, ha
butswitse, ke di kotula ka mahlo ke qetile ke le bala ka mahlo.

5.6 Dithoko le Dithotokiso

Kebisi
Helehelele banna, thusang,

Fezekile Futhwa 37
Nalane ya Mosotho

Ke fumane mme, ka Modimo, a lema,


A lahla mohoma a opa diatla.
A re Tshwenyane ngwanake o hlaha kae?
O hlaha ka mmotoro Sefikeng,
Ke hopotse mmotoro Sefikeng.
Sekgutlong mola ho hotsho keng?
Ho hotsho ke madi a Bathepu,
Moo ho neng ho kalla Kebisi teng.
Kebisi a kalla a bile a ntse a tsheha,
A bile a ntse a tea ka lepheo lephakong.
Kebisi, Rasenyepa, Rakgwadipana,
Kebisi Rasenyepa se dutseng mahetleng,
Katiba ya nthwena e ya kebikebisa,
E keba e sekola tshwene lekopo.
Ya kgaola ya ya!

Lerotha
Ho itswe re ithehe mabitso,
Nna la ka ke se ke ithehile,
Ke nna Lerotha.
Lerotha ke motjha wa mohlankana,
Wa bo Ntebaleng le Pulane.
Ha di etela monyako,
Ra leba tlase ra baka mehlolo,
Bana ba bafutsana ha se ho shwelwa,
Bana ba tadi ba bitsana ka molodi,
Ke Motlokwa wa ha Mmanthatisi,
Motho wa Seala se kgaohile, Motonosi,
Ha se a kgaoha se ile le lehohoba.
Mohla ho hlajuweng kgomo ka la maobane,
Ba re tonosa, re tla tonosa jwang,
Rona re le ba ha mang, banna?
Motseng ha morena Sephula,
Ho kile ha na e mpe pula,
Tsolo la nna la thwathwaretsa,
Mmane la o hlatsa kgafetsa.
Ha phutheha boreatseba,
Morena a tloha a seba,
Ha ke na tsa nnete dingaka.
Ke ahile Moreneng ha Kakudi.
Ha ke tswa ka Tshwane la Kgwane Moreneng.
Kgelekgelele lona banna ting!
Lona ba ha Tlhankana hlwang letsatsa,
Ha le fihla ka dikoting le tle le buwe,
Le buwe le marena a maholo boPhoofolo.
Tlamatlama Ramalalla,
Qhowaneng bana ba metsaneng,

Fezekile Futhwa 38
Nalane ya Mosotho

Bana ba metsaneng ba ne ba fihlile ka la maobane,


Ha ke fihla ha jewa ke ba ha tadi,
Bana ba bakgutshwanyane ba bolawa,
Ha sala bana ba balelele feela.
Kgelekgelele, banna ba moreneng,
Ntshutheleng ke fete ke a tsamaya,
Ha ke tloha mona, ke ya le mona,
Ke lata kgama sa ka ha Makgaola.
Ha ke late sekgama ke lata motho,
Ke ratile ngwane motle ditjhabeng.
Phatsima, hlooho e ka ke dinaledi,
Nko e ka nalete ya motjhini,
Meno e ka pane sa dikomiki.
Ke timeletswe ke lebitso le fane,
Ke tla kgutla hape ke di hopole.
Ha o le mafube, nna ke selemela,
Ha o le tjhakatsa, ke a kgephotsa,
Bolebadi bo tshwana le ke hakuwe,
Mokgathala o tshwana le ho tsofala.
Kgelekgelele, kgele banna!
Tsirrr tsepa!
Ya kgaola ya ya!

Griffith Lerotholi
Fako sa ngwananyana wa Nkoebe,
Haholo sa ngwananyana lengau,
Se tlohileng hae pula ena,
Lefafatsane le entse mohodi,
Bahlankana ba tshaba ho palama,
A bua le Matlama ka la maobane,
Le lale le itekanya mesikaro,
Re tla palama ho sa le madungwadungwana,
Ha kgoho di theoha dikalaneng.
Sa palama fako sa Mokhachane,
Sa tshela Maphutseng le Makhaleng,
Tsela sa nka ya Thabanamorena,
Mmane wa sona ha se ho tshabeha.
Ngwana morena o tswile makgalo,
Pakeng tsa Mafa le Ramabidikwe,
Kwena tsosa maqhubu o yo hlwa kgorong ha Senei,
O teane teng le selahla marungwana,
A fapohela ho sona, a se botsa,
Sa mo phetela, sa se ke sa mo swetsa,
Sa re ngwana morena Letsie o dihetse,
Ho setse Toi, mora wa Tele,
A tlalwa ke pelo, thaka Matlama,
A re, ntekatekane wa maaka wa mashano,

Fezekile Futhwa 39
Nalane ya Mosotho

Phakisa ka pele o yo bolela,


O mpotsetse ho morane Bohale,
O mpotsetse ho ntata Mmaneo,
O hle o mpotsetse ho Lerotholi hantle.
Ba re Letlama, qhanolla pere di fule,
Ntwa boholo ke ya hosasa,
Letlama, leru la hlaha botjhabela,
La lopoalla ya ka hoja pula e ya na,
Ya ka kgwedi ha e hlaha thabadimahlwa,
Ya ka dinaledi tsa meso ha di hlaha,
Mafube a rakana le selemela,
Ke mohla ngwana a tla le tsheha,
A re ha haa!
Mmae a le tsheha a re ha haa!
Ntatae a le tsheha a re ha haa!
Ba re eo Mmaqhebu o kile a re kgola,
O tswa re latela ngaka esele masimong,
A re noha ya metsi e tlo re ja.
Letlama ba mmetsa ba le qhoweng,
Ba bile ba le leshome,
A tjhaya fatshe morena wa Matlama,
A tjhaya fatshe, hwa phatloha mangope,
Tjhabana sa bajwa hara lehlabula,
Otlwanyana sa tsoha mabeleng,
Difate tsa foforeha makgapetla,
Dirobele tsa phurusetsa matlung,
Nonyana tse hahelang difateng tsa baleha,
Ba patlapatla kaofela Bakwena,
Ba bang ba re ba theoha mokwallong,
Ba bang ba theoha sefikeng,
Ya re ha maqheku a qala ho dula fatshe,
Ha a qala ho qetha mofufutso,
Moo a qalang ho ntsha letshwea,
A utlwa mokgathala o lwanne,
Ba ntsha dikooma tsa makgokgoma,
Ba tsuba dikwae,
Ba ne ba ntse ba tsuba maqheku,
Ba qala ho botsana,
Kerefise o mokae seemong?
Kerefise ha ho le motho ha a teng,
Le ka mahlo o ka mo tlola hodimo,
O mpa a kgantsha ho kgarametsa,
O kgantsha ho ema remeng,
E bile o kgantsha le ho tswele pele,
Senaranarane, Kwena ya Mabewana,
Kwena ya habo Api le Makhaola.
Motho a ka tswalwa a hlahlama Letsie?

Fezekile Futhwa 40
Nalane ya Mosotho

A mpa a mo lwanetse molamu wa hlooho?


Kajeno lena molamu o boetse sefateng.
Qowane molakametsi wa Matlama a Mokhachane,
Ntinti le molomotshwanahadi,
Ledimo la Raseokamela batho,
Le jele bana ba Masopha,
La eja ba rangwane, metswalle,
La ba ja, la ba abela dinonyana.
Mohale wa Lekena,
Mabuelathoko, mabuela ho Matlama,
Hoja ho phehelanwe dikgang,
Langwane o hlile a rula wa hae,
Tapole le yena a tla ka wa hae,
Kgutshwane le yena a tla ka wa hae,
Ba nna ba bolawa bana ba Masopha,
Sedi la Thwathwa.
Le ne le fose ka ho betsa morena,
Kerefise mohale wa Lerotholi,
Ke letolo, Mokwena, tolo la lapeng ha Mmabatho,
Letlama, tolo duma ditjhabeng,
Tladi e hahile tlasa mafika.
Kwena!
Thoko ka Shekai Ratsatsi(Matsieng) ho William Moruti Tsiu (2008:440)

5.7 Mangae
Mangae ke dipina tsa dithoko tse binwang ke mokolwane mohla mokete wa makolwane.
Mangae a binwa dipakeng tsa dithoko ha makolwane a ntse a ithoka ka bongwe kapa ka
kopanelo.

Mehlala ya mangae ke ena:

O A LLA MOHOLODI
Sephokodi: O a lla o a lla moholodi (x2)
Lehlaso: O a lla moholodi o a lla (ba phetha ka mora mola ka mong o binwang
ke sephokodi)
Sephokodi: Ntate wee!
Mme wee!
Malome wee!
Kgomo tseso di kalo ka dinaledi
Tsa malome di kalo ka jwang bola
O a lla o a lla moholodi (x2)
Lehlaso: O a lla moholodi o a lla
Sephokodi: Ntate wee!
Mme wee!
Malome wee!
Ke ratile ngwane motle ditjhabeng

Fezekile Futhwa 41
Nalane ya Mosotho

Seponono se dikoti marameng


Ngwana theka le lesesanyane
O a lla o a lla moholodi (x2)
Lehlaso: O a lla moholodi o a lla
Sephokodi: Ntate wee!
Mme wee!
Malome wee!
Nna le rangwane re a etsisana
O hapa e tshweu ke hape tshwinyana
O a lla o a lla moholodi (x2)
Lehlaso: O a lla moholodi o a lla

DILALLANE
Sephokodi: He dilallane, he dilallane, he dilallane le ka mehla le tlwaetse (x2)
Lehlaso: Ha o tjho dilallane, hei hei, he dilallane le ka mehla le tlwaetse lla
(ba phetha ka mora mola ka mong o binwang ke sephokodi)
Sephokodi: Hela basadi ha ba loya ba a penama, le ka mehla le tlwaetse (x2)
Lehlaso: Ha o tjho dilallane, hei hei, he dilallane le ka mehla le tlwaetse lla
Sephokodi: Hela ba tsoha ka meso ba boele mabaleng, le ka mehla le tlwaetse(x2)
Lehlaso: Ha o tjho dilallane, hei hei, he dilallane le ka mehla le tlwaetse lla
Sephokodi: Ba tsoha ka meso ba tlole naheng, le ka mehla le tlwaetse (x2)
Lehlaso: Ha o tjho dilallane, hei hei, he dilallane le ka mehla le tlwaetse lla
Sephokodi: Ke bana ba heso ba tlohang mona, le ka mehla le tlwaetse (x2)
Lehlaso: Ha o tjho dilallane, hei hei, he dilallane le ka mehla le tlwaetse lla
Sephokodi: Ba jele dieta tseleng ba lapa, le ka mehla le tlwaetse (x2)
Lehlaso: Ha o tjho dilallane, hei hei, he dilallane le ka mehla le tlwaetse lla
Sephokodi: Ke sa tla be ke kgutle ke yo botsa, le ka mehla le tlwaetse (x2)
Lehlaso: Ha o tjho dilallane, hei hei, he dilallane le ka mehla le tlwaetse lla

SE TLA SE NYONYOBA
Sephokodi: Se tla se nyonyoba
Lehlaso: Se tla se nyonyoba, se tla se nyonyoba se apere jase,
se tla se nyonyoba
(ba phetha ka mora mola ka mong o binwang ke sephokodi)
Sephokodi: Hana sena se Lerotha
Lehlaso: Se tla se nyonyoba, se tla se nyonyoba se apere jase,
se tla se nyonyoba
Sephokodi: Hana sena se Hlwaisi
Lehlaso: Se tla se nyonyoba, se tla se nyonyoba se apere jase,
se tla se nyonyoba
Sephokodi: Hona mophatong mona
Lehlaso: Se tla se nyonyoba, se tla se nyonyoba se apere jase,
se tla se nyonyoba
Sephokodi: Hana sena se Lenepa
Lehlaso: Se tla se nyonyoba, se tla se nyonyoba se apere jase,
se tla se nyonyoba
Sephokodi: Hana sena se Lekena

Fezekile Futhwa 42
Nalane ya Mosotho

Lahlaso: Se tla se nyonyoba, se tla se nyonyoba se apere jase,


se tla se nyonyoba
Sephokodi: Hona moreng mona
Lengae le tswela pele jwalo sephokodi se ntse se bitsa makolwane a mang ka mabitso ha
mmoho le dibaka tseo a tswang ho tsona

DIKGOMO TSA KA
Bohle: Dikgomo tsa ka, dikgomo tsa ka, tsa ka dikgomo, dikgomo tsa ka (x3)
Sephokodi: He Basotho ba re:
Bohle: Dikgomo tsa ka, dikgomo tsa ka, tsa ka dikgomo, dikgomo tsa ka (x3)
Sephokodi: He Bathepu ba re:
Bohle: Zinkomo zami, zinkomo zami, zami zinkomo, zinkomo zami (x3)
Sephokodi: He bomme ba re:
Bohle: Dikgomo tsa ka, dikgomo tsa ka, tsa ka dikgomo, dikgomo tsa ka (x3)

ITJHU KA ROBEHA SWAHLA


Sephokodi: Itjhu ka robeha swahla ke ehlwa thaba,
Thabeng ke mafika feela(x2)
Bohle: Itjhu ka robeha
Sephokodi: He banna
Bohle: He banna he, badula le basadi eka ke batswetse
thabeng ke mafika feela
Itjhu ka robeha
Sephokodi: He badula,
Bohle: He badula, ba dula le basadi e ka ke batswetswe
thabeng ke mafika feela
Itjhu ka robeha
5.8 Dipina

FIELA FIELA
Fiela, fiela, fiela ngwanana
Fiela ngwanana o se jele matlakaleng
Fiela, fiela, fiela ngwanana
Fiela ngwanana o se jele matlakaleng
Mmao ke tjhobolo, ke tjhobolo ya mosadi
Fiela ngwanana o se jele matlakaleng

THABA TSHWEU
Thaba Tshweu wee!
Ke rome mang?
Ke rome mang?
Nna ke rome mang?
Thaba Tshweu wee!
Ke rome mang?
Ke rome mang?
Nna ke rome mang?
Ke ratile ngwane motle ditjhabeng

Fezekile Futhwa 43
Nalane ya Mosotho

Seponono se dikoti marameng


Ngwana theka lesesanyane
Seponono se dikoti marameng we
Thaba Tshweu wee!
Ke rome mang?
Ke rome mang?
Nna ke rome mang?

FIKARA YA TSHIDI
Fikara ya Tshidi
Fikara ya Tshidi e tshwana le peipi
Ya MaXhosa
Ya MaXhosa (X 4)
Fikara ya Tshidi
Fikara ya Tshidi e tshwana le peipi
Ya MaXhosa
Ya MaXhosa (X 4)

NGWANA MALOME NNYALE


Ngwana malome nnyale (X 2)
Ngwana malome ke motswala
Kgomo di kgutlele sakeng
Ngwana malome nnyale (X 2)
Ngwana malome ke motswala
Kgomo di kgutlele sakeng
Ka di bona di aroha (X 2)
Dikgomo tsa motswala
Kgomo di kgutlele sakeng

MANGWANE
Mangwane mosadi wa Kweneng
O ntimme maqebelekwane
Mangwane mosadi wa Kweneng
O ntimme maqebelekwane
Iyo maqebelekwane (X 4)
Mangwane ke leshodu
O ntimme maqebelekwane
O ntimme maqebelekwane
Mangwane mosadi wa ntate ke leshodu
O ntimme maqebelekwane
O ntimme maqebelekwane
Iyo maqebelekwane (X 4)

NTHOMELLE TJHELETE
Nthomelle tjhelete
Wena nthomelle
Nthomelle tjhelete

Fezekile Futhwa 44
Nalane ya Mosotho

Wena nthomelle
Ke batla ho reka seta
Nthomelle tjhelete
Wena nthomelle
Ke batla seta sa hao
Nthomelle tjhelete
Wena nthomelle

AUSI DUMELA
Dumela, ausi dumela
Dumela mosadi ya se nang molao ka lapeng
Dumela, ausi dumela
Dumela mosadi ya se nang molao ka lapeng

MMA NGWANANA THOLA KE O JWETSE


Ao hela mma ngwanana thola bo
Thola tu (X 2)
Mma ngwanana thola bo
Thola tu
Mma ngwanana thola ke o jwetse
Ditaba tsa lenyalo
Ao hela mma ngwanana thola bo
Thola tu (X 2)
Mma ngwanana thola bo
Thola tu
Mma ngwanana thola ke o jwetse
Ditaba tsa lenyalo
Ao hela ka labohlano
Re hlaba, dikgomo (X 2)
Ka moqebelo ke tsatsi
La thabo
Ka sontaha ke dillo feela
Lapeng la bo ngwanana

MANGWANE
Mangwane
Mangwane ntshwarele ke fositse
Ke fahlile
Ke fahlile mmuso ka lehlabathe
Mangwane
Mangwane ntshwarele ke fositse
Ke fahlile
Ke fahlile mmuso ka lehlabathe
Ke ha kae
Ke ha kae ke robala matsekela
Ke botsotsi
Ke botsotsi ba batla ho mpolaya

Fezekile Futhwa 45
Nalane ya Mosotho

Ke ha kae
Ke ha kae ke robala matsekela
Ke botsotsi
Ke botsotsi ba batla ho mpolaya

KOKO MME MMAMORWESI


Kokoko
Kokoko mme Mmamorwesi
Mme o itse re tlo lata ngwetsi
Kokoko
Kokoko mme Mmamorwesi
Mme o itse re tlo lata ngwetsi
Stimela
Stimela se ya re siya
Stimela
Stimela se ya re siya

MAKOTI KE DINAKO
Makoti ke dinako
Wa jikajika makoti
Wa hana na?
Wa jikajika makoti
Makoti ke dinako
Wa jikajika makoti
Wa hana na?
Wa jikajika makoti

MANNGWANE
Manngwane mosadi wa Kweneng
O ntimme maqebelekwane
Manngwane mosadi wa Kweneng
O ntimme maqebelekwane
Iyoo maqebelekwane (X 2)
Manngwane ke leshodu
O ntimme maqebelekwane (X 2)
Iyoo maqebelekwane (X 2)

NTHWENA KE LEKANYANE
Nthwena ke lekanyane
La nka ngwana
Ke lekanyane la nka ngwana (X 3)
Iyoo ke lekanyane la nka ngwana
Ke lekanyane la nka ngwana
Iyoo ke lekanyane la nka ngwana
Ke lekanyane la nka ngwana
Nthwena ke lekanyane
La nka ngwana

Fezekile Futhwa 46
Nalane ya Mosotho

Ke lekanyane la nka ngwana

RE MO NKILE
Ngwana lona re mo nkile
Re mo nkile (X 2)
Ngwana lona re mo nkile
Re le neile dikgomo
Re se bile re tswa saena
Re se bile (X 2)
Re se bile re tswa seana
Dibukeng tsa baruti

FUBENG SA DALE
Fubeng sa dale wa ka
Nka be ke le sebakanyana (X 2)
Fubeng sa dale wa ka
Nka be ke le sebakanyana (X 2)
Hona jwale
Nka be ke le sebakanyana (X 3)
Hona jwale
Nka be ke le sebakanyana (X 3)

HONA JWALE
Hona jwale
Nka be ke le sebakanyana (X 2)
Hona jwale
Nka ke le sebakanyana (X 2)

SERONTABOLE
Mangwane nthekele serontabole
Kobo ya letsatsi
Mangwane nthekele serontabole
Kobo ya letsatsi
Serontabole serontabole
Kobo ya letsatsi
Serontabole serontabole
Kobo ya letsatsi

SEANAMARENA
Ntate nthekele
Seanamarena
Ntate nthekele
Seanamarena
Ntate nthekele
Seanamarena
Kobo ya bohadi
Seanamarena

Fezekile Futhwa 47
Nalane ya Mosotho

Le nna ke ya e batla
Seanamarena
Le nna ke ya e batla
Seanamarena
Le nna ke ya e batla bo
Seanamarena
Kobo ya bohadi
Seanamarena
Le nna ke ya e batla
Seanamarena
Ke tshaba ho e apara
Seanamarena
Ke tshaba dipuo
Tsa batho
Seanamarena
Kobo ya bohadi
Seanamarena

KE BALE
Ke bale (X 3)
Ba ehlwa mekwalaba
Ke bale (X 3)
Ba ehlwa mekwalaba
Ba ehlwa mekwalaba
Ba kentse dibuka ka mahafing
Ke bale
Ba ehlwa mekwalaba

KE KGALE KE O HLABELA MAKAU A KA


Ke kgale ke o hlabela makau a ka
Kajeno a fedile o wa nqhoshetsa
Ke kgale ke o hlabela makau a ka
Kajeno lena a fedile o wa nqhoshetsa
Lehlaso: O no rata (X 4)

KOOMA YA KA YA LEKOKO
Kooma ya ka ya lekoko
O no e beile kae
O no e beile kae
Kooma ya ka ya lekoko
O no e beile kae
O no e beile kae
Hona mona ha e tla sala
O no e beile kae
O no e beile kae
Hona mona ha e tla sala

Fezekile Futhwa 48
Nalane ya Mosotho

MAMPHARWANE
Mampharwane mampharwane suwa suwa lekoko
Mampharwane
Mampharwane mampharwane suwa suwa lekoko
Mampharwane
Mampharwane mampharwane suwa suwa lekoko
Mampharwane

KGWETSA
Kgwetsa ya ngwana mme kgwetsa
Kgwetsa bo
Kgwetsa ya ngwana mme kgwetsa
Kgwetsa bo
Hei hei
He ya ngwana mme kgwetsa (X 2)
Kgwetsa bo

5.9 Dipalo

# Palo # Palo # Palo


1 Nngwe 16 Leshome le metso e 100 Lekgolo
tsheletseng
2 Pedi 17 Leshome le metso e 103 Lekgolo le metso
supileng e meraro
3 Tharo 18 Leshome le metso e 120 Lekgolo le
robedi mashome a
mabedi
4 Nne 19 Leshome le metso e 124 Lekgolo le
robong mashome a
mabedi le metso e
mene
5 Hlano 20 Mashome a mabedi 1000 Sekete
6 Tshelela 21 Mashome a mabedi le 1001 Sekete le motso
motso
7 Supa 22 Mashome a mabedi le 1010 Sekete le metso e
metso e mmedi leshome
8 Robedi 23 Mashome a mabedi le 1015 Sekete le metso e
metso e meraro leshome le metso
e mehlano
9 Robong 24 Mashome a mabedi le 1100 Sekete le lekgolo
metso e mene
10 Leshome 25 Mashome a mabedi le 1101 Sekete le lekgolo
metso e mehlano le motso
11 Leshome le motso 26 Mashome a mabedi le 1110 Sekete le lekgolo
metso e tsheletseng le metso e
leshome
12 Leshome le metso e 27 Mashome a mabedi le 1120 Sekete le lekgolo
mmedi metso e supileng le metso e
mashome a
mabedi
13 Leshome le metso e 28 Mashome a mabedi le 10000 Dikete tse

Fezekile Futhwa 49
Nalane ya Mosotho

meraro metso e robedi leshome


14 Leshome le metso e 29 Mashome a mabedi le 100000 Dikete tse lekgolo
mene metso e robong
15 Leshome le metso e 30 Mashome a mararo 1000000 Milione
mehlano

5.10 Matshwao-ngolo

 Kgutlo
Kgutlo(.) ke letshwao le supang pheletso ya polelo.

 Feelwane
Feelwane(,) ke letshwao le supang hore polelo e tswela pele, kgefutso kapa phetoho ya
moelelo wa polelo.

 Makalo
Makalo(!) ke letshwao le supang ho makala.

 Potso
Potso(?) ke letshwao le supang hore ho botswa potso mme ho hlokeha hakaro.

 Mohatla
Mohatla(;) ke letshwao le supang hore polelo e tswela pele, kgefutso kapa phetoho ya moelelo
wa polelo.

 Sankope
Masakana nkope, (), ke matshwao a fanang ka moelelo kapa tlhakisetso e ngwe ka seo ho
buuwang ka sona.

 Qotso
Qotso(‘’ kapa “”) ke letshwao le supang hore ho qotswa ditaba ho ya ka moo monga tsona a
di boletseng.

 Kopanya
Kopanya(+) ke letshwao le sebediswan dipalong ho teanya dipalo tse pedi mme o thole
karabo.

 Tlosa
Tlosa(-) ke letshwao le sebediswang dipalong ho suthisa palo ho engwe mme o thole karabo.

 Atisa
Atisa(X) ke letshwao le sebediswang ho atisa palo ka palo e filweng.

 Arola
Arola(%) ke letswao le sebediswang ho arola palo mme o sale ka sekoto se itseng.

Fezekile Futhwa 50
Nalane ya Mosotho

 Lekana-le
Lekana-le(=) le letshwao le bontshang karabo ya palo.

5.11 Dinaledi
 Selomela
Basotho, ka bomadimabe ke hloleha ho fumana tlhalosetso e nthabisang ka naledi Selomela.
Ka hoo ke kgethile ho se fane ka tlhasitso ho fihlela ke ikgotsofaditse.

 Mohora le Tlala
Mohora ke lentswe le hlalosang kgora, tlala e hlalosa bofuma. Ponahalo ya naledi ena e loba
hore na selemo se thwasitseng e tla ba sa kgora kapa tlala.

E bang ho ka ba le moya nakong eo e hlahang ka yona, selemo seo e tla ba sa tlala.

E bonahala nakong ya selemo pele ho dipula tsa pele.

 Dinakane
Dinakane e tsebahala hape ka mabitso a Naka le Dinaka.

E na naledi e lebelwang ke banna ba motse mohla e tla thwasa. Monna ya e bonang pele o
letsa lenaka le bitswang Phalafala ho hlaba mokgosi wa hore Dinakane e bonahetse. Basotho
ba dumela hore motho ya e bonang pele o tla ba le mahlohonolo selemong seo.

Dinakong tsa boholoholo, monna ya e boneng pele o ne a hlapiswa ka kgomo ke morena.

Dinakane e bonahala dikgweding tsa bo Phupu le Phupjane mme e supa nako eo ka yona
bashemane ba ka qalang ho bolotswa. Ke yona naledi e supang hore selemo se se se tla
thwasa.

 Senakane
Senakane ke naledi e shebahalang jwalo ka lenaka le lenyenyane. Le le nyenyane hobane
lenaka le leholo dinaleding ke Dinakane.

E bonahala ka Botjhabela mme e ya kganya. E bonahala ka lebenya.

E bonwa ka kgwedi ya Motsheanong mme e lopa qaleho ya mariha. E bang e ka hlaha e


kganya tlolo, mariha ao a tla bata haholo.

 Phalafala
Phalafala ke lehlaloso-nngwe la Dinakane.

 Molalatladi
Molalatladi e hlalosa molala wa tladi. Tladi ke letsolo

Molalatladi ke moo letsolo le tswang teng. Ho latela sebomodimo, Tladi ke modimo wa


letsolo le lehadima.

Fezekile Futhwa 51
Nalane ya Mosotho

 Sefalabohoho
Sefalabohoho ke naledi ya pele ka phirimana.

E bitswa Sefalabohoho ho bapisa batho ba phirimellwang tseleng, ka ha ba fihla malapeng ho


fahuwa mahoho, dijo di fedile.

 Makolobe
Makolobe ke dinaledi tse tsheletseng tse bonahalang e ka ke dintja le dikolobe. Ke dintja tse
tharo le dikolobe tse tharo tse lelekiswang ke dintja.

 Tosa
Tosa naledi e kganyang ka ho fetisisa lehodimong la bosiu, mme e na le tse e potapotileng. Ke
ka lebaka la tsena tse e potapotileng ho nang le leele le reng: ke tla o bontsha tosa le
madinyane a yona.

 Selemela
Selemela ke naledi e bonwang di le sehlotshwana, di supile, mme e bonahala ha selemo se sa
tswa thwasa mme ke yona e supang nako ya ho phethola lesoi.

 Mafube
Mafube ke naledi e bonwang hoseng ha mafube a letsatsi a hlaha.

 Mphatlalatsane
Mphatlalatsane ke naledi e bonwang ka meso mme e kganya haholo. Ke ka hona ho thwe ke
Mphatlalatsane, ka ha e phatlaletse ka kganya ya teng.

 Motjhotjhonono
Motjhotjhonono ke naledi e bonahalang bosiu mme bonwa e ka ke naledi e tsamayang ho tloha
lehlakoreng le le leng ho ya ho le leng, eka e ya betswa.

5.12 Pula
 Ditlwebelele
Ditlwebelele ke pula e nang ka sekgahla ntle le lehadima kapa dia duma.

 Medupe
Medupe ke pula e nang ha bobebe ntle le ho thwathwaretsa kapa lehadima, mme e atisa ho
nka matsatsi kapa ho feta ha e na.

 Boja bo tsheha
Boja bo tsheha ke pula e nang letsatsi le tjhabile.

 Di a duma
Di a duma ke pula e nang ka ho thwathwaretsa hwa letsolo.

 Sefako
Sefako ke leqhwa le dipotokwe di boreledi tse nang le pula. Sefako e ka ba se senyenyane
kapa se seholo seo ho thweng ke sa dinaka.
Fezekile Futhwa 52
Nalane ya Mosotho

 Letsheola
Letsheola ke pula e nang lehlwa.

 Lehodiotswana
Setsokotsane se matla haholo se tsamaisanang le moya wa pula e ngata e hoholang dimela, meaho
le ntho tse hoholehang.

 Kiriatshwana
Kiriatshwana ke sefefo sa moya, diaduma le lethwathwaretsa tse etelletseng pele sefefo.

 Sefefo
Sefefo ke pula e nang ka sekgahla se sehoolo sa moya.

 Morwallo
Boteng ba metsi a mangata haholo a bakwang ke pula tsa ditlwebelele le medupi.

 Matlopotlopo
Pula e nang haholo e tlatsang dinoka, eo metsi a yona a phallang hohle.

5.13 Lehadima
 Lephakatladi
Lephakatladi ke sebaka se otlilweng ke lehadima.

 Mmane
Mmane ke ho otla ha lehadima, ha le otla lefatshe.

 Letolo
Modumo wa maru a pula o bakwang ke boemo ba lehodimo bo nang le diabenya le tladi.

 Letsolo
Modumo wa maru a pula o bakwang ke boemo ba lehodimo bo nang le diabenya le tladi.

 Lehadima
Boemo ba lehodimo bo fupereng pula ka ho bontsha kganya ya letsolo; diabenya kapa kganya ya
maru le modumo wa teng nakong tsa pula e hlaha.

 Kiriatshwana
Kiriatshwana ke maru a sefefo a supang hore ho tla na pula ya sefefo kapa kganyapa.

 Tladi
Kganya e etswang ke maru a pula nakong ya dipula tsa letsolo. Boemo ba lehodimo bo fupereng
pula ka ho bontsha kganya ya letsolo; diabenya kapa kganya ya maru le modumo wa teng nakong
tsa pula e hlahafetseng haholo.

 Tladimothwana

Fezekile Futhwa 53
Nalane ya Mosotho

Kganya mmoho le modumo o etswang ke maru a pula nakong ya dipula tsa letsolo. Boemo ba
lehodimo bo fupereng pula ka ho bontsha kganya e tsamaisanang le letsolo; diabenya kapa kganya
ya maru le modumo wa teng nakong tsa pula e hlaha.

5.14 Serame
 Serame
Serame ke mohatsela.

 Phofodi
Phofodi ke mohodi o hengwang ke motho kapa o imanehang kgalaseng nakong ya serame.

 Phoka
Metsi a fumanwang ho semela hoseng, haholo nakong tsa motjheso wa Lehlabula kapa Lehwetla.

 Mohodi
Seka mosi sa boemo ba lehodimo se hlahang nakong tsa hoseng kapa nakong tsa dipula kapa tsa
serame.

 Lerothodi
Karolo e nyane ya metsi e rothang ho tswa hodimo marung kapa ho tswa hodima ntho e itseng.

 Lefafatsane
Pula e nang hanyane.

 Pula
Metsi a theohang ho tswa hodimo marung.

 Letsheola
Pula e nang letsatsi le tjhabile.

 Lehlwa
Pula hwamisitsoeng ke mohatsela.

 Leqhwa
Metsi a thatafetseng ka lebaka la mohatsela o moholo.

 Sefako
Metsi a pula, seka leqhwa, a hwamisitsweng ke mohatsela wa lehodimo, a bonahalang nakong tsa
dipula tse matla tse tsamaisanang le moya kapa sefefo.

 Mmuane/Mmuwane
Seka leru se hlahang nakong tsa mongobo wa boemo ba lehodimo mme se nyamele kapelenyana.

 Mookodi
Seka leru se hlahang ha pula e qeta ho na, se nang le mebala e mengata e bakwang ke boemo ba
mahlasedi a letsatsi.

Fezekile Futhwa 54
Nalane ya Mosotho

5.15 Moya
 Moya
Se phefomolwang ke dipuwa kapa se tsamayang lefaufaung kapa moo ho sa bonahaleng kapa se
fokang.

 Setsokotsane
Moya o moholo o tsamayang ka ho potapota; moya o dikolohang ha ho tsamaya.

 Lehodiotswane
Setsokotsane se matla haholo se tsamaisanang le moya wa pula e ngata e hoholang dimela, meaho
le ntho tse hoholehang.

 Kganyapa
Mofuta wa setsokotsane se matla ka ho fetisisa, se tsamaisanang le pula e kopaneng le moya o
fefolang le ho qoqola difate mmoho le ho heletsa meaho.

 Sefefo
Moya o moholo, o matla haholo, o kgonang ho fefola ntho tse boima le ho qoqola difate, marulelo
le ho phahamisa metsi a lewatle; moya o bakang tshenyo e kgolo haholo.

 Lerole
Mahlohlojane a masesane a mobu a kgonang ho tsamaya le moya.

5.16 Maru
 Leru
Boemo ba lehodimo bo fupereng pula, seka mosi; seka mosi se bonahatsang monyetla wa hore
pula e ka na ha ho hlaha moya.

 Molatsitsi
Maru a ponahalo e hasaneng, a mona le mane; maru a sa kopanang; boemo ba lehodimo ba maru a
pula a qaqohaneng.

 Kwahela
Lehodimo le kwahetseng ke le tletseng maru mme le tshepisa hore pula e ka na kapa le tlisa
serame.

 Apoha
Lehodimo le apohileng ke le se na leru le le lenyenyane feela mme ho bonahala botala ba
lehodimo.

 Hlwenya
Lehodimo le hlwentseng ke le kwahetseng mme ho le hlatsa mmane kgafetsa le paka hore ho
tla na pula ya di a duma.

5.17 Nako
Nako ka Sesotho e balwa ho latela boemo ba letsatsi. Letsatsi ke lona le fanang ka moelelo wa
nako Basothong.
Fezekile Futhwa 55
Nalane ya Mosotho

Ka hoo, hlokomela hore nako ya rona ha e tshwane le ya baditjhaba ka hore bosiu le


motsheare ha di arolelane nako ka ho lekana.

Nako e arotswe jwana:

 Madungwadungwana
Madungwadungwana ke nako eo ka yona bosiu bo welang.

Madungwadungwana ke nako ya ho tloha ho lleng ha dikgoho tsa pele ho fihlela kganya e


bonahala. Ena ke nako eo ho tsohuwang ka yona dikobong mme e tsejwa ka hore ke ha
dikgoho di theoha dikalaneng.

 Meso
Meso ke nako ya hoseng eo ka yona kganya e qalang ho ba teng, ke hore ha lefifi le siroha, ho
fihlela ha mafube a kganya.

Meso ke nako eo ho jewang dijo tsa pele tsa letsatsi, e leng thahameso.

 Matjeke
Matjeke ke nako ya hoseng ho tloha ha mafube a hlaha ho fihlela letsatsi le tjhaba.

 Hoseng
Hoseng ke nako ya ho tloha mafube a letsatsi a tjhaba ho fihlela letsatsi le qala ho tjhesa.

Ena ke nako eo bana ba masea ba tsohang ka yona. Ka nako ena letsatsi le ntse le le ka
Botjhabela.

Nakong ya hoseng seriti se qala ka ho sheba bophirimela ha letsatsi le sa tswa tjhaba, mme se
shebe borwa le borwa botjhabela ha letsatsi le ntse le phahama.

 Motsheare
Motsheare ke nako eo letsatsi le qalang ho tjhesa ka yona ho fihlela le le dihloohong tsa
mengala, ke hore motsheare wa lengeta.

Motsheare seriti se qala se le borwa botjhabela mme se kgutsufale ha letsatsi le ntse le


phahama ho fihlela se le tlasa monga sona ha le le hloohong tsa mengala.

 Thapama
Thapama ke nako eo letsatsi le qalang ho tloha dihloohong tsa mengala mme le tsamaela
Leboya ho ya Leboya Bodikela.

Thapama seriti se qala ho lelefala ho tloha ka tlasa monga sona mme se shebile botjhabela.

 Mantsiboya

Fezekile Futhwa 56
Nalane ya Mosotho

Mantsiboya ke nako eo ka yona letsatsi le leng Bodikela mme le se le tla sunya nko mobung,
ke hore nako eo letsatsi le seng le tla dikela ka yona. Ho the letsatsi le hlahlamela dithaba ka
nako ena.

Mantsiboya ke nako eo ka yona ho lokiswang dijo tsa mantsiboya, ho beswa mello mme ho
qalellwa ho phehuwa.

Mantsiboya a kenyelletsa nako eo letsatsi le qeta ho dikela ka yona empa ho ntse ho kganya.
Ena ke nako eo ka yona ho tsholwang ka yona.

Mantsiboya seriti se lelefetse mme se shebile botjhabela.

 Shwalane
Shwalane ke nako eo lefifi le aparelang naha ka yona mme ho eba lefifi. Ena ke nako eo ho
qetang ho jewa ka yona mme ho badiswang ditshomo ka yona.

 Bosiu
Bosiu ke nako ya ho robala mme batho bohle ba isa masapo ho beng.

 Kgitla
Kgitla ke nako eo bohle ba ileng le sephume sa boroko, mme ho tsejwa e le baloi feela ba
sasankang ka nako ena. Nako ya kgitla e nama ho fihlela dikgoho tsa pele di lla ka meso.

Tlhakisetso
Ho latela Sesotho, letsatsi ke mokgatlelo o monyenyane wa ho bala nako. Letsatsi lona le
tswala matsatsi, ao ona a tswalang kgwedi, mme dikgwedi tsona di tswala selemo. Selemo se
tswala dilemo, tseo tsona di tswalang ngwaha.

Motsotswana, motsotso, hora le beke ke dinako tse adimilweng ka ha ditjhaba tse ding di
sebetsa ka tsona. Ka hoo, motsotswana, motsotso, hora le beke ke maadingwa.

Matsatsi a supileng a etsa Beke. Dibeke tse ka bang nne ho isa ho tse hlano di etsa Kgwedi.
Dikgwedi tse ka bang leshome le metso e mmedi di etsa Selemo. Dilemo tse ka bang lekgolo
di etsa Ngwaha Kgolo.

Hantlentle Kgwedi e tswalwa ke ho thwasa ha Ngwedi, e leng ho bolelang hore Ngwedi e


fetile mekgahlelo yohle ya yona ho fihlela e toloka.

Ho thwasa ha Selemo le hona ho bonahala ka diketsahalo tse itseng, mme mona re tla lekola
karolo e bapalwang ke dinaledi bophelong ba Mosotho. Dinakane ke naledi e supang ho
thwasa ha Selemo.

Lekola karolo e hlalosang Dinaledi bakeng sa tlhakiseso ya hore na moelelo wa dinaledi ke


ofe bophelong ba Mosotho le ho lopeng nako.

E re ka ha karolong ena re buile ka Selemo, ho bohlokwa ho utlwisisa mantswe a


sebediswang Sesothong maelana le Selemo. Selemo se fetileng se bitswa Ngwahola. Selemo
Fezekile Futhwa 57
Nalane ya Mosotho

sena se hodimo sona se bitswa Monongwaha. Selemo se tla thwasa, se tlang, se bitswa Isaho.
Dilemo tse lekgolo tse fetileng di bitswa Ngwahola Kgolo, athe tse lekgolo tse tla latela tsona
di bitswa Isaho Kgolo.

5.18 Matsatsi
 Mantaha
Mantaha ke letsatsi la pele la beke.

 Labobedi
Labobedi ke letsatsi la bobedi la beke.

 Laboraro
Laboraro ke letsatsi la boraro la beke.

 Labone
Labone ke letsatsi la bone la beke.

 Labohlano
Labohlano ke letsatsi la bohlano la beke.

 Moqebelo
Moqebelo ke letsatsi la botshelela la beke.

 Sontaha
Sontaha ke letsatsi la bosupa la beke.

5.19 Dikgwedi
 Phato
Ke Phato ya makwetle, kgwedi ya lerole. Phato ke kgwedi eo selemo se thwasang ka yona
mme ke kgwedi ya pele selemong.

 Lwetse
Kgwedi ya malwetse mme ke kgwedi eo ka yona dipula tsa pele tsa selemo di nang ka yona.
Ke nako eo diphoofolo le dimela di palesang ka yona. Lwetse ke kgwedi ya bobedi selemong.

 Mphalane
Kgwedi ya diphalane, ke kgwedi ya menyakwe ka ha mekete ya pele ya selemo e tshwarwa
nakong ena. Mphalane ke kgwedi ya boraro selemong.

 Pudungwana
Kgwedi eo ka yona Lehlabula le thwasang mme bana ba bapala hore ba be baputswa pududu!

Lentswe lena Pudungwana le ahilwe ka ho kopanaya mantswe pudu le ngwana. Ke nako eo


bana ba ipudukanyang ka yona.

Pudungwana ke kgwedi ya bone selemong

Fezekile Futhwa 58
Nalane ya Mosotho

 Tshitwe
Kgwedi eo ka yona ho tjhesang haholo ka ha ke bohareng ba Lehlabula. Ke nako eo ho
utlwahalang ho tlatlarietsa ha kokwana Tshitwe.

Tshitwe ke kgwedi ya bohlano selemong.

 Pherekgong
Phere ke ho fera, kgong ke lehong. Basotho ba kgale ba ne ba aha mahong masimong ha ba
tla tshosa, jwale ba ne ba wa fera ka nako ena, ke ka hoo e bitswang feralehong
<pherekgong>

Pherekgong ke nako eo ka yona jwang bo holang ho latela dipula tsa Lehlabula. Lehong ke
jwang bo tlamilweng ho etsa leraba la ho kgopa diphoofolo.

Pherekgong ke kgwedi ya botshelela selemong.

 Hlakola
Hlakola ke kgwedi ya ho hlaola lehola masimong ho latela dipula tsa lehlabula.

Ho hlakola ke ho tima, ho tima lehola.

Hlakola ke kgwedi ya bosupa selemong.

 Hlakubele
Hlakubele ke kgwedi ya mabele. Ke nako eo ka yona mabele a butswitseng mme a polwa
masimong.

Lentswe lena Hlakubele le ahilwe ka mantswe Hlaku + Lebele = Hlakubele. Hlaku ke


kgutsufatso ya lehlaku, athe lebele ke seshopa sa mabele. Ka hoo, Hlakubele ke nako eo
mabele a e nang le mahlaku.

Hlakubele ke kgwedi ya mahlaku a mabele. E bile ke kgwedi eo ka yona ho jewang ntshwe.

Hlakubele ke kgwedi ya borobedi selemong.

 Mmesa
Mmesa ke kgwedi eo ho kotulwang poone ka yona. E tsejwa ka la mmesa poone ka ha ke
nako eo ho beswang poone ka yona.

Mmesa ke kgwedi ya borobong selemong.

 Motsheanong
Motsheanong ke kgwedi eo ka yona re tshehang dinonyane ka ha di baleha serame sa mariha.
Motsheanong ke qaleho ya mariha.

Lentswe lena Motsheanong le ahilwe ka mantswe Motshea + Nong = Motsheanong.


Motsheanong, ya tshehang nonyane.
Fezekile Futhwa 59
Nalane ya Mosotho

Motsheanong ke kgwedi ya leshome selemong.

 Phujane
Phupjane e hlalosa hore phupu e nyenyane. Ke kgwedi eo ka yona dinonyane di eshwang ke
serame sa mariha. Ka hoo he, ke phupu e nyenyane ya dinonyane.

Phupjane ke kgwedi ya leshome le motso selemong.

 Phupu
Phupu ke lentswe le hlalosang lepato. Ke kgwedi eo ka yona dinonyane di eshwang la rita ke
serame sa mariha.

Phupu ke kgwedi ya leshome le metso e mmedi selemong, e leng kgwedi ya ho qetela ya


selemo.

Fezekile Futhwa 60
Nalane ya Mosotho

6. Tumelo
Tumelo ya mosotho ho Mmopi wa hae e batsi, mme e itshetlehile haholo hodima tlhompho le
tlotla eo mosotho a e fang ya re okametseng. Majakane a re mosotho ha a na tumelo, o mpa a
na le moetlo feela. Sena se a swabisa ka ha bophelo ba mosotho bo tletse tumelo le kganya ya
Mmopi. Mosotho o bitsa Mmopi wa hae ka mabitso a fapaneng, ohle a pakang boholo le ho
tlotleha ha Mmopi. Mabitso a na ke:

 Mmopi
Lena lebitso le hlalosa hore ya re okametseng ke yena mmopi wa tsohle tse lefatsheng.

 Modimo
Modimo e hlalosa ya hodimo. Bohodimo bo hlalosa hore eo o re phahametse. Modimo e ka
hlalosa tse lateleng:
o Mmopi
Bala tlhaloso serapaneng se eteletseng sena pele bakeng sa tlhaloso.

o Bongwe ba Badimo
Badimo ke batho ba ileng boya batho, mme bao ka bona re fetisang mesarelo, ditsietsi
le diteboho tsa rona ho Mmopi. Bongwe ba badimo bo bitswa Modimo, e leng ho
hlalosang motho ka mong ya arohetseng badimong.

o Motho
Sebupuwa se motho se ntseng se phela se bitswa modimo ho latela bomodimo ba
sona. Mme sena se qaqile haholo tatellanong ya lelapa, e leng yona tshiya ya setjhaba.
Ntate le Mme, batswadi, mmoho ke medimo ya bana. Bongwe bona ba medimo ke
modimo.

o Medimo
E re ka ha motswadi ka mong e le modimo wa ngwana, batswadi le baholo ba hae ba
ntseng ba phela ba bitswa medimo ka kopanelo. Ke ka hona ngwana mosotho a
tlotlang le ho hlompha batswadi le baholo ba hae ka mehla.

E re ka ha tumelo ya mosotho e phelwa ho fetwa ho bolediswa, mosotho ha a ka a bona


bohlokwa ba ho bapatsa tumelo ya hae. Tumelo ena ya mosotho e tsejwa ka hore ke Setho.

Setho ke tumelo ya mosotho ho Mmopi wa hae. Motho ke sebupuwa sa Mmopi se


phethahatsang Setho. Athe botho bona ke dikateng tsa bophelo ba Mosotho tse fupereng
boitshwaro, tlhompho le dikamano pakeng tsa batho. Batho ke bongata ba motho.

Tsena tsohle re tla di rarolla karolwaneng e buang ka Lenaka la Motheo ha mmoho le tlasa
Botho.

Medingwana yona ke eng?

Nalaneng yohle ya bophelo ba mosotho, mosotho ha e sale a dumela tumelong ya hae ya


setho, mme sesothong ha ho a ka ha tloha ho bile le bohlokwa ba ho tshwaya batho ba itseng e
se badumedi ka ha setho ke karolo e kgolo ya bophelo ba mosotho. Sena se bolela hore, pele
hore ho fihle makgowa le tumelo ya ona, basotho bohle ba ne ba ikamahanya le setho.

Fezekile Futhwa 61
Nalane ya Mosotho

Bothata bo hlahile ho fihleng ha makgowa, ka ha ba kgeselletse fatshe sohle se amanang le


bophelo ba mosotho. Ke mona moo mabitso le dipolelo tse nyenyefatsang di qadileng ho ba
teng mabapi le tumelo tsa batho. Ho latela tumelo le moetlo wa makgowa, mang kapa mang
ya sa dumeleng ho latela bodumedi ba bona o bitswa mohetene. Mme lena ke lentswe le
hlapaolang hobane le hlalosa ya sa tsebeng modimo.

Ho latela ditlwaelo le maphelo a makgowa le tjhaba tse ding, ba na le mokgwa wa ho rapela


ditshwantsho tsa mefuta futa. Ditshwantsho tsena tse rapelwang ke batho di bitswa
medingwana. Ha ho tjhaba sa basotho se kileng sa ba le medingwana kapa hona ho rapela
medingwana.

Madingwana ona ke eng?

Sehlooho sa madingwana ke mpile ka se kenya mona bakeng sa tlhakisetso feela ho latela ka


moo lebitso lena le batlileng le tshwana le la medingwana ka teng. Madingwana ke badisa
ba dulang motebong. Badisa ke badisi ba mehlape. Motebo ke sebaka se thoko le motse moo
ho hlomuweng teng lesaka bakeng sa ho olosa mehlape ya basotho.

Motebo o hlongwa moo ho nang le makgulo a matle bakeng sa mehlape. Madingwana a tla
motseng ho tla hlwela feela. Ba phela motebong ha feela e sa le badisa.

Jwale ha re lekoleng lenaka la motheo, e leng dikateng tsohle tsa Setho.

6.1 Lenaka la Motheo


Na motho o tswa kae?

Pele re araba potso ya hore na motho o tswa kae, ha re qale pele ka ho hlakisa taba ena, na
Mosotho ke mang? Mosotho ke ngwana Rantsho ya buang puo ya Sesotho, mme a dumela ho
mekgwa le meetlo ya Basotho. Na Rantsho yena ke mang? Rantsho ke bana ba thari e ntsho,
ba lebala le sootho, mme bao e leng MaAforika ka tswalo.

Ditjhaba tsohle tsa Rantsho di na le nalane ya hore na di etswa kae, le ha kwana Rantsho e le
ntata ditjhaba tsohle tse sootho ka mmala. Rantsho ke ntata ditjhaba tsohle lefatsheng mme o
tswaletswe Leboya-Botjhabela ba Aforika, teng moo phoofolo e motho e tswalwang teng.

Metsamao ya ditjhaba tsa Rantsho ho tla kwano Aforika e Borwa e eme tjena:

Fezekile Futhwa 62
Nalane ya Mosotho

Ho latela dipale le ditshomo tsa Basotho, Mosotho wa pele o bitohile lehlakeng Ntswana-
Tsatsi.

Na Ntswana-Tsatsi ke eng?

Ntswana-Tsatsi ke sebaka seo ho sona setjhaba se tsejwang kajeno e le sa Basotho se


tswetsweng teng. Mosotho wa pele wa ho bitoha Ntswana-Tsatsi ke Masilo I. Masilo I ke
yena ntata setjhaba sa Basotho.

Masilo I ke mora Mabi wa sejthaba sa Bahurutse mme o tswetswe ngwaheng kgolo wa bo 200
AD. Bahurutse ke setjhaba sa boholo se theohileng hodimo ba Aforika mme ba tla hloma
naheng e tsejwang kajeno lena e le Botswana. Ho fihlela nakong ena, puo ya Sesotho e ne e le
siko mme le setjhaba sa Basotho se eso ho be teng.

Hona nakong eo, ke ha setjhaba sa Bafokeng le sona se fihla Ntswana-Tsatsi1 ho tloha hona
teng leboya la Aforika mme ba hloma hona teng Ntswana-Tsatsi. Hantlentle, ke setjhaba sa

1
Hantlentle lebitso la sethato la Ntswana-Tsatsi ke Tebang.

Fezekile Futhwa 63
Nalane ya Mosotho

Bafokeng se fihlileng pele Ntswana-Tsatsi, sa nto latelwa ke Bakwena. Ho fihleng ha


Bafokeng Ntswana-Tsatsi, puo ya Sesotho e ne e so ka e ba teng. Bohle ba ne bua Serolong2,
mme Sesotho se hlahile ha morao hoba bohle ba hlome Ntswana-Tsatsi.

Ntle ho Bafokeng, ditjhaba tsohle tsa Basotho di tswetswe ke Masilo I ka bara ba bararo e
leng Mohurutse, Kwena le Mokgatla. Mohurutse o ile a tswala setjhaba sa Bataung, hara tse
ding. Kwena a tswala Bakwena, Batshweneng, Bahlakwana le Makgwakgwa. Mokgatla yena
a tswala Bakgatla, Bapedi, Makgolokwe, Baphuthing, Batlokwa le Basia.

Ka bokgutshwenyane, tswalo ya setjhaba sa Basotho ke ena:

Ke ka hona ho thweng Mosotho o bitohile lehlakeng Ntswana-Tsatsi, hobane Ntswana-Tsatsi


ke teng moo Basotho ba tswetsweng teng. Ho tloha mona Basotho ba ile ba phatlalla le naha
ho ya ka diboko ho fapana. Ho phatlalleng hona ke teng moo ho hlahileng diqapodiso tse ding
tsa Sesotho tse tshwanang le Sekgolokwe ha mmoho le Setlokwa; hobane tsena tsohle di
ahlametswe ke puo ya SeZulu haholoholo.

2
Ha ke na bonnete ba puo eo Bafokeng ba fihlileng Ntswana-Tsatsi ba e bua. Empa e re ka ha ba fihlile ba etswa nqalong ya Cameroon,
bohle ba lokela hore ba ne ba bua puo e le nngwe ka ha ba dutse mmohodinaheng tseo.

Fezekile Futhwa 64
Nalane ya Mosotho

Ntlha e nngwe eo re lokelang ho e ela hloko ke ya hore lentswe lena Mosotho le qadile ho
tuma morao tjena ha morena Moshoeshoe I a bokella bohle tlasa puso ya hae mehleng ya
difaqane. Sena e bile dilemong tsa bo 1820, pele ho mona, Basotho bohle ba ne ba tsejwa ka
diboko tsa bona, mme morena Moshoeshoe o ne a busa lekala la Bakwena ba Monaheng.

Na lentswe Mosotho le tswa kae?

Ha re qale ka ho hlakisa hore ditjhaba tsohle di ne tsejwa ka diboko tsa tsona pele di fihla
Ntswana-Tsatsi. Ditjhaba tsohle tse tswetsweng Ntswana-Tsatsi di ile tsa ipitsa Basootho, ke
hore, ba lebala le sootho; mme puo ya bona ya tsejwa ka hore ke Sesootho.

Basootho ba qetelletse ba tsejwa ka hore ke Basotho ho latela qapodiso e fosahetseng ya ho


ngolwa ha Sesootho ke maburu a baruti mane Morija Lesotho3. Ho latela tsebo ya bona e
fokolang ya Sesootho, ba qetelletse ba fosa boholo ba mantswe a Sesootho. Ka hoo, Sesootho
se ile sa ngolwa e le Sesotho; athe Mosootho yona ya ngolwa e le Mosotho. Mokgwa ohle wa
ho ngola Sesootho o thehilwe ke baruti ba Paris Evangelical Mission Society(PEMS) bakeng
sa ho fetolela bibile Sesothong, mme ke ona oo o sa ntseng o sebediswa kajeno lena!

Ka hoo, Ntswana-Tsatsi ke motso wa Mosotho le Sesotho hobane ke Bafokeng ba Mmutla


feela ba sa tswalweng Ntswana-Tsatsi. Motso wa Bafokeng o eme tjena:

Makala ohle a Bafokeng a tswalwa ke Phogole II mora Mmutle, mme sena sohle se etsahala
ba se ba le naheng e tsejwang ka hore ke Botswana kajeno.

Hobaneng ho thwe Masilo o bitohile lehlakeng?

3
Puo ya pele ya ho ngolwa ya Rantsho Aforika e ka Borwa ke Sesotho mme e ngodilwe ke baruti ba Paris Evangelical Mission Society ba
neng a etelletswe pele ke Eugine Casalis. Ke mona moo qapodiso e lahlehileng teng.

Fezekile Futhwa 65
Nalane ya Mosotho

Taba ya pele ke hore Ntswatsi-Tsatsi e botjhabela ba naha, nqalong e tsejwang kajeno lena e
le Botswana. Sebaka sena se botjhaba tsatsi hobane ho latela nalane ya naha ya Basotho pele
ha ho nkuwa ha lefatshe la rona ke maburu, Ntswana-Tsatsi e ne e le moedi pakeng tsa
Basotho, Maswati le MaZulu. Ka hoo, ha ho ne ho buuwa ka botjhabela ba naha, ho ne ho
buuwa ka Ntswana-Tsatsi. Sa bobedi ke hore lehlaka le amahanngwa le ho hloka sekodi, ke
hore tlholeho kapa bohlweki. Ke ka hona Basotho ba hlomang lehlaka ntlong ya motswetse ha
lesea le hlahile. Sa ho qetela ke hore lehlaka le tholahala nokeng, ka hoo le amahanngwa le
metsi e leng mohlodi wa bophelo.

Ke ka hona botjhaba tsatsi e leng sebaka se kgethehileng ho Basotho hobane ke qalehong ya


bophelo.

Ho thwe Masilo o bitohile lehlakeng hobane Ntswana-Tsatsi ke qaleho ya bophelo ba


Mosotho. Ke ka hona diboko tsohle tsa Basotho di qala ho Masilo jwalo ka ntata setjhaba sa
Basotho.

Ka hoo, dintho tse latelang di ya hlomphuwa ka Sesotho:

 Botjhabela
Botjhabela bo lopa letsatsi, e leng ho fanang ka lesedi le kganya. Ke ka hoo tumediso le
thapelo ya Mosotho di reng “lesedi, kganya”.

Sena ke ho tlotla tlholeho ya Mosotho, ha mmoho le tumelo ya hore letsatsi le tla dula le fana
ka kganya le mahlasedi a lona ho Basotho ka mehla.

Ha Mosotho a re “lesedi, kganya”, o bile o tlotla Mmopi wa hae.

 Lehlaka
Lehlaka ke letshwao la bohlweki, ke hore la ho hloka sekodi. Ka hoo tswalo ya Mosotho e
amahanngwa le lehlaka.

Lehlaka le boetse ke molomo o pakeng tsa lefatshe la ba utlwang le badimo.

 Noka
Noka ke mofani wa bophelo ka ha metsi a fana ka bophelo.

Ho feta mona, noka ke sebaka seo ho sona ho tholwang dihahabi, mme sehahabi se noha se
bapiswa le semaka ka ha badimo ba atisa ho itlhahisa ho batho ka sebopeho sa noha. Noha e

Fezekile Futhwa 66
Nalane ya Mosotho

bile ke yona e fehlellang dingaka bonkgenkge ha motho a ka thwasetsa nokeng. Ka hoo, ho na


le tumelo ya hore ba fatshe ba tholahala dinokeng.

Ho phethela ditaba tsa tlholeho ya Mosotho, ke ho tloha Ntswana-Tsatsi moo teng Basotho ka
ho fapana ba ileng ba tlala le naha ka tjako. E itse ha setjhaba se ntse se hola, yaba ho hlokeha
makgulo, ka hoo batho ba qalella ho hloma ba hlomolle. Ke tsela eo setjhaba sa Basotho se
atileng ka teng naheng eo re e bitsang ka hore ke ya Basotho. Ho fihleng ha bona dibakeng tse
mmalwa, Basotho ba ile ba fumana setjhaba sa Barwa, mme bobedi ba aha setswalle le ho
phedisana ka kgotso.

Puo ya Sesotho e wela tlasa lekala la dipuo tse bitswang dipuo tsa Batho(Bantu), e leng lekala
le tsebahalang haholo ka ho thwe ke SeNguni. Tsena tsohle tsona di wela tlasa mokgahlelo oo
ho thweng ke Niger-Congo. Congo ena he ke sona sebaka seo Bahurutse ba tswalwang teng,
le ha mehleng eo e ne e tsebahala ka lebitso la Katanga.

Setshwantsho sa dipuo tsa Rantsho se eme tjena:

Dipuo tse fumanwang lehlakoreng leo la naha ya Rantsho di qhoqhollotswe tjena:

Fezekile Futhwa 67
Nalane ya Mosotho

Hlokomela hore lekala la Batho(Bantu) le tholahala kae setshwantshong sena. Ke teng moo
Basotho bohle re tswang teng.

6.2 Modimo
Lentswe Modimo, le hlalosa hore ya hodimo kapa ya re okametseng.

Modimo ke bonngwe ba mantswe Modimo, Badimo le Medimo.

Ka hoo, Modimo e sebediswa ho latelwa se hlaloswang ke lentswe lena ka nako eo le


bitswang ka yona.

Ha Mosotho a bua ka Modimo, hangata o ya be a bua ka Mmopi, e leng yena mothehi wa


tsohle. Mmopi o boela a tsebahala ka mabitso a Ramasedi le Tlatlamatjholo. Ramasedi e
bolela hore ke yena ya fanang ka lesedi. Ka hoo, ha Mosotho a re “lesedi”, o ya be a boka
Mmopi.

6.3 Badimo
Badimo ke meloko ya heno e seng e le siko lefatsheng la ba utlwang.

Fezekile Futhwa 68
Nalane ya Mosotho

Ka setho, ha motho a hlokahala, o ya lefatsheng leo ho thweng ke la “ba fatshe”. Sena se


bolela hore badimo ke bongata ba Modimo, empa ba tholahala lefatsheng. Jwalo ka ha re
hlalositse hore Modimo e bolela “ya hodimo”, badimo yona e hlalosa “ba hodimo”. Ba
hodimo ho batho, kapa ba okametseng batho.

Ho latela setho, bohle re tla finyella lefatsheng la badimo, leo re le bitsang badimong.

E re ka ha Mmopi a dula hodimo mahodimong, badimo ba dula fatshe lefatsheng, e leng


badimong. Ka hoo, badimo ba heno ke mahokela pakeng tsa batho le Mmopi.

6.4 Botho
Botho ke ho ba le Modimo.

Botho ke mokgwa wa maitshwaro le phedisano pakeng tsa batho. Ka setho, sena ke melawana
e laolang boitshwaro le phedisano hara setjhaba. Ka hoo, botho ke melao e hlalosang hore na
ke eng se amohelehileng hara setjhaba le hore na ke dife dintho tse sa amoheleheng.

E re ka ha botho e le melawana ya setjhaba, melao ena e ntshetswa pele ke bohle setjhabeng


empa ba ka sehloohong ke:
 Batswadi
Batswadi ba jara boikarabelo ba ho ruta bana molao ha mmoho le hona ho ba hlwaya ha ba
fosa.

 Batho ba Baholo
Batho bohle ba baholo setjhaba ba bapala karolo e tshwanang le ya batswadi ka ha ba
lebelletswe ho kgalema bana ha ba fosa, ho sa natse hore na ke ngwana wa mang.

 Metsofe
Bonkgono le bontate-moholo ke ditshiya le baboloki ba melao ya setjhaba. Ho latela dilemo
tsa bona, ke bona bararolli tabeng tsa molao le hore na ditaba di lokela ho sebetswa jwang.

 Matona
Matona, jwalo ka baeletsi ba morena, a seka ditaba tse amanang le molao mme a fane ka
dikgothaletso ho morena.

 Morena
Morena ke yena ya fanang ka tsela dikahlolong tsa hae maelana le melao ya setjhaba.

 Badimo
Badimo, jwalo ka baholo ba setjhaba, ke baeletsi ba setjhaba tabeng tsa molao. Mohlala o
nkuwa ho bona hore na bona taba ba ne ba di sebetsa jwang mehleng ya bona.

 Mmopi
Mmopi ke Ramasedi, ya fanang ka lesedi bathong mme eo ka lebitso la hae batho
phedisanang ka kgotso le toka.

Na dikateng tsa botho ke dife?


o Phedisano mmoho
Batho bohle ba lokela ho phedisana mmoho hara setjhaba.

Fezekile Futhwa 69
Nalane ya Mosotho

o Kamohelo
Batho bohle ba lokela ho ba le moya wa kamohelo ho baeti.

o Seriti
Batho bohle ba lokela ho itshwara ka tsela e nang le seriti.

o Toka
Batho bohle ba lokela ho ba le mokgwa wa toka diketsong le maitshwarong a bona.

o Mamello
Batho bohle ba lokela ho ba le mamello ho ba bang. Ke ka mamello feela ho ka bang
le phedisano mmoho le tshebedisano mmoho.

o Tlhompho
Batho bohle ba lokela ho ba tlhompho. Tlhompho e lebiswa ho bohle setjhabeng,
empa haholo tlhompho pakeng tsa e monyenyane le e moholo.

o Lelapa
Lelapa ke tshiya ya bophelo ka ha bohle ba tswa malapeng.

o Leloko
Leloko ke tshiya ya lelapa ka ha baholo ba rona ba fumanwa hara leloko, mme ke
leloko le lokelang ho tshehetsa motho bophelong.

o Kahisano
Boahisane ke ntho e bohlokwa setjhabeng, ka ha baahisane ba thusana nthong tsohle.

o Boikarabelo
Batho bohle ba lokela ho jara boikarabelo bo ba lokelang setjhabeng, mme karolo ya
maikarabelo ana ke ho ikarabella tabeng tsa bana ba hao. Motswadi o jara maikarabelo
a feletseng ka diketso tsa ngwana wa hae setjhabeng.

o Tshebedisano mmoho
Bakeng sa ho phedisana ha mmoho, batho bohle ba lokela ho sebedisana mmoho moo
ho lokelang.

Ditlamorao tsa motho ya sa ikamahanyeng le molao wa botho hara setjhaba ke:


o Kgalemo
Motho a ka kgalemuwa ka molomo kapa moo ho hlokehang ka thupa. Motho a ka ba
moholo ho le ho kae, empa ka Sesotho motho o ya shapuwa ke ba baholo ho yena ha
ho hlokeha.

o Tefiso
Motho ya tlotseng molao a ka lefiswa tefo ya mofuta o itseng bakeng sa molato wa
hae. Ka tlwaelo tefiso e etsuwa ka leruo la diphoofolo, empa morao tjena tefiso e ka ba
ka tjhelete ka ha boholo ba batho ha ba sa ruile.

o Teleko

Fezekile Futhwa 70
Nalane ya Mosotho

Motho a ka qetella a lelekuwe motseng ha e ba a dula a tlola molao kapa ketso ya hae
e tshabeha hore a ka lefiswa.

6.5 Tlhompho
Tlhompho ke ketso ya ho:
 hlompha
 ho bontsha boikokobetso
 ho ananela taelo
 ho mamela batswadi le batho ba baholo
 ho rata wa heno
 ho se tlole molao
 ho etsa ketso tse lokileng
 ho se etse boithatelo

Ka hoo, tlhompho ke ho latela ditsela le mekgwa ya setjhaba sa heno ntle le qeaqeo.

6.6 Nqalo tse Hlomphuwang


Nqalo tse hlomphuwang ke dibaka tse nang le seriti, tse tlotluwang le tse nkuwang di e na le
sedimo. Dibaka tsa mofuta ona ha ho tanakellwe ho tsona ke hona.

Dibaka tsa mofuta ona di na le moelelo o itseng setjhabeng le ho batho ba di hlomphang.

 Lesaka
Lesaka ke lefa la lelapa. Ke moo letlotlo la lelapa, ka tsela ya diphoofolo, le bulukuwang teng.

Ho feta mona, lesaka ke moo mesebetsi yohle ya lelapa e nkang sebaka teng ka ha diphoofolo
tsohle tsa lelapa di lokela ho hlabelwa teng.

Mehleng ya kajeno moo batho ba seng ba se na leruo la diphoofolo, lesaka ke sebaka moo
teng ho hlabelwang diphoofolo ka hara seotlwana.

 Leifo
Leifo ke sebaka seo ho phehelwang dijo tsa lelapa teng. Leifo ke teng moo ditshomo le dipale
di neng di phethwa teng ka phirimana.

 Seotlwana
Seotlwana ke mokgoro ka mong o fumanwang hara lelapa. Lelapa ka leng le ahilwe ka
mekgoro e sehlotshwana. Ka Sesotho, batswadi ha ba arolelane seotlwana le bana. Ka hoo ho
ye ho be le diotlwana tse mmalwa hara lelapa, tso kaofela di nang le mesebetsi ya yona.

Ho ba teng seotlwana moo ho phehelwang teng le moo ho bolokwang dibediswa tsa lelapa.
Ntate wa lelapa o ba le seotlwana sa hae a le inotshi, moo a robalang teng. Bana ka tlwaelo le
bona ba ne le seotlwana sa bona sa ho robala.

Diotlwana tsena di ya hlomphuwa hobane ke bophelo ba lelapa.

 Mophato
Mophato ke moo bana ba bekwang teng ho ba banna kapa basadi. Diketsahalo tsa mophatong
ke pinyane kapa kooma e tsejwang feela ke ba tswang teng. E re ka ha mophato e le

Fezekile Futhwa 71
Nalane ya Mosotho

thupellong ka tsa bophelo le setjhaba, ke ba nang le ditokelo feela ba dumelletsweng ho kena


teng.

 Mabitla
Mabitla ke nqalo moo ho phomotseng ba kgutsitseng. Ntlha ya pele ke hore mabitleng ke moo
ho phomotseng beng ka rona. Sa bobedi ke hore ke moo re iteanyang le badimo ba rona teng
ka ha ke moo ditopo tsa bona di robetseng teng; ka lebaka lena mabitla ke sehopotso sa beng
ka rona.

 Lepatlelo
Lepatlelo ke sebaka se bulehilen sa motse moo tenn dintwa di hlanakwang teng ha dira di
hlasetse. Lepatlelo le sebediswa hape ho tshwara dikopano tsa setjhaba tse ke keng tsa anela
kgotla, hape le sebediswa bakeng sa mekete le menyakwe ya setjhaba.

 Ntlong
Ntlong ke seotlwana seo ho sona ho pepelwang teng, moo motswetse a dulang teng ho fihlela
ngwana a etswa lehlakeng.

 Thakaneng
Thakaneng ke sebako se oho robalang banana ba dilemong tsa ho kena borwetsaneng tlasa
tlkokomelo ya basadi baholo ba motse. Sebaka sena se ilwa ke bontate.

6.7 Ditoro
Ditoro di na le meelelo e fapaneng ho latela sepheo sa tsona ho motho ya di lorang. Empa
ditoro tsohle tsa motho ke tsela eo bophelo bo itshenolang ka teng ho yena.

Ho teng mefuta e meraro ya ditoro, e leng:


o Tshenolo
Tshenolo ke ditoro tse ka tsona motho a senolelwang kapa a bontshwang tse tlang ho
etsahala bophelong ba hae kapa bophelong ba motho e mong.

o Ditoro tsa Badimo


Ditoro tsa badimo ke ditoro tseo ho tsona motho a fuwang ditaelo ka tseo a lokelang
ho di phetha.

o Tsa ka mehla
Ditoro tsa ka mehla ke kgokahanyo ya motho le sebomodimo.

6.8 Moetlo
Na bohlokwa ba moetlo ke bofe tumelong ya Mosotho?

Moetlo o re fa tsela e tsitsitseng ya ho phetha tumelo ya rona ka ha ke ka moetlo re


phethahatsang boikarabelo ba tumelo. Ka hoo he, setjhaba se seng le se seng se na le moetlo,
oo ka wona se phethahatsang ditshwanelo tsa tumelo ya sona.

6.9. Tshollo ya Madi


Tshollo ya madi ke tsela eo batho ba hokahangwang le badimo ka yona. Ke ka tshollo ya
madi a phoofolo moo re kgonang ho buisana la badimo ka yona. Ka hoo, lelapa ka leng le
lokela ho boloka lesaka le hlohonolofatsehile ka ho hlaba phoofolo kgafetsa. Sena se tlisa
mahlohonolo le nala.

Fezekile Futhwa 72
Nalane ya Mosotho

6.10 Boreatseba
Dingaka tsa Sesotho di bapala karolo e kgolo ho hokahanya batho le sebomodimo sa bona. Ke
dingaka tse rarollang ditoro tseo batho ba sitwang ho di rarolla kapa ho di utlwisisa. Ke
dingaka hape tse eletsang batho ditabeng tsa sedimo hore na ke eng se lokelang ho etsuwa ho
buisana le badimo kapa ho phetha ditaelo tsa bona.

6.11 Thapelo ya Sesotho

Lesokwana

Re mekgolotjhane
Ha re etsa welewelele
Sila kwae re yo tsuba thabeng
Re yo tswala mosweu a lehaha.

Ntidi o bitswa Lebabalasi


Ho thwe a yo thusa dikgarejana
Ntswaketsane a ntola Ntidi
Nka ikgohla ka Ntidi ka kuka

Modimo ako re utlwe re a rapela


Mmakane! ho ilwe kae?
Ho sa keng ho kgutlwa re tla bonwa?
Bonkgono ba llela matlala
Kapa ba a bona jwang ba shwele?

Ba a bona ka paka tsa mabitla


Beng ba dikgomo ba ntse ba lela
Ba re tsa bona di a tswalla neng tsona
Di tswala, di ata, di ntshetsa marole pele.

Ka lala le ngwana seho, ka hatsela


Ngwana seho ha a na molongwana
Ke re ka bua le yena, ha a bue!
Feta o phokole, nna ke kgathetse.

Hlabang tse tshweu, le nee medimo


Le tle le bone ha medimo e thaba
Ha medimo e thabela dikgarebe
Ntidi wa lona basadi ke ofe?

Ntidi o a bitswa, o a llelwa


Ngwana seho o letse a mpadisa meloko
Meloko ya habo ke e tseba kang?
Ke tseba ya heso, le eso moholo.
Ntidi o a bitswa le Makhoakhoeng
Le Makhoakhoeng di teng dikgarejana
Ha re etsa welewelele,
Modimo ako re utlwe, re a rapela.

Fezekile Futhwa 73
Nalane ya Mosotho

7. Dipapadi
Dipapadi ke ketsahalo tsa ho ithabisa ka ho sheba, bapala kapa ho nka karolo ketsong eo
sepheo sa yona e ka bang tlhodisano, boithapoloso kapa tlholo.

Mona ke fana ka dipapadi tsa Sesotho mme dipapadi tsa sejwalejwale tseo e leng maadingwa
ha di ya kenyeletswa. Sepheo ka sena ke ho bontsha hore Basotho ba ne le dipapadi tsa bona
tse phethahetseng.

 Mantilatilane
Mantilatilane ke papadi ya bana moo ba rutwang bokgoni ba dithoko teng le tsebo ya diboko.

Mmotsi: O tswa kae?


Seroki: Ke tswa ha Mantilatilane
Mmotsi: Wa ja eng?
Seroki: Ka ja bohobe
Mmotsi: Wa futswela ka eng?
Seroki: Ka metsi a pula
Mmotsi: Thella he!
Seroki: Ke thelle jwang ke le…(e ba o rokela seboko sa hae)

Mohlala:
Ke thelle jwang
Ke le Mokgatla, Moananong,
Motho wa Mankwane,
Motho wa Mamodise a Setabele,
Ke motho wa Manalane a Kgabo,
Moana nonyana e hodimo, nkgodikgodi
(thoko e tswella pele)

Tsebo ya diboko e fetisetswa baneng haholo ka papadi ena ka ha batho ba baholo ba nka
karolo ho yona e le ha ba ruta bana diboko tsa bona.

 Mantlwane
Mantlwane ke papadi ya bana moo teng ba thehang malapa mme ba etsise beng ka malapa. O
bapalwa ke bana ba banyenyane mme ke teng boo ba ithutang ho pheha teng.

 Dilotho
Dilotho ke bongata ba lentswe selotho, leo lona le tswang ho lentswe lotha, e leng ho bolelang
ho bua puo e tswapetseng; e hlokang tharollo.

Ka hoo, dilotho ke tshebediso ya puo ka tsela e potetseng, e hlokang ho rarollwa ho utlwisisa


moelelo wa se bolelwang. Re ka re dilotho ke patuwe, ka ha ho sa sebediswe puo e
tlwaelehileng, empa puo e sebediswang e hloka kutlwisiso e batsi ya Sesotho.

Dilotho di etswa ka tsela ya papadi pakeng tsa batho ba babedi, e leng molothi le morarolli wa
selotho. Papadi ena e bapalwa ka tsela ena:

Molothi: Ka o lotha
Morarolli: Ka eng?
Molothi: Qi qi pote!

Fezekile Futhwa 74
Nalane ya Mosotho

Morarolli: Ke tweba
Molothi: Ka o lotha
Morarolli: Ka eng?
Molothi: Ka sejala mona sa mela thabeng
Morarolli: Ka sereka (ha morarolli a hlokeha ho rarolla selotho se butsitsweng, a ka se reka)
Molothi: Ka eng?
Molothi: Ka majwana mabedi mabetsa hole (jwale eo e neng e le morarolli o fetoha molothi)
Morarolli: Ke mahlo

Ha selotho se rekuwe mme morarolli a hloleha ho rarolla, bobedi ba lokela ho rarollelana


dilotho tsa bona.

 Senyamo
Senyamo ke papadi ya lerato e bapalwang pakeng tsa bana. Ke papadi ya ho botsolotsa
morwetsana hore na e ka ba o rata moshemane ya itseng.

Papadi ya teng e bapala ka hore ho be le ya botsang emong ka tsela ena:


Mmotsi: Senyamo
Mmutsuwa: Se mang?
Mmotsi Se nnyeo(moo nnyeo e leng lebitso la moshemane)
Mmutsuwa: Seboko(ha e ba a hana moshemane)
KAPA
Mmutsuwa: Ka shwa!(ha e ba a dumela moshemane)

Ena ke yona tsela eo batswadi ba neng ba kgethela bana ba bona balekane ho tloha
bonyenyaneng mme ba hudiswa ka tsebo eo ya hore ba tla nyalana le mang mohla ba
hodileng.

 Malepa
Malepa ke papadi e pabalwang ke bana le bomme, moo teng motho a pobang dibopeho tse
itseng ka kgwele e tlanngweng mme ya kopanngwa mahlakore ka bobedi.

Eba ya bapalang o lowa sebopeho se itseng ho latela mofuta wa papadi o bapalwang.


Bomphato wa hae bona ba lekola nepahaloya sebopeho ha mmoho le nako ka ha e bapalwa ka
nako. Mona ho boptjwa dibopeho tse fapananeng ka ha papadi ka nngwe e na le sebopeho sa
teng.

Papadi ya malepa e ruta dipalo ha mmoho le ho tsepamisa maikutlo tabeng.

 Mokopu
Mokopu ke papadi e bapalwang ke banana, ba hlodisana ka dipina ho ya ka metse ya bona e
fapaneng. Dipina tsa mokopu di bapalwa ka nako ya Lehwetla, ba bina ba
kobisana hoya ka metse ya bona le banana ba teng.

Ke mokgwa oo batswadi ba rona ba neng ba nyalwa ka teng, bahlankana ba ne ba


kgahlwa hona moo, ebe base ba hulela ka lapeng. Ke moo tjhobediso e neng e
hlaha teng.

Ka nako tse ding dipina tseo bane ba di bina ho boka marena a bona le ho leboha
batswadi ba bona. Ha ba ilo bapala mokopu bane ba phehelana. Mohlala: ha ba

Fezekile Futhwa 75
Nalane ya Mosotho

Tseki ba tla Bolata, ba bolata ke bona ba phehang. Hara dijo mokopu o tlamehile
hore o be teng dijong tse phehuweng. Hoba ba je, banana ba dipina tsa mokopu ba etsa
bohlaswa ka boomo; ka ho beha dijana moo di sa duleng. Ha ba bina ba binaela lapeng la
habo e mong wa banana ba ba etetseng.

Mokopu ke enngwe ya dipapadi tse bapalwang ho rapella pula ke Basotho, jwalo ka


lesokwana.

 Malatadiana Tsela
Malatadiana tsela ke papadi e bapalwang ke bana ho tjhora kelello.

E bapalwa tjena:

Sebotsi se supa lejwe la pele se botse: Eo ke mang wee?


Karabo: Malatidana tsela
Sebotsi jwale se supa la bobedi: Eo ke mang wee?
Karabo: Ngwana rrae e moholo
Sebothi se supa lejwe la boraro: Eo ke mang?
Karabo: Qhaqholla o re qiti!
Sebotsi jwale se kgutlela lejweng la pele: Eo ke mang wee?
Karabo: Malatadiana tsela
Sebotsi se supa lejwe la bobedi: Eo ke mang wee?
Karabo: Ngwana rrae e moholo
Sebotsi se supa lejwe la boraro: Eo ke mang wee?
Karabo: Pitsana ha e na kgobe
Sebotsi se supa lejwe la bone le rwetseng le leng: Eo ke mang we?
Karabo: Qhaqholla o re qiti!
(O tlosa lejwe le ka hodimo o le behe fatshe)

 Mohobelo
Mohobelo ke pina ya bontate e etelletsweng pele ke sephokodi mme bohle ba bina mmoho ka
tlatsetso. Bohle ba bina ba keta.

 Pina
Pina ke papadi eo teng bana ba ipenelang feela ho ithabisa.

 Dithoko
Dithoko ke papadi eo ho yona bana ba ithutang boroki ka ho ithoka ka tsela tse fapaneng.
Bonyenyaneng, dithoko di tsamaisana haufi le dithotokiso ka ha ke teng moo ba tlang ho
rokela ntho tse fapaneng.

 Diketo
Diketo ke papadi ya banana e bapalwang ka majwe. Ho na le mefuta e meraro ya diketo e
leng kopi, matlotlo le nkope.

Molemo wa diketo ke ho ruta ngwana dipalo ha mmoho le ho mo ruta ho laola tshebediso ya


mahlo ha mmoho le letsoho ka nako e le nngwe.
o Kopi
Kopi ke diketo tse bapalwang ka ho tjheka mokoti mme ho be le majwe a leshome ao
ho bapalwang ka ona ntle le kgomo, e leng lejwe le leholo le betswang hodimo ka

Fezekile Futhwa 76
Nalane ya Mosotho

nako eo ngwanana a ntshang majwe ke mokoting mme a a kgutlisetsa ka ho latelana


ka palo ya ona ho tloha ho nngwe ho fihlela ho leshome. Ha feela a ntse a a ntsha
mokoting mme a kgutlisetsa palo e nepahetseng ntle le ho diha kgomo, e ba o tswela
pele ho bapala.

o Matlotlo
Matlotlo ke diketo tse bapalwang ka mekoti e leshome le metso e mmedi. Dibapadi di
ya ka ho latelana ba nka majwe ka mekoting ka ho latelana, mme e bang lejwe la ho
qetela le feela dikgomong tsa e mong, dikgomo tseo di hapilwe. Ya qetellang a ena le
dikgomo tse ngata ho feta ba bang ke yena mohlodi.

o Nkope
Nkope e tshwana hantle le kopi, phapang feela ke hore nkope yona e bapalwa ka
sedikadikwe se sehilweng fatshe e seng mokoti.

 Morabaraba
Morabaraba ke papadi e bapalwang ke banna ba Basotho ho tlosa bodutu kapa ho tsamaisa
nako. O bapalwa ke batho ba babedi mme motho ka mong a bapala ka dikgomo tse leshome le
metso e tsheletseng.

Sepheo ke ho tjhehana le ho jana dikgomo. Ya qetellang ka dikgomo tse ngata ke yena


mohlodi.

 Tswibila
Tswibila ke papadi ya bashemane ba banyenyane moo ba nkang letsopa ba le thapisa, ha ba
qeta ba le hlome hodima thupa ya sefate sa moduwane; ba ntano le betsetsa ka sekgahla ho e
mong e le ho mo otla ka lona.

 Ho tsoma
Ho tsoma ho etswa ke banna le bashemane ka hoy a naha thote ba ilo tsoma dinyamatsane.

 Ho kalla
Ho kalla ke papadi ya banna e bapalwang haholo nakong eo makolwane a etswang
mophatong ka yona. Banna ba tsamaya ba kalla ho bontsha boqhetseke ba bona ka melamu.

 Ho tshosetsa
Ho tshosetsa ke papadi ya bashemane moo teng ba tswasang dinonyana.

Fezekile Futhwa 77
Nalane ya Mosotho

 Ho kgwasa
Ho kgwasa ke papadi ya bashemane moo teng ba tshwasang ditadi tse jewang tse jwalo ka
kgwana, kotso le lebodi.

 Masiyasiyane
Masiyasiyane ke papadi ya bana ba banyenyane moo teng ho mathwang ho bona ya tla tswa
pele. Papadi ena e thusa bana hore masapo a tiye.

 Kgathi
Kgathi ke papadi ya banana moo ba tlolang thapo e tshwerweng ke banana ba babedi
lehlakore ka leng, e ba ba bang bona ba ya tlola ha e ntse e bapadiswa.

 Mankokosane
Mankokosane ke papadi ya bana ba sa leng banyenyane moo ba bapallang puleng ba
bidikoloha mme ba bina pina ya monkokosane e reng:
Mankokosane, pula e ya na,
Re tla hola neng,
Ha o so sele,
Ha o so sele.

Papadi ena e bapalwa ka dikgopo.

 Mokgibo
Mokgibo ke mokgabo wa bomme le banana, moo teng ba bapadisang ka mahetla ba
kgumamme mme ba tsamaisana le pina.

 Lesokwana
Lesokwana ke papadi e bapalwang ke banana ba matswele a emeng ho rapella pula nakong ya
komello. Banana ba motse o itseng ba tla tswa ho ya metseng e mabapi moo teng ba tla nneng
ba kene malapa ba ikopisa metsi a ho nwa. Lelapeng leo ba tlang ho bona lesokwana la motse
teng ba tla le nka mme ba balehe ka lona. Banana ba motse oo ho nkilweng lesokwana teng
bat la lokela ho ba lelekisa ho fihlela ba kgutla ka lesokwana leo.

Mona ho ye h kgethwe banana ba lebelo haholo ho matha ka lesokwana lena.

E bang ba utsweditsweng lesokwana b aka hloleha ho kgutla le lona, e ba tlontlollo le


maswabisa ho bona; mme ba lokela ho etsa maleba a hore le bona ba iphetetse ka ho ya utswa
la motse oo banana ba teng ba utswitseng la bona ho itlhakola maswabi.

 Ho sesa
Ho sesa ke papadi ya ho bapalla nokeng.

 Ho bopa
Ho bopa ke papadi ya banana le bashemane, moo ba ithutang tshebediso ya letsopa. Bana ba
banana ba lokela ho fumana boiphihlelo bona ka ha disebediswa tsa ka tlung boholo di etswa
ka letsopa. Dinkgo le dinwelo di etswa ka letsopa mme ke dintho tseo ba tla lokela di etsa
mohla ba hodileng ba leng metseng ya bona.

 Ho lowa

Fezekile Futhwa 78
Nalane ya Mosotho

Ho lowa ke papadi ya banana le bashemane moo ba ithutang tshebediso ya mefuta ya


majwang. Ba lokela ho tseba mefuta ena le hore na e sebedisetswa disebediswa dife.
Bashemane ba ithuta ho lowa dikatiba ha banana bona ba ithuta ho lowa disebediswa ka
matlung jwalo ka meseme, metlhotlho le sethebe.

 Monyanyako
Monyanyako ke papadi ya banana le bashemane moo teng ho binwang dipina tsa thabo. Ha
ngata ho ba le mekete moo ho bang le ditlhodisano pakeng tsa metse e mabapi ho phehisanwa
ka bokgeleke ba ho bina.

 Mantlwane
Mantlwane ke papadi ya bana moo teng ba etsisang ho ba beng ba malapa. Ba etsisa batho ba
baholo ho beng mme le ntate.

 Boleke
Boleke ke papadi ya banana le bashemane moo ho bapalwang maipata mme e mong a lokela
ho batla bohle.

 Nkgono Makalane
Nkgono Makalane
A wela ka pitseng
Katse ya mmona
A tswa a tswa a ketoha
A tswa a tswa a ketoha

 Ke Ledimo
Ke ledimo
Mememe
Ke ja bana
Mememe
Ba Mamina
Mememe
Ba dithumula
Mememe
Mme pitsa e tjhele!

Fezekile Futhwa 79
Nalane ya Mosotho

8. Mabitso
Mona ke mpa ke fana ka methwaela feela ya mabitso ao bana ba Basotho ba ka a reuwang
bonyenyaneng ba bona. Ntlha e bohlokwa key a hore Basotho ba reha bana mabitso a nang le
moelelo ho latela meamo a tlhaho ya bona.

8.1 Bashemane

Babatsang Kgaudi, Khaudi Lekunutu


Baratang Kgauhelo, Khauhelo Lelonatsha
Bereng Kgetsi, Khetsi Lenka
Bohlale Kgiba, Khiba Leoka
Botsho Kgosi, Khosi Leokaoke
Chabedi Kgothalang, Khothalang Lepekola
Chakela Kgotso, Khotso Lepheane
Chitja Kgwadi, Khwadi Lepoqo
Diale Khabele Leqheku
Dibe Khauhelo Lerato
Dikano Kheola Lerole
Dikotsi Kobuwe, Kobue Lerothodi
Diphapang Koekoe Lesedi
Diphoolo Koenehi Lesiba
Disema Komello Letele
Disene Kopano Lethaha
Ditaba Korotswane, Korotsoane Letjhe, Leche
Ditheko Kotulo Letlatsa
Ditokiso Kutlwano, Kutloano Letlotlo
Ditsie Kwena, Koena Letotomana
Ditsietsi Laake Letsatsi
Fako Lahluwe Letsholo
Fana Lakabane Letsie
Hlalele Leabua Letsika
Hopolane Lebaka Letsiri
Hopolang Lebenya Letsoaka, Letswaka
Kabelo Lebohang Letsoalo
Kadi, Kali Lebusetsa Letuka
Kadinyane, Kalinyane Lecheko Lienyane
Kahlolo Lechesa Maama
Kamohelo Ledimo Mabe
Kananelo Ledingoana Machela
Katleho Leeto Maele
Keletso Lefa Mafa
Kgabele, Khabele Lefu Mafoka
Kgabo, Khabo Lehana Mahasane
Kgalala, Khalala Lehasa Mahase
Kgamadi, Khamadi, Lehlohonolo Mahlomola
Khamali
Kganya, Khanya Lekena Majara

Fezekile Futhwa 80
Nalane ya Mosotho

Kgau, Khau Lekgetho, Lekhetho Makalo


Makara Morapedi Qabang
Makepe Moratehi Qalo
Makgabane, Makhabane Moratwe Qobokwane, Qobokoane
Makgaola, Makhaola Morena Radipodi, Ralipoli
Makgetha, Makhetha Morero Ramahlale
Makgobalo, Makhobalo Morwallo Ramaleka
Makgwadi, Makhwadi, Mosala Ramano
Makhwali
Malefetsane Mosamo Ramatlotlo
Maleka Mosebetsi Rammoloki
Manollo Mosebi Reabetswe
Manolo Mosito Sebidi, Sebili
Marumo Mosola Sebidinyane, Sebilinyane
Maruping Mosolodi Sechele
Masilo Mosuwe Sedimo, Selimo
Masopha Motale Seeiso
Maswabi Motebang Sefako
Mathula Mothaha Sefatsa
Matla Mothala Sehlooho
Matlaisane Motho Sekeletu
Matshekga, Matshekha Mothuntsane Sekgupi
Matshela Motjhotjhonono, Sekonyela
Mochochonono
Matsiboho Motlaisane Sella
Medupi, Melupi Motlalentwa, Motlalentoa Sello
Melato Motlalepula Sentu
Mmako Motlatsi Sephalo
Mmoloki Motlejoa, Motlejwa Seponono
Mmope Motloang, Motlwang Serame
Mmota Motlohelwa, Motloheloa Setai
Mmui Motlwenya, Motloenya Setha
Mmusa Motsamai Setjhaba
Moahlodi Motseki Setsoto
Moalosi Motshwane, Motshoane Setumo
Mocheko Mpai Seutlwadi
Mochochoko Mpe Shoeshoe
Modibedi, Molibeli Mpewane, Mpeoane Sootho
Modisa, Molisa Mpeyane Taetso
Modise, Molise Mphielo Tahleho
Modupi Mpho Taola
Moeketsi Mpholo Taolo
Moeletsi Mphooko Tatolo
Moeti Mphutlane Tau
Moferefere Mpiti Taunyana
Mohale Nakedi, Nakeli Taunyane
Mohanwe, Mohanoe Nala Tebalo
Mohapeloa Nalane Tebang

Fezekile Futhwa 81
Nalane ya Mosotho

Mohapi Naledi, Naleli Tebatso


Mohato Napo Tebello
Mohau Nare Teboho
Mohlahli Neo Teele
Mohlalefi Nkadimeng, Nkalimeng Tefo
Mohlolo Nkatle Tekano
Mohlomi Nkesi Teko
Mohlophehi Nkhahle Qabang
Mohlouwa Nkokoto Qalo
Mojaki Nkopane Qobokwane, Qobokoane
Mojalefa Nkopi Radipodi, Ralipoli
Mokatiso Ntai Ramahlale
Mokete Ntala Ramaleka
Mokgatla, Mokhatla Ntho Ramano
Mokgele, Mokhele Nthofeela Ramatlotlo
Mokgeseng, Mokheseng Ntja Rammoloki
Mokgesi, Mokhesi Ntjhabeleng, Nchabeleng Reabetswe
Mokgethi, Mokhethi Ntjhanyana, Nchanyana Sebidi, Sebili
Mokhehle Ntjheme, Ncheme Sebidinyane, Sebilinyane
Mokoenehi Ntsane Sechele
Mokokobetsi Ntshala Sedimo, Selimo
Mokone Ntshanki Seeiso
Mokotedi Ntsie Sefako
Mokotjo Ntsikwe, Ntsikoe Sefatsa
Molahlehi Ntsukunyane Sehlooho
Molantwa Nyaredi Sekeletu
Molao Paballo Sekgupi
Molaodi Pakaditha Sekonyela
Molatedi Peete Sella
Molatodi Phakisi Sello
Molefi Phakiso Sentu
Molelekeng Phakoe, Phakwe Sephalo
Moleleki Phala Seponono
Molemo Pheko Serame
Moletsane Phelane Setai
Monaheng Phooko Setha
Monare Phori Setjhaba
Moneuwa Phuthi Setsoto
Monono Pitso Setumo
Montsho Ponki Seutlwadi
Montwedi Potlaki Shoeshoe
Monyane Pule Sootho
Moorosi Pusetso Taetso
Mopeli Puso Tahleho
Moramang Putswe, Putsoe Taola
Taolo Thekiso Tseko
Tatolo Theko Tshediso, Tsheliso
Tau Thesele Tshehla

Fezekile Futhwa 82
Nalane ya Mosotho

Taunyana Thokoa Tshehlanki


Taunyane Thoriso Tshele
Tebalo Thotobolo Tshele
Tebang Thulare Tshepo
Tebatso Thulo Tshitso
Tebello Thulwane Tshitwe, Tshitoe
Teboho Thuso Tshiu
Teele Tieho Tshokolo
Tefo Tladi Tsholo
Tekano Tledima Tshwaedi
Teko Tlholohelo Tshwarelo, Tshoarelo
Tello Tlhoriso Tshweu, Tshoea
Thabang Tlokotsi Tshweute
Thabiso Tlopo Tsietsi
Thabo Toka Tubatsi
Thapelo Tokelo Tumahole
Thato Tsebo Tumelo
Wetsi

8.2 Bananyana

Babatsang Mamonare Nkemiseng


Baratang Mamorapedi Nketeleng
Boemo Mamorena Nketsise
Bohlale Mamosa Nketu
Boikano Mampai Nkutlweng, Nkutloeng
Bonolo Mampe Nleteng
Botle Mamphane Nneheng
Botlenyana Mampoi Ntahleng
Diape Manana Ntaoleng
Dibakiso Manapo Nthateng
Dibuseng Mangaka Ntebaleng
Dieketseng Manthatisi Nteboheng
Diepe Manthofeela Ntekeng
Diepollo Manthope Ntetekeng
Dikeledi Mantja Nthabiseng
Dikengkeng Mantsebo Nthateng
Dikgapha, Dikhapha Mantsho Nthati
Dikonelo Mantwa, Mantoa Nthatisi
Dilatole Mapalo Nthatuwa, Nthatuoa
Dillo Masadi Ntjantja
Dimakatso Masekgaudi, Masegaudi Ntsebeng
Dineo Masello Ntsekiseng
Dinkeng Masetjhaba, Masechaba Ntshediseng
Dipolelo Matakatso Ntsoaki, Ntswaki
Disebo Matefo Ntsoteng
Diteboho Matello Ntsubise

Fezekile Futhwa 83
Nalane ya Mosotho

Ditlhare Matete Ntswakeleng, Ntsoakeleng


Ditokiso Mathabo Nyakallang
Fedile Mathapelo Nyakallo
Felleng Mathebule Pabala
Fumane Matheo Paballo
Hadiyo Mathokoa, Mathokwa Pabatso
Hlalefang Mathokoana, Mathokwana Pabi
Ikaneng Mathoto Palesa
Itumeleng Mathulo Phomolo
Jwalane, Joalane Matjobolo Polelo
Karabo Matlakala Pontsho
Kekeletso Matsebetsebe Potso
Keketso Matsebo Pulane
Keneilwe, Keneiloe Matsela Puleng
Keneuwe, Keneuoe Matseleng Puseletso
Ketseletso Matshediso Reanetse
Kganki, Khanki Matshepo Refilwe, Refiloe
Kgathatso, Khathatso Matshiu Relebohile
Kgatliso, Khatliso Memme Reneilwe, Reneiloe
Kgodu, Khodu Mmabohlale Rethabile
Kgopolo, Khopolo Modiehi Salama
Kgopotso, Khopotso Moipone Seakgwe
Kgothatso, Khothatso Mojabeng Sebabatso
Kgubedu Mojanku Sebolelo
Lebohang Molahluwa, Molahluoa Seilatsatsi
Lerato Moleboheng Seipati
Mabotle Monyaduwe, Monyaduoe Seithati
Madiepetsane Mookgo, Mookho Sellwane, Selloane
Madikotsi Morakane Selowe
Madillo Moratuwa Semakaleng
Madipolelo Morongwe, Morongoe Seruwe, Seruoe
Maditaba Morongwenyana, Takatso
Morongoenyana
Mafodisa Morwesi, Moroesi Thabile
Mafusi Mosa Thakane
Mahlape Mosela Thateng
Maipato Mosidi Thatohatsi
Majwale, Majoale Motladile Tholwana, Tholoana
Makgala, Makhala Motlatsi Tiisetso
Makgokolotso, Motsekuwa, Motsekuoa Tlalane
Makhokolotso
Makgotso, Makhotso' Motshabi Tlaleng
Malea Motshedisi Tselane
Malefu Mpateng Tseleng
Malefunyana Mpati Tshehlana
Malehlohonolo Mphakiseng Tshepang
Malehlwa Mpho Tshepiso
Maleshwane, Maleshoane Mphonyana Tsietso

Fezekile Futhwa 84
Nalane ya Mosotho

Maletsatsi Mpolokeng Tsoana


Malonya Mpotseng Tsotang
Mamello Naledi
Mamokete Nkamoheng
Mamokgele, Mamokhele Nkeele

8.3 Mabitso a Mafahla - Bashemane

Moholo Monyane
Baratang Lerato
Bohlale Bohlajana
Botsho Tshweu
Kabelo Kabedi
Kadi, Kali Kadinyane
Teboho Lebohang
Lebusetsa Mabusetsa
Lefa Mojalefa
Leqheku Leqhekwana
Lesedi Khanya
Mahase Mahasane
Medupi, Melupi Modupi
Moeketsi Moekeletsi
Mojaki Mojakisane
Mokgesi, Mokhesi Mokgeseng
Moleleki Molelekwa
Mosolodi Mosolotsana
Motale Motalenyana
Mpho Mphielo
Nala Nalane
Qalo Qetelo
Sebidi, Sebili Sebidinyane
Tau Taunyana
Tau Taunyane
Thabo Thabiso
Theko Thekiso
Thokoa Thokoana
Thulo Thulwane
Tshepo Tshepiso
Tshehla Tshehlanki

8.4 Mabitso a Mafahla - Bananyana

Moholo Monyane
Babatsang Sebabatso
Baratang Lerato
Botle Botlenyana
Dikeledi Dikgapha

Fezekile Futhwa 85
Nalane ya Mosotho

Dillo Madillo
Karabo Karabelo
Keketso Kekeletso
Lebohang Diteboho
Mabotle Botle
Malefu Malefunyana
Matsela Matseleng
Matshepo Matshepiso
Morongwe, Morongoe Moronwenyana
Mpho Mphonyana
Naledi Naletsana
Nthati Nthateng
Potso Potsiso
Puleng Pulane
Tlaleng Tlalane
Tsotang Setsoto

8.4 Mabitso a Mafahla – Ngwanana le Moshemane

Moshemane Ngwanana Moshemane Ngwanana


Dikotsi Madikotsi Pule Mapule
Kgotso Makgotso Puso Mapuso
Kwena Makwena Sello Masello
Lefu Malefu Seponono Maseponono
Lerato Malerato Serame Maserame
Lesedi Malesedi Setjhaba Masetjhaba
Letlotlo Maletlotlo Teboho Mateboho
Letsatsi Maletsatsi Tello Matello
Modupi Mamodupi Thabo Mathabo
Mohlouwa Mamohlouwa Thapelo Mathapelo
Mokete Mamokete Theko Matheko
Mokhele Mamokhele Thulo Mathulo
Moneuwa Mamoneuwa Tsebo Matsebo
Morapedi Mamorapedi Tseko Matseko
Morena Mamorena Tseko Motsekuwa
Mpai Mampai Tshediso Motshedisi
Mpe Mampe Tshepo Tshepiso
Mpho Mampho Tsietsi Maditsietsi
Mpho Mphonyana Tumelo Itumeleng
Mpiti Mampiti Pakiso Dibakiso
Napo Manapo Neo Dineo
Ntai Mantai Teboho Diteboho
Nthofeela Manthofeela Keke Kekeletso
Ntja Mantja Keke Keketso
Ntsane Mantsane Ditaba Maditaba
Mmako Mammako Lehlohonolo Malehlohonolo
Phuthi Maphuthi

Fezekile Futhwa 86
Nalane ya Mosotho

9. Dijo le Dino

 Bohobe
Bohobe ke sejo se entsweng ka hlama e lomositsweng, se bedisitsweng ho fihlela se butswa.
Phoofo e sebediswang ho bo duba ke ya mabele kapa koro.

 Motoho
Motoho ke seno se entsweng ka phoofo ya mabele mme se lomositsweng. Ha se se se lometse
e ba se ya phehuwa.

 Mahleu
Mahleu ke seno se entsweng ka phoofo yam abele kapa ya poone mme se lomositsweng ho ba
bodila. Ha se se se lometse e ba se ya phehuwa.

 Lesheleshele
Lesheleshele ke seno se entsweng ka phoofo ya mabele kapa ya poone mme sa tjwatliswa.

 Motsara
Motsara ke lebese le metsi.

 Mafi
Mafi ke lebese le tiileng.

 Serema
Serema ke lebese le mafura.

 Kgatsela
Kgatsela ke lebese le tjhesang le sa tswa hangwa.

 Motsididi
Motsididi ke lebese le metsi empa le le bodila.

 Dikgobe
Dikgobe ke poone e kgothotsweng mme ya bedisitswa. E tshelwa letswai ho natefisa.

 Dipabi
Dipabi ke poone e hadikilweng mme ya nto silwa. Di tshelwa tswekere ho natefisa.

 Sebera
Sebera ke poone e kgothotsweng ya nto hadikwa.

 Ntshwe
Ntshwe ke lehlaka la mabele a butswitseng kapa la poone e tiileng le hlafunwang mme ho
kwenngwa metsi a teng a tswekere.

 Ting
Ting ke papa e entsweng ka hlama ya motoho wa mabele.

 Letsina

Fezekile Futhwa 87
Nalane ya Mosotho

Letsina ke jwala bo ritetsweng ba Sesotho.

 Dihwapa
Dihwapa ke nama e kgubedu e bekilweng mme ya nto omiswa letsatsing.

 Mohodu
Mododu ke mokotla o tshelang dijo wa dikahare tsa nku, podi kapa kgomo.

 Malana
Malana ke ho tsamaisang dijo hwa nku, podi kapa kgomo.

 Maotwana
Maotwana ke maoto a dikgoho a ebotsweng a nto pehuwa.

 Ditlhakwana
Ditlhakwana ke maoto a diphoofolo tsa hae le dinyamatsane a hohlilweng a nto phehuwa.

 Hlooho
Hlooho ke hlooho ya phoofolo e hohlilweng ya nto phehuwa.

 Hlohwana
Hlooho ke hlooho ya nonyana kapa kgoho e hlothilweng ya nto phehuwa.

 Dikitsana
Dikitsana ke karolo ya kgoho kapa nonyana e bolokang dijo mona molaleng.

 Sebete
Sebete ke sekahare sa phoofolo.

 Setoto
Setoto ke motoho o thata o phehwang ha ho etswa jwala, mme o ka nowa pele o fehlwa hob a
jwala.

 Thepe
Thepe ke mofuta wa moroho o dihaba di boreledi.

 Seruwe
Seruwe ke mofuta wa moroho o dihaba di mahwashe.

 Rapa
Rapa ke mofuta wa moroho o dihaba di makgwara tse sephara.

 Lepu
Lepu ke moroho wa dihaba tsa mokopu o kopantsweng le mabolotsana.

 Sepatlapatla

 Leshwabe

Fezekile Futhwa 88
Nalane ya Mosotho

 Mommodi
Mommodi ke mofuta wa tholwana tse hlaha e melang sehlahleng mme o le motsho ka mmala.

 Monokotshwai
Monokotshwai ke mofuta wa tholwana tse hlaha e fumanehang ka mefuta e fapaneng. Mofuta
o mong o mela fatshe sehlahleng mme o nama jwalo ka mokopu. Mofuta ona o mmala o
mofubedu. Mofuta o mong o mela sefateng mme o mmala o motsho.

 Sewediwetla
Sewediwetla ke sehwete sa thoteng.

 Mabelebele
Mabelebele ke tholwana e bopehileng jwalo ka mabele mme e mela sefateng e tholahalang ka
mebala o mofubedu le o mosehla.

 Bodilana
Bodilana ke setlama se setala se sejewang mm se bodila.

 Moro
Moro ke lero la nama e phehilweng.

 Kgodu
Kgodu ke lero la mokopu o phehilweng o nang le metsi.

 Tulape
Tulape ke lero la moroho o phehilweng o nang le metsi.

Mefuta ya Meroho
Ka bomadimabe ha ke ya kgona ho fana ka tlhakisetso ya meroho yohle, ke tla etsa jwalo
kgatsiong e latelang. Ka bokgutshwanyane Basotho, mefuta ya meroho ke ena:

- Bobatsi
- Lefokotsane
- Leharaswana
- Lejakane
- Lekgwaphela
- Lerotho
- Leshwabe
- Leshokgwa
- Mala a konyana
- Mololo(Seharane)
- Monyaku(Lephutse)
- Mosala suping
- Motsutsunyane
- Papasane
- Petlekgeme
- Sebitsa(Qhela)
- Sematwana
- Sentlhokojane
- Sepaile(Sepatlapatla)

Fezekile Futhwa 89
Nalane ya Mosotho

- Seruwe
- Seshwa bohloko
- Tenane
- Theepe
- Tlhako ea Kgomo(Setlhokwana)

Fezekile Futhwa 90
Nalane ya Mosotho

10. Mekgabo

 Ditema
Ditema ke mekgabo le metako e ngolwang leboteng la seotlwana ke bomme.

Setshwantsho ka seng se takwang leboteng se na le moelelo mme ho teng ba reng ditema ke


mongolo wa Basotho. Ka hoo, setshwantsho ka seng ke tlhaku e bolelang ho itseng.

Ditlhaku tse tlwaelehileng ditemeng ke tsena ha mmoho le moelelo wa tsona:

Mohlala wa ditema matlong:

 Mohobelo
Mohobelo ke pina ya bontate e etelletsweng pele ke sephokodi mme bohle ba bina mmoho ka
tlatsetso. Bohle ba bina ba keta.

 Mokgibo
Mokgibo ke motjeko wa bomme le banana moo ba kgabang ka ho tsamaisa mahetla ba
kgumame.

 Mopaqo
Mopaqo ke motjeko wa banana moo teng ba tilang ka maoto fatshe ba eme mme ba tsamaisa
mahetla jwalo ka motho ya kgibang.

 Mokorotlo
Mokorotlo ke mofuta wa mmino o binwang ke banna mme ba bina ka dikodu ba binela fatshe.

 Mokgoro

Fezekile Futhwa 91
Nalane ya Mosotho

Mokgoro ke ntlo ya sethato ya Basotho. Boholoholong mokgoro e ne e le mohlongwa fatshe.


Mekgoro ya Basotho e sedikadikwe ka moetso.

 Thomo
Thomo ke seletswa sa Basotho se entsweng ka lehlaka le kgwele.

 Phala
Phala ke seletswa se entsweng ka lesapo.

 Modianyewe
Modianyewe ke katiba ya Basotho e tsebahalang hape ka lebitso la mokorotlo.

 Seroto
Seroto ke sesebediswa se entsweng ka jwang se tshelang dijo tse bolokilweng.

 Seho
Seho ke nkgo ya Sesotho e tshelang metsi e entsweng ka letsopa.

 Mopotjo
Mopotjo ke nkgo ya Sesotho eo ka yona ho kguwang metsi mme e entswe ka patsi.

 Mopotjwana
Mopotjwana ke nkgo ya Sesotho eo ho kguwang metsi ka yona mme e entswe ka patsi, ke
nkgo e nyenyane bakeng sa ho tshwaruwa ka matsoho.

 Lefiso
Lefiso ke nkgo ya Sesotho e tshelang jwala mme e entswe ka letsopa.

 Lefiswana
Lefiswana ke nkgo ya Sesotho e nwelang jwala mme e entswe ka letsopa. Lefiswana le
lenyane ho lefiso.

 Mohope
Mohope ke sesebediswa sa ho nwela metsi kapa jwala se entsweng ka kgaketla ya tjoto kapa
ya mokopu.

 Thebe
Thebe ke sebetsa sa ho ithibeletsa ntweng se tshwarwang ke banna ba bahlabani. Thebe e
entswe ka lekoko la phoofolo e tiileng jwalo ka kgomo.

 Lerumo
Lerumo ke sebetsa se motsu se entsweng ka thupa le ka tshepe. Motsu wa lerumo o entswe ka
tshepe athe mohwele ona ka thupa. Lerumo ke la ho hlaba.

 Molamu
Molamu ke sebetsa sa banna se entsweng ka thupa. Molamu o tsebahala hape ka lebitso la
mosaqa.

Molamu o entsweng ka tshepe ona o bitswa lebetlela.

Fezekile Futhwa 92
Nalane ya Mosotho

 Koto
Koto ke sebetsa sa banna se entsweng ka thupa mme se na le kotofa hloohong.

 Seqha
Seqha ke sebetsa sa ho tsoma dinyamatsane mme se entswe ka thupa le lerapo. Seqha se
sebedisa metsu e leoditsweng eo ho yona ho tshaswang tjhefu bakeng la ho bolaya
nyamatsane.

 Lelwala
Lelwala ke lejwe leo ho silelwang dijo ho lona.

 Sethebe
Sethebe ke sejana sa jwang se kgakeletsang dijo tse silwang lelwaleng. Boha setshwantsho sa
lelwala bakeng sa ho bona sethebe.

 Tshilwane
Tshilwane ke lejwe le sebediswang ho sila hodima lelwala. Boha setshwantsho sa lelwala
bakeng sa ho bona tshilwane.

 Tsheya
Tsheya ke seaparo sa banna se entsweng ka letlalo la phoofolo mme se dintlha di tharo.

 Thethana
Thethana ke mose o tenwang ke bana ba banana ba sa leng dilemong tse tlase, hofihlela
dilemong tsa borwetsana.

 Seshweshwe
Seshweshwe ke mose wa bomme ba Basotho o entswe ka lesela le ikgethileng. Dishweshwe
di tholahala ka mefuta e fapaneng ho latela mekgabo ya teng.

Ona ke mohlala wa mefuta ya dishweshwe:

Fezekile Futhwa 93
Nalane ya Mosotho

Mefuta ya masela a seshweshwe ke e latelang:

Fezekile Futhwa 94
Nalane ya Mosotho

Fezekile Futhwa 95
Nalane ya Mosotho

Fezekile Futhwa 96
Nalane ya Mosotho

Fezekile Futhwa 97
Nalane ya Mosotho

Fezekile Futhwa 98
Nalane ya Mosotho

Fezekile Futhwa 99
Nalane ya Mosotho

Ho teng mefuta e metjha ya masela e so kang e rehwa mabitso, ka hoo mefuta eo ha e ya


kenyeletswa mona.

 Thebetha
Thebetha ke mose o ikgethileng o aparwang ke basadi ha ilo lata ditswejane.

Fezekile Futhwa 100


Nalane ya Mosotho

 Lesolanka
Lesolanka ke kobo ya Basotho e fumanehang ka mefutafuta.

Mefuta ya masolanka ke:


o Letlama
o Seanamarena
o Sefate
o Setsoto
o Pitso
o Pelo ya Morena
o Tshepe
o Kgotso
o Pitseng
o Victoria

 Motlhotlho
Motlhotlho ke sesebediswa se tlhotlhang jwala.

 Mokgahla
Mokgahla ke kobo e entsweng ka mokotla mme e aparwa ke bashemane thabeng.

Fezekile Futhwa 101


Nalane ya Mosotho

 Thari
Thari ke sesebediswa se pepang bana ba masea. Thari e entswe ka letlalo la nyamatsane.

Fezekile Futhwa 102


Nalane ya Mosotho

11. Motso wa Basotho


11.1 Motheo wa Diboko

Seboko Mothehi Ba ana


Bapedi Diale Noko, sethatong Kgatla
Makgolokwe Kgetsi Kgoho
Batlokwa Kgwadi Katse/Nkwe
Baphuthing Matsiboho Phuthi
Basia Mosia Katse
Bakgatla Mokgatla Lenong, sethatong Kgabo
Bangwaketsi Ngwaketsi Kwena
Dihoja Sehoja Kubu
Bamangwato Ngwato Phuthi
Makgwakgwa Kherehlwa Kwena
Bahlakwana Disema/Molapo Kwena
Batshweneng Tsholo Tshwene
Barolong Morolong Noto
Bafokeng Tlopo Mmutlanyana
Bakwena Kwena Kwena
Bataung Sanyane Tau
Batloung Lekgetho Tlou
Maphetla Ramatjekane
Mapolane Tlhovu
Baphuthi Laake

11.2 Lenane la Diboko

Seboko Ba ana
Bakgatla Lenong
Bakwena Kwena
Bafokeng Mmutla(Phoka)
Batloung Tlou
Batshweneng Tshwene
Bakubung Kubu
Baphuthing Phuthi
Bafula Kolobe
Bahlaping Tlhapi
Banareng Nare
Bataung Tau
Barolong Noto(tshepe)
Batlokwa Nkwe

11.3 Tlhakisetso ka Diboko

Sethatong Basotho ba ne ba tsejwa ka diboko tse mmalwa feela, mme diboko tsa boholoholo
ke tsena:
 Bafokeng
 Bakwena, ba tswetsweng ke Bahurutse
 Bakgatla, ba tswetsweng ke Bahurutse

Fezekile Futhwa 103


Nalane ya Mosotho

Ditjhaba tsohle tse fumanehang mehleng ya kajeno tsa Basotho di tswetswe ke tsena tse
bolelwang. Bakwena ke lekala le leholo la diboko tsa Basotho, mme ba latelwa ke Bakgatla.

Ke tsona tjhaba tsa pele tsa ho fihla Aforika e ka Borwa mengwaheng-kgolo ya bo 200.

Mehleng eo, Basotho ba ne ba ipitsa ka diboko tsa bona mme lebitso lena la Mosotho le ne
eso ka le eba teng. Ba qadile ho bitswa Basotho ho latela ho thehwa ha puso ke morena
Moshoeshoe mane Thaba Bosiu, ho latela ntwa ya difaqane e neng e qhadile ditjhaba tsohle.
Moshoeshoe o ile a bokella bohle tlasa puso ya hae mme bao bohle ba tsejwa ka hore ke
Basotho. Tsena tsohle di etsahetse pakeng tsa mengwaha 1830 le 1850.

Ho latela nalane, ho thehwa ha diboko tsa Basotho ho tsamaile tjena:

Fezekile Futhwa 104


Nalane ya Mosotho

Setshwantso sena se fana ka sebopeho sa hore na seboko ka seng se tswa kae le hore na ho
thehwa ha setjhaba sa Basotho ho tsamaile jwang.

Ho latela setshwantsho sena, ho hlakile hore ntle le setjhaba sa Bafokeng, Basotho bohle ba
tswalwa ke setjhaba sa Bahurutse.

Ka kakaretso, ke bontsha diboko tse tsebahalang kajeno le hore na di kgelohile ho dife:

a) Bahurutse ba ile ba tswala setjhaba sa Bataung le Bakwena


b) Bahlakwana ke Bakwena
c) Bangwaketsi ke Bakwena
d) Batshweneng ba kgelohile ho Bakwena
e) Makgwakgwa ke Bakwena
f) Dihoja ke Bakubung
g) Bamangwato ke Baphuthing
h) Bafula ba kgelohile ho Bataung ba RaMokgele

Ka bokgutshwenyane feela, diboko tsohle di tswalwa tjena:


 Bafokeng ke setjhaba sa boholoholo se theohileng Aforika Leboya.
 Mohurutse o tswalwa ke Malope wa I, ya tsebahalang ka lebitso la Mmusi. Mmusi ke
wa setjhaba sa Bahurutse.
o Bataung ba tswalwa ke Sanyane, mora Mmoledi, tloholwana sa Motebele; ya
tswalwang ke Mohurutse.
 Bakwena ba tswalwa ke Kwena, mora Malope wa I; ya tsebahalang ka lebitso la
Mmusi. Mmusi ke wa setjhaba sa Bahurutse. Bakwena ba tswala ditjhaba tse latelang:
o Bahlakwana ba tswalwa ke Disema le Molapo, bara ba Napo.
o Makgwakgwa a tswalwa ke Kgerehlwa, mora Mashiane wa Molapo wa Napo.
o Batshweneng ba tswalwa ke Tsholo, mora Molemo wa Motebang wa Napo.
 Bakgatla ba tswalwa ke Mokgatla, mora Malope wa I, ya tsebahalang ka lebitso la
Mmusi. Mmusi ke wa setjhaba sa Bahurutse. Bakgatla ba tswala ditjhaba tse latelang:
o Bapedi
o Makgolokwe
o Baphuthing
o Batlokwa
o Basia
o Bakgatla

Ho latela tlhahlamano ya meloko, Bafokeng ke sona setjhaba se seholo ka ho fetisisa hara


Basotho, ka ha ba ballwa hore ba fihlile Ntswana-tsatsi ngwaheng kgolo wa 200. Ha latela
Bakwena le Bakgatla ka bo 320. Bakwena ba ha Monaheng le ba ha Moketedi le Bahlakwana
ba thehilwe ka bo 470. E be ho latela ditjhaba tse tswetsweng ke bara ka morena Tabane e
leng Bapedi, Makgolokwe, Baphuthing, Batlokwa le Basia; tsena tsohle tse thehilweng ka bo
470. Morao ha mona ha latela Batsweneng mengwaheng kgolo ya bo 600. Ba ho qetela e bile
Makgwakgwa ka ngwaha kgolo wa 630.

Mona re lokela ho ela hloko phapang pakeng tsa Baphuthing le Baphuthi. Setjhaba se
thehilweng ke Matsiboho mora morena Tabane se bitswa Maphuthing, seo se tsebahalang
kajeno e le Baphuthing. Baphuthi ke setjhaba se tswalwang ke Laake mora Dlamini, bao e
leng Matebele. Morena ya tsebahalang haholo wa setjhaba sa Baphuthi ke morena Moorosi.

Fezekile Futhwa 105


Nalane ya Mosotho

Ditjhaba tsena tse pedi, Maphuthing le Baphuthi, di ile tsa kopana hoba ntho e le nngwe; ke
ka hona ha kajeno lena ho buuwa ka setjhaba se le seng, e leng sa Baphuthing.

Jwale ha re lekoleng diboko ka ho fapana ha tsona.

11.4 Dithoko tsa Diboko


Karolong ena re lekola diboko tsohle tsa Basotho, hore na di tswa kae le hore na beng ba
tsona ba reng ha ba reneketsa diboko tsa bona.

11.4.1 Bakgatla
Bakgatla ba ana eng?
Bakgatla ba ana Lenong, sethatong ba ne ba ana Kgatla. Kgatla ke mofuta wa tshwene.

Letoto la Diboko
o Botlolo
o Kgao (Khao)
o Kobue (Kobuwe)
o Lekgabo (Legabo)
o Leoka
o Lepota
o Lethaha
o Maphike
o Matlaisane
o Mmutsha
o Mohlongwane (Mohlongoane)
o Mokgatla (Mokhatla)
o Molefi
o Motime
o Nalane
o Ratlahama
o Tabane
o Taole

Motso wa Bakgatla

Fezekile Futhwa 106


Nalane ya Mosotho

Dithoko tsa Bakgatla

Fezekile Futhwa 107


Nalane ya Mosotho

Ke Mokgatla, MoanaNong,
Motho wa MaNkwane,
Motho wa MaModise wa Setabele,
Ke motho wa MaNalane wa Kgabo,
Moana nonyana e hodimo, nkgodikgodi,
Ha tuka kgabo, ha tuka lelakabe,
Ha tuka kgabo e kgubedu,
Kgomo di be di ipetsa, di le mpetsana,
Hoja mabele a le ditswere,
A! lekgahlelamodula!!
Mautla a solla, lekgolokgolo!
La utla, la solla lekgolokgolo!
Tlake, se solle lekgolokgolo!
Nkgodikgodi ya hodimo,
Sekubutu, sengalatsela,
Wena motho wa MaKobuwe,
Tlake, se solle re epela motho,
Motho wa marumo ha a epelwe hae,
O tshwana le moshwela Matebeleng,
Ke motho wa Mapheeke wa Kobuwe
Ke Mokgatla, MoanaNong.

KAPA

Ke Mokgatla, mo ana nong,


Mo ana nkgodikgodi a hodimo,
Wa MmaModise wa Setabele.

KAPA

Ke Mokgatla wa Seodi sa ha MmaMathe,


Sa ha Masopha, lesolla,
Ntsukobokobo, Letlakapipi,
Seja kgomo ka mmoho, se ila moswang,
Seoka, seokaoka se le hodimo,
Seutla se marantha.
Molala sepela, a seselela didwena,
Mokgatla ka ho ikgatla ha nngwe,
Motho wa maja sebera,
Mokgatla wa Bakgatla a kgabang,
Ka ho ikgatla ka mokgatlo wa Bokgatla,
Bakgatla, kgatlanang le Bakgatla babo lona!

KAPA

Ke Mokgatla, Moananong,
Motho wa MaNkwane,

Fezekile Futhwa 108


Nalane ya Mosotho

Motho wa MmaModise wa Setabele,


Ke motho wa MaNalane wa Kgabo,
Moana nonyana e hodimo, nkgodikgodi,
Ha tuka kgabo, ha tuka lelakabe,
Ha tuka kgabo e kgubedu,
Kgomo di be di ipetsa, di le mpetsana,
Hoja mabele a le ditswere,
A! Lekgahlelamodula!!
A mautla, a solla lekgolokgolo!
La utla, la solla lekgolokgolo!
Tlake, se solle lekgolokgolo!
Nkgodikgodi ya hodimo,
Sekubutu, sengalatsela,
Wena motho MaKobue,
Tlake, se solle, re epela motho,
Motho wa marumo ha a epelwe hae,
O tshwana le moshwela Matebeleng,
Ke motho wa Mapheeke wa Kobue

11.4.2 Bakwena
Bakwena ba ana eng?
Bakwena ba ana Kwena.

Letoto la Diboko
o Bereng
o Kwena
o Lebenya
o Lekgwale
o Lerothodi (Lerotholi)
o Letele
o Letsie
o Leyoyana
o Maama
o Mahlatsi
o Maiyane
o Majara
o Makadi
o Makeka
o Makgabane (Makhabane)
o Makgetha (Makhetha)
o Maleka
o Mantai
o Masopha
o Matheadira
o Mathunya
o Modibedi (Modibeli)
o Mofoka
o Mohale
o Mohanwe (Mohanoe)
o Mohlomi

Fezekile Futhwa 109


Nalane ya Mosotho

o Mojakisane
o Mojela
o Mokgeseng (Mokheseng)
o Mokotedi (Mokoteli)
o Mokwena (Mokoena)
o Molapo
o Molemo
o Monaheng
o Monyane
o Monyane
o Mopedi (Mopeli)
o Moshweshwe (Moshoeshoe)
o Mosito
o Motebang
o Mothwaetsi (Mothoaetsi)
o Motjhudi (Mochudi, Mochuli)
o Motlohelwa (Motloheloa)
o Motlwang (Motloang)
o Motswasele
o Mphutlane
o Mpiti
o Napo
o Nkoebe
o Nkopane
o Ntsane
o Peete
o Poshodi (Posholi)
o Qoane
o Seeiso
o Setlhangwe
o Thamae
o Theko
o Tsholo (Tsolo)
o Tsholwane

Motso wa Bakwena

Fezekile Futhwa 110


Nalane ya Mosotho

Dithoko tsa Bakwena

Fezekile Futhwa 111


Nalane ya Mosotho

Maiyane

Ke Mokwena wa Maiyane
Wa kgomo ya Leruo,
Leruo la kgomo, mora Motlohelwa,
Ba Mmamotetenene wa Kgosi,
Ba kgatampi e ntle, sebapalla,
Ba maleruo le tloha ho kgomo, le ye ho motho.
Pai, Mokgwenyana o mo siya ho kae?
Se je Mokgwenyana hara lepatlelo

Monaheng/Nkopane

Ke Mokwena wa MmaNtsane wa Monaheng,


Wa Nkopane wa Mathunya.
Kwenana-nyane kwena di a tshaba,
Kwena ho hlapa tse potlana,
Kwena tse kgolo di a seha feela.

KAPA

Ke Mokwena wa Ntsane wa Monaheng,


Wa Napo wa Mosito,
Kwenanyane, kwena di e sira ka seriti metsing,
Ho hlapa tse dipotlane,
Kwena di hlapa di a nyolosa madiboho,
Ke Motebang, ke teba ka sekepe!

KAPA

Mokwena wa ha Monaheng,
Maila ho ngwathelwa,
Motho ya sa jeng sengwathwana sa maobane,
Ha e tla re ha a eja ho thehe meriti,
E menyane ya diotlwana
Ke motho wa Nkopane le Mohlomi,
Ke motho wa ha Monaheng,

KAPA

Ke Mokwena wa Monaheng
Wa Nkopane wa Mathunya
Ke modidimanyane ngwana RaMakatsa
Morapela putswa o e rapela a sa e bone
Petsana ke ya lehowahowa Makhetha
E howa e koma komisa ditjhaba
Tsa heso tsa ha Monaheng
Makhetha ke Tau ngwana RaMakatsa

Mokadi wa Tsholo

Fezekile Futhwa 112


Nalane ya Mosotho

Motho wa Mokadi wa Tsholo,


Maila ho ngwathelwa,
Ha a tla ja ho thehe meriti,
E menyenyane ya diotlwana,
Ke motho wa Nkopane le Mohlomi.

Mahase

Ke Mokwena wa Mahaseng,
Wa lepotlapotla le ja podi.
Modikoloha o ja kgomo,
Motho wa ha Kgakadira tsa Monyane le Morathane,
Motho wa MmaMothibedi wa Kwena,
E thula tse bokwana bo bonyane,
E di thula e di bolaye,
Hoba ntwa ha e lwane ka dikgoka feela,
Le ba basese ba a e lwana.

Mohlakwana

Ke Mohlakwana wa MmaNapo wa Mosito,


Bahlakwana le ba etele mariha,
Hoba hlabula ba futswella matlung.
Ke batho ba sa jeng sengwathwana,
Ba ja polokwe kaofela.
Mabewana a bo Kadi wa Tsholo, maila ho ngwathelwa,
Maila kgwantjhana ya maobane.
Bahlakwana ha le batho, le baloi,
Bahlakwana le bina pina bosiu.

KAPA
Ke Mohlakwana wa MmaPholo wa Disema,
Maila ngwathwana sa maobane,
Motho eo e reng a tla ja ho thehe meriti,
Ho be ho thehe le e menyane ya diotlwana.

MaMphutlane a Makeka

Motho wa MaMphutlane wa Makeka,


Motho wa boNkoriba le Tsotelo,
Motho wa ha MaMahlosi wa Nakedi,
E re a eja, a kgore,
Ke re ke lekgukgutshatshwana,
A yo le ja le mosadi wa hae,
A yo le ja le MmaModiehi,
Motho wa boMothibe le Mmalane!

MaNtai

Fezekile Futhwa 113


Nalane ya Mosotho

Ke ngwana MaNtai,
Wa Mokheseng, wa Kgwabanamangata,
Mphutlane le Makeka, Modibedi,
Kwena ha e hlapa e hlapa ka metsi,
A matsha a maholo,
E hlapa e a nyolosa madiboho,
A diqanthane ha e hlape ka wona,
A diqanthane a e tshwarisa mokgohlane,
Hobane a dukehile!

KAPA

Ke Mokwena,
Ke motho wa MaNtai wa Mapapa,
Nong di mo jele wa Marabeng sokotwana,
Tsa eja Ratladi Kotswana Phokeng,
Tsa eja tsa siya
Mahlong ho wena ho bohobolokwana
Ke mora Tsholwane wa Molemo wa Tshotelo,
Wa Motebang wa Napo wa Mosito
O na site mang?
O na site Tlake,
Mopeli Moholo wa Raseapara,
Seapara Lome,
Lome ke apere,
Ha ke ya ikapesa ke apesitswe,
Ke batho ka boomo,
Ke bo Mohokong,
Mohokong Pilo,
Pilo Sekhele.

KAPA

Ke Mokwena wa MaNtai wa Mokheseng,


Motho wa Khoabane wa Makate,
Ka mahlong o lebululu,
E ka lephutha Kotswana,
Phutha Pudutswana tsa MaShale,
Matsha a kwanoke Diotsa Matanya.
Wa Rasetshwane,
Wa Kwena e sodile,
E tshweu ya tsa Tshumane.
Ya kokotoloha mmele,
Ya ka e tswetswe ka mmoko wa letemana,
Marabe wa loma RaMoeletsi,
Ha a lome feela,
Ba mo hatile a letse.
Ke motho wa bo Shai le Marabe,
Wa habo Khobotle le Mokwenanyane,

Fezekile Futhwa 114


Nalane ya Mosotho

Wa bo Motumi le Makhetha,
Wa habo Maphasu le Phofane,
Motho wa ha Rahlao wa Lebeko,
Wa habo Monyane, Nkopane le Mohlomi.

Mokotedi

Ke Mokwena wa Mokotedi,
Wa ha Mmualle wa Litha,
Wa mohlamu o mofubedu wa kgomo,
Motho wa ha tlapa ha le ribollwe,
O ka le ribolla,
Wa fumana phang phang ya masepa.

11.4.3 Bafokeng
Bafokeng ba ana eng?
Bafokeng ba ana Mmutlanyana.

Letoto la Diboko
o Dijana
o Kalane
o Kata
o Kgadimane (Khadimane, Kgalimane, Khalimane)
o Kgetsi wa Malekele
o Kgwanyane (Kgoanyane)
o Khodu (Kholu)
o Komane
o Lekgema (Lekhema)
o Lesetla
o Lesodi (Lesoli)
o Letseka
o Madingwane (Malingwane, Madingoane, Malingoane)
o Mahase
o Mahau
o Majoro
o Makara
o Maleleka
o Mallane
o Maloti
o Mamphane
o Mangole
o Mangwane (Mangoane)
o Mantoto
o Mantsukunyane
o Maotwana finyela
o Mare
o Marikgwe
o Masekwane (Masekoane)
o Masilo
o Matsunyane

Fezekile Futhwa 115


Nalane ya Mosotho

o Matube
o Modipa (Molipa)
o Modise
o Modise (Molise)
o Moerane
o Mofokeng
o Mohaila
o Mokebe
o Mokgethi (Mokhethi)
o Moraredi
o Mosweu (Mosoeu)
o Mphofe
o Mpinane
o Nkhase
o Nkhethwa (Nkhethoa)
o Nkupi
o Nkwanyane (Nkoanyane)
o Ntahle
o Ntsikwe (Ntsikoe)
o Ntsukunyane
o Nyetsane
o Patsa
o Phohole
o Phutswane (Phutsoane)
o Pudumo (Pulumo)
o Sebetwane (Sebetoane)
o Sebolela
o Sebota
o Sebotsa
o Sedikane (Selikane)
o Seephephe
o Sefiri
o Sekeletu
o Sekgomotane (Sekhomotane)
o Selai
o Seswane (Sesoane)
o Sobi
o Thokwane (Thokoane)
o Tladi (Tlali)
o Tlopo
o Tshele
o Tshiu (Tsiu)

Motso wa Bafokeng

Motso wa Bafokeng ka kakaretso o eme tjena:

Fezekile Futhwa 116


Nalane ya Mosotho

Sena ke setshwantsho sa makala ohle a Bafokeng le hore na makala ana ohle a thehilwe ke bo
mang.

Ho latela setshwantsho sena, ho na le makala a supileng a Bafokeng, e leng:


 Bafokeng ba Sekete
 Bafokeng ba Motlatla
 Bafokeng ba Mmutle
 Bafokeng ba Mapeo
 Bafokeng ba Mare
 Bafokeng ba Dijane
 Bafokeng ba Patsa

Fezekile Futhwa 117


Nalane ya Mosotho

Bafokeng bana bohle ke ba ha Phohole. Bafokeng ba tswetsweng ke Phoka ke lekala la


borobedi la Bafokeng, empa bona ha se ba ha Phohole ka ha ba tswalwa ke Phoka moena wa
Phohole.

Setjhaba sa Bafokeng se seholo mme se wela tlasa ditjhaba tse fapaneng tsa Aforika. Kwano
Aforika e ka borwa Bafokeng ba wela tlasa ditjhaba tsa:
 Bahurutse
 Barolong
 Batswana
 Basotho

Sena ke hobane Bafokeng boholoholong e ne e le Bahurutse, ba theohileng hodimo Leboya la


Aforika ho tla fihla kwano Borwa ba Aforika. Setjhaba sa Bahurutse sona se kenyelletsa
ditjhaba tse ngata, e seng Bafokeng feela.

Le ha kwana ke fanne ka motso wa Bafokeng ka kakaretso, ke fana feela ka diboko tsa


Bafokeng tse tholahalang hara Basotho. Lebaka ke hobane buka ena ke ya Sesotho, ka hoo
diboko(direto) tsa Bahurutse, Batswana le Barolong ha di ya kenyeletswa.

E re ke etse tlhakisetso e kgutshwanyane ke ena: Bafokeng ba Mapeo ba tswalwa ke Peo mora


Nkupi mme ba tsejwa ka hore ke maja podi.

Ho latela lenaka la motheo, mosotho wa pele o bitohile lehlakeng Ntswana-Tsatsi, mme


motho eo ke Masilo wa I. Moelelo wa sena ho setjhaba sa Bafokeng ke hore Sesotho se
tswalwa Ntswana-Tsatsi hobane Bafokeng ba Basotho ba tswalwa mona.

Bafokeng ke batho ba pele ba ho fihla Ntswana-Tsatsi, mme sena se lohothwa hore ke


ngwaheng-kgolo wa 200. Ho latela diphuputso, puso ya Bafokeng ngwaheng-kgolo oo ke ena:

Empa ho latela Sesotho, ke makala a mahlano feela a Bafokeng a welang tlasa Basotho:
 Bafokeng ba Mmutle
 Bafokeng ba Mare
 Bafokeng ba Dijane

Fezekile Futhwa 118


Nalane ya Mosotho

 Bafokeng ba Patsa
 Bafokeng ba Motlatla

Tlhahiso leseding e lokela ho etsuwa hape ya hore Mabitso a sehlotshwana a fetohile ha a


fihla Sesothong ho latela qapodiso ya puo ya Sesotho. Ka hoo, mabitso a latelang a bitswa ka
ho latela puo ya Sesotho e seng mohlodi wa ona:
 Mmutle e bitswa Mmutla
 Dijane e bitswa Dijana
 Phogole e bitswa Phohole

Sena se etsahala hobane Sesotho se sebedisa h bakeng sa g. Ho feta mona, Sesotho se


sebedisa kg bakeng sa kh. Ch yona e fetoha e ba tjh. Oe e fetohela ho we, athe ea e fetoha ya.

11.4.3.1 Bafokeng ba Sekete

11.4.3.2 Bafokeng ba Mmutla

Fezekile Futhwa 119


Nalane ya Mosotho

11.4.3.3 Bafokeng ba Patsa

Fezekile Futhwa 120


Nalane ya Mosotho

11.4.3.4 Bafokeng ba Ntswana-Tsatsi

Dithoko tsa Bafokeng

Fezekile Futhwa 121


Nalane ya Mosotho

Mantsukunyane

Ke Mofokeng
Wa Mantsukunyane wa Kata wa Sefiri,
Bakgwele ba titima mabitleng,
Thotsela sa Mokgwele ha se je moroko,
Se ja dipolokwe!
Fokoletsang Bakgwele dipolokwe,
Ha ba ata ba tla re bolaya.

MmaMokgadi wa Motlalane

Ke Mofokeng wa Mmamokgadi wa Motlalane,


Molemane, molema tsela,
Molema tshimo a sa e phophothe,
Motho wa MmaMoraredi wa Phohole,
Wa Maotwana finyela.

Modise

Ke Mofokeng wa ha Modise,
Wa ha Molatswana,
Motho wa ha Kgetsi ya Maleke,
Motho wa ha Sekono, seholokela noto.

KAPA

Ke Mofokeng, Mokomane wa ha Modise,


Motho wa Matika wa Lesawana,
Motho wa ha Nyomenyome,
Motho wa Matlapa ha le ribollwe,
Motho wa Mahlono ha e phome,
Wa ha Kgomo e matha ka lebelo thoteng!

Mokgadi wa Motlalane

Ke Mofokeng wa Mokgadi wa Motlalane,


Molemane, molema tsela,
Mokgatha thite ka mmoho a sa e qete.
Ke Mofokeng Mokomana,
Wa MmaMoraredi wa Phohole.
Rarollang ba bo Mare dithapong,
Ba rarehile ke ho ja hlooho ya kgomo,
Ba jele hlooho ya kgomo e le baena.

Mohaila Tshepe

Fezekile Futhwa 122


Nalane ya Mosotho

Ke Mofokeng wa Mohaila-Tshepe,
Motho wa kgomo nkgate ya MmaSebothwana,
Kgomo e hatile motjhana monwana o monyenyane.

Dijana

Ke thelleng
Ke le Mofokeng wa ha Dijana
Pudumo e a hlaba,
Rarollang ba Mare,
Ba tswe dithapong!

KAPA

Ke Mofokeng ke Dijana,
Ke ngwana Mare,
Mare a Ntsikwe,
Le ba raretseng bana ba Mare,
Ba se na molato?
Molato wa kgomo o ka be o bolelwa,
Re mpe re o lefe,
Le ba tlatlapelang bana bana?
Le ba otlelang?
Hobane ha ba otluwe,
Ke bana ba madi a Phohole,
Ke bana ba kgarametswang,
Ha ba kgarametswe ka bokgopo,
Ba kgarametswa ka tumelo,
Molato wa bona re ka mpa ra o lefa,
Ke bana ba Pudumo,
Ba Pudumo ya Lephahla!

KAPA

Ke Mofokeng wa Dijana wa Tlopo,


Wa MaKhunwana wa Dijana,
Kgomo ha e fete motse Dijana,
E ka o feta ho ilwe masimong,
Ho ilwe kgitla lehola.

KAPA

Ke le motho wa ha Dijana,
Motho wa ha Pudumo e ya hlaba,
E hlabile njana tse rolonyana!
Beng ba dintja ba ntse ba lla,
Ba ntse ba itlhakola menyepetsi,
Selepe se madi, se malobolobo.

Phohole

Fezekile Futhwa 123


Nalane ya Mosotho

Ke Mofokeng wa Mmamaotwana finyela,


Wa MmaMoraredi wa Phohole,
Wa maotwana a kaa ka dinaledi,
A kaa ka jwang ba tshaane,
A kaa ka jwang ba molelengwane.

Mahase

Ke Lehoana la bo Tlalane
Mahoana e ka re ke dikepolana
E ka re dinku di nyoloha mokhoabong
Motho wa ha Mahase
O a hasa wa Rampeoane
A hase dikgomo
A hase batho
A qetelle ka ho hasa le dipudungoana thabeng
Motho wa ha Mmakgomo di behile mehlolo phatleng
Motho wa ha Mmahlono e ya phuma e phumetse
Ba ha Mangoajane
Motho wa ha Mma-tlapa ha le ka thella ho ka hlaha mehlolo.

KAPA

Ke Lehowana la bo Tlalane,
Ke motho wa Mahase wa Mpewana,
Ke hasa dikgomo,
Ke hasa le batho,
Ke hasa le dipudungwana naheng,
Ke ngwana Tau ya Matsebela,
Nong ha e ntje, mmane e mpone,
E tshaba ha e tla tshwehla molomo!

Maleka

Ke Mofokeng wa ha Kgetsi a Malekele,


Batho ba neng ba leke letlalo la kgomo,
Le eso ho falwe,
La ba hlola, la kwala batho ba Dijana,
Batho ba mohlano o mofubedu,
O reng tleretlere!

Tshele

Ke Mofokeng wa ha Tshele,
Wa Lekotwane la Mmulana Motlala,
Motho wa Mmanoha e talana,
Ya jang mmutla o le tala,
A o ja ditsebe o siya mmele,

Fezekile Futhwa 124


Nalane ya Mosotho

Lekwekwe ke lang ha Tshele,


Ke la mohla ho neng ho tsekwa marapo.
KAPA
Ke thelleng
Ke le Mofokeng wa ha Tshele,
Wa MaMmulane wa Motlatla,
Ho itswe shwii shwii,
Ho uwe kae?
Ho uwe ha MmaKepile letsemeng,
Lebudi le hlaha kae?
Le hlaha motjheng,
Le bebenya ditedu!

Maotwana finyela

Mofokeng wa Maotwana finyela,


Maoto a makaalo ka dinaledi,
A kaalo ka jwang ba tshaane, molelengwane,
Ke Mofokeng wa ha Mokgadi wa Motlalane,
Mofokeng wa ha Manti wa Mmope!

MaNtoto

Ke thella jwang,
Ke le motho wa MaNtoto,
Motho wa Maletlapa ha le ribollwe,
Wa Malejanasehlotshwana,
E a kgopa, Ramotshedisi,
E seng e kgopa basadi ba batho,
Motho wa Malejanasehlotshwana,
Motho wa Mahlonohlono,
Motho wa Maphakamisa molense,
Motho wa Mahlono e a phoma.

MaMphane

Ke Mofokeng,
Ngwana kgomo e tshwana,
Kgomo ya seema ka lelebe thoteng,
Ya nna ya hlaba mangope ho heleha,
Ke Lemphane,
Ke ngwana kgomo e tshwana,
Ya ho ema thoteng,
Motho wa Maletlapa ha le ribollwe,
Ekare o le ribolla, motho a hlaha,
Motho wa Mamosonotsokotsa,
Motho wa Mannywana,
Motho wa Mamalebe!

Fezekile Futhwa 125


Nalane ya Mosotho

Sebolela

Ke Mofokeng wa Sebolela sa Kwena,


Motho wa mohope o mosweu,
Bongata bo lopa metsi,
Nna ke lopa hloya, mafi.
Ledu sa kgomo mafiela fatshe,
Leme la kgomo koba matlakala

11.4.4 Bataung
Bataung ba ana eng?
Bataung ba ana Tau.

Letoto la Diboko
o Dienyane
o Hlalele
o Hlanodi (Hlanoli)
o Hlaodi (Hlaoli)
o Kgobane
o Khoapa
o Leballo
o Lehlonya
o Lemao
o Lesawana (Lesaoana)
o Lesenyeho
o Lesimole
o Lesupi
o Letshwara (Letshoara)
o Letsoho
o Madiehe (Maliehe)
o Mafole
o Maime
o Maitse
o Makobasia
o Maqadika (Maqalika)
o Marothodi (Marotholi)
o Mashabathe
o Matsaseng
o Matsepe
o Matsipa
o Modipa (Molipa)
o Moeletsi
o Mohapi
o Mokgasi (Mokhasi)
o Mokgele (Mokhele)
o Mokole
o Mokone
o Moletsane
o Moloisane

Fezekile Futhwa 126


Nalane ya Mosotho

o Monne
o Montwedi
o Morapedi
o Morathota
o Moseme
o Mosolodi
o Motaung
o Mothata
o Motjhela (Mochela)
o Mpholo
o Nkadimeng (Nkalimeng)
o Nketle
o Nthethe
o Nthoana
o Phatswane (Phatsoane)
o Pitikwe (Pitikoe)
o Ramohotsi
o Ramokgele
o Sanyane
o Seboko
o Sefatsa
o Sekwati (Sekoati)
o Seokolodi (Seokololi)
o Sephaphathi
o Setlopo
o Taedi (Taeli)
o Tau
o Tebele
o Tebeyane
o Thobi
o Thulo
o Tledima
o Tsau
o Tshehlo
o Tshukudu (Tshukulu)

Motso wa Bataung

Fezekile Futhwa 127


Nalane ya Mosotho

Dithoko tsa Bataung

Nthethe a Morapedi

Fezekile Futhwa 128


Nalane ya Mosotho

Ke Motaung wa Nthethe wa Morapedi,


Hlalele monna ya hlooho e kgolo,
Petu le lekana molala,
Morena ke Hlalele a innotshi!

KAPA

Ke Motaung wa Nthethe wa Morapedi,


Ngwana tshesana nkope,
E tla re mohla a tla shwa,
A kgaolwe hlooho,
A sale a nyeketha ka mahetlana,
Ka pakana tsa melala,
Wa Mmakatisa leloko,
Tau ha e qalwe seforong,
E bolaya motho!

Rathulo

Ke Motaung wa ha Rathulo wa Mphethe,


Sengalo sengape Mongapa Tshwana,
Motaung wa ha Moletsane,
Esale a phathikga Lehurutse lefikeng.

Sefatsa

Ke Motaung wa Sefatsa sa Tshukudu,


Motho e reng ha a tla shwa a pongwe hlooho,
A sale a kunyakunya ka mahetlana.

KAPA

Ke Motaung wa Sefatsa sa Tshukudu,


Ngwana Mmamokhokhothwane Ribana,
Ribana ke wa bo Mmangwejane le Peo,
Ke ngwana Mmathulo le hlanola pheha,
Hlanola pheha ba senno ho o bona,
O tle o bonwe ke mora hao,
O bonwe ke Mmasengwejane,
Ke ngwana matshola nku e folle mokekeng,
Bakone ba se ke ba e supa ka menonyana e metshonyana.

Hlalele

Ha o ana Tau, o ana sebata,


O ana phoofolo e sa jeweng,
Tau apola ka mahlong re bone.
Ke motho wa ha Hlalele,
Motho wa Mmadifalana Kwena,

Fezekile Futhwa 129


Nalane ya Mosotho

Wa matshola nku e folle mokekeng,


E se nna e folla difalaneng.

KAPA

Motaung wa ha Hlalele,
Motho Nthethe wwa Morapedi,
Motho wa lebese la kgomo,
La retha le eso kene hlofeng,
Petu le lekana molala,
Ha Hlalele ha ho marena mangata,
Morena ke Hlalele a inotshi,
Motho Matabohang wa Rapulana,
Kgalapa, morena,
Eo e seng wa ha Tau ke mang?

KAPA

Ke Motaung, namane e tshehla,


Ngwana lebese la kgomo,
Ralepetu mora Hlalele.

Ramokgele

Ke Motaung wa Ramokgele,
Lekolokotwane la Makobasia,
Ngwana MmaMosolodi le Mokgele,
E tla re ha a tla ja ho thehe meriti,
Ho thehe e menyenyane ya diotlwana.
O ja polokwe a sa e qete,
Empa o hana sengwatho sa maobane.

KAPA

Ke Motaung wa ha Ramokgele wa Mmamoholwane,


Motho eo e reng ha a tla ja ho thehe meriti,
Ho thehe e menyane ya diotlwana,
Wa ha thethanatelle, Mmamoholwane,
Ha o e pome ya lekana dirope!
KAPA

Ke Motaung wa Ramokgele,
Lekokotwane la Makobasia,
Motho eo e reng a tla ja ho thehe meriti,
Ho thehe le e menyenyane ya diotlwana.
Batho ba bo lehahanyana le borutho,
Wa MaMontwedi a phoma,
A ko phumele Barwanyana,
O phumele ba Mokholane, o khutle.

Fezekile Futhwa 130


Nalane ya Mosotho

Ya sa jeng sengwathwana sa maobane.

KAPA

Ke Motaung wa Ramokgele,
Lekokotwane la Makobasia,
Motho eo e reng a tla ja ho thehe meriti,
Ho thehe le e menyenyane ya diotlwana.
Batho ba bo lehahanyana kopela,
Batho ba bo Mosolodi wa Mokhele,
Batho ba ha Ramokhele boko sa ho tjheha,
Se ka tjheha sa pitla Barolong.

11.4.5 Batloung
Batloung ba ana eng?
Batloung ba ana Tlou.

Letoto la Diboko
o Diboko tsa Batloung:
o Dipholo
o Maloka
o Montsho
o Motshekwane (Motshekoane)
o Nkgwaba (Nkhoaba)
o Ntsasa
o Phofele
o Ramokepa
o Ranale
o Ranyele
o Raphule
o Sejake
o Sekgobe (Sekhobe)
o Sekgume (Sekhume)
o Sekgwane (Sekhoane)
o Titi
o Tlane
o Tshwaedi

Motso wa Batloung

Fezekile Futhwa 131


Nalane ya Mosotho

Dithoko tsa Batloung

Ke thelle jwang ke le Motloung,


Wa ha Makgekge wa Sekgwane, Motloung,
Ke tla thella, ke thelle ho mang?
Ke tla thella, ho ho tsho ha maphiri a phirima,
Bata se phoofolo, ngwana Mothetho,
Ka mehla ena ka o hasa,
Wa hlaba batho ka marumo,
Wa re ke diphoofolo,
Ka ntsha kgomo, ka romela lehodimong,
Ho ntate Motloung, Sekgwane,
Ke mohodi wa ha di harella dithaba,
Thatolla re sa di bona,
Ba re thentha tsebe, tlou maokhola,
O nke mahlokwa o a menahanye,
O fate ditsebe o utlwe hantle,
Mokgosi o teng, wa motsheare phallang!
Wa bosiu o ntsha batho matlung,
Tshepe towe, mokgosi ona o o tlohele,
Se maribana se ba le tshwene, Molapo,
Motho a tipa wa habo, a re ke moditjhaba,
Kgomo towe, ho tswa dipereng moloi a tuka,
Wa ntekatekane, wa leshano, a be se a fihla,
A re: Lepekola, monna wa ha Mokgekge,
Lehodimong kwana o a bitswa, o a laetswa,
O bitswa ke morena wa tedu tsa mofuta mohudi,
Ke mmatla ka pele, ka be se ke fihla,
Ke fumana a bile a ntsa ipapalla morabaraba,
Kgomo ha e kgutla, e ntse e le sha, e le lekgutla,
E le makgutla, e le mmofu,

Fezekile Futhwa 132


Nalane ya Mosotho

E le ntho tsena tsohle,


Ba mohla ba neng ba bitsa mofuta, Mpai,
Ke re yena le bona,
A re kgethang wa lona,
Ke tla kgetha wa rona re le kae?
Batho ke bana ba feta,
Ke kopane le banana ba le bararo,
E ile ya re ke re ho bona dumelang!
Ba re ha re sa le banana, re basadi,
Banna ba rona ba shwetse Jubere!
Hae ke tloha ke tswa Betjhwanalente, Batswaneng,
Basotho bana ba fetotse dipuo,
Matsoho ba ne ba a bitsa ‘mabogo’,
Hlooho ena ba ne ba e bitsa ‘sekopo’,
Ditsebe tsena ba ne ba di bitsa ‘dikgetla’,
Mahlo ka wona ke sheba dinaha,
Dinko ka tsona ke sa tla thimola,
Molomo ka wona ke tla bua,
Tedu tsa ntshenya tshobotsi,
Lekgwaba ke lena le fihla,
La re: “helele, Mosotho wa Motloung!
Sekgwane, ntshehele nama ke lapile!”
Tshwene ke ena. Ya re tshwene:
“O ke ke wa ja nama, o makgisa!
Tshwene towe! O busetsang makopo difahleho?”
Tshwene ya bua ka lentswe le bohloko ho lekgwaba lena,
Ya re: “Lekgwaba towe, o ka be o le moruti hantle,
Ke bona kholloro ya hao, e a o tshwanela,
Feela lekgwaba towe, o kgala nameng.

11.4.6 Batshweneng
Batshweneng ba ana eng?
Batshweneng ba ana Tshwene.

Letoto la Diboko
o Motshweneng
o Motshwene
o Tsholo
o Ntsime
o Ntsimana
o Nkoti
o Kgamadi
o Morure
o Lekokoto
o Kgiba
o Pati

Motso wa Batshwaneng

Fezekile Futhwa 133


Nalane ya Mosotho

Dithoko tsa Batshweneng

Kgiba

Ke Motshweneng wa MmaKgiba,
Motho wa Lekokoto la Ntsimana,
Kgiba o hahile ntlo thabeng,
Kgiba leme le letsho,
Ke ho koma ditlhare.

KAPA

Ke Motshweneng wa ha Kgiba, Sehowa,


Motho wa MmaKgiba Sehowa,
Leleme le letsho ke ho koma ditlhare.

Masilo

Ke Motshweneng,
Ke Mofurutshe, motho wa Masilo,
Moana tshwene, motho wa mokgahla wa kgomo e tshwana,
O lesiba la nonyana, o kobo ya nkwe,
Tshwene e tswetse dibokoboko,
Mabina phoofolo, ma-ana dibata.

Fezekile Futhwa 134


Nalane ya Mosotho

11.4.7 Bakubung
Bakubung ba ana eng?
Bakubung ba ana Kubu.

Letoto la Diboko
o Komane
o Leswetsa
o Mahwete
o Mohlamatsana
o Mokubung
o Moseme

Motso wa Bakubung

Dithoko tsa Bakubung

Ke Mokubung wa Mohlamatsana,
Mohloka kodi, motseba tsa ba bang,
Motho wa Leswetsa la Maitjadi.
Mohale, motswa lehlakeng,
Motho wa mokopu o motolodi,
Le o ntshe masimong.

KAPA
Ke Mokubung wa MmaMohlamatsana,
Mohloka kodi, motseba tsa ba bang,
Kubukubu, ntsha marota re bone,
Kubu e kaa ka ntlo ya Moseme.

KAPA

Re batho ba ha Mahwete Komane,


Re batho ba bodiba bo botala ha bo okamelwe,
Ekare ha o bo okamela,
O ka wela ka mahlwana le ditsejana,

Fezekile Futhwa 135


Nalane ya Mosotho

Kubu hohomosa marete re bone,


Kubu ha o e ame mo phatleng,
Ha o e ama mo phatleng, o ka shwa,
Kubu e dula metsing,
Kubu ha e bonwe!

11.4.8 Baphuthing
Baphuthing ba ana eng?
Baphuthing ba ana Phuthi.

Letoto la Diboko
o Chabane (Tjhabane)
o Dlamini
o Falatsi
o Hlanyane
o Hlapa
o Keketsi
o Kgiba (Khiba)
o Kgosi (Khosi)
o Kgwantle (Khoantle)
o Kgwanyane (Khoanyane)
o Kgwasi (Kgoasi, Khoasi)
o Kgwasi (Khoasi)
o Khechane
o Kobo
o Koko
o Laake
o Lebitsa
o Lefeta
o Lephuthing
o Lesala
o Leteba
o Letuka
o Liboke
o Maketela
o Makgathumane (Makhathumane)
o Malilimale
o Mapane
o Marole
o Masakale
o Masoabi
o Mathula
o Matsi
o Miya
o Mocheko
o Mohlahodi (Mohlaodi, Mohlaholi, Mohlaoli)
o Mokgeseng (Mokheseng)
o Mokgwebi (Mokhoebi)
o Mokuwane (Mokuoane)
o Molapo

Fezekile Futhwa 136


Nalane ya Mosotho

o Monyane
o Moorosi
o Mosweunyane (Mosoeunyane)
o Motemekwane (Motemekoane)
o Motlotla
o Motlwenya (Motloenya)
o Motshwane (Motshoane, Motsoane)
o Motsolane
o Mphuthi
o Mphuthi
o Nkopane
o Ntabanyane
o Ntlesinye
o Ntsime
o Padi (Pali)
o Padinyane (Palinyane)
o Phaladi (Palali)
o Pharela
o Phatodi (Phatoli)
o Ramadiele (Ramaliele)
o Ratsebe
o Seboka
o Sepere
o Sepoko
o Setsoba
o Sohlo
o Temeki
o Thibela
o Titi
o Tlali
o Tshele

Motso wa Baphuthing
Baphuthing ke setjhaba se thehilweng ke Matsiboho, mora wa boraro wa morena Tabane.

Fezekile Futhwa 137


Nalane ya Mosotho

Motso wa Baphuthi
Baphuthi ke setjhaba ke thehilweng ke Laake mora wa Dlamini. Setjhaba sa Baphuthi ke
pokello ya merabe e fapaneng, ke ka hona ba bitswang Baphuthi; e le hore baphuthi ba
merabe yohle.

Nalane ya Baphuthi e tloha ho setjhaba sa Mazizi, bao ka Sesotho ba bitswang Matsitsi kapa
ba Motsitsi, seo se ileng sa kopana le sa Baphuthi tlasa puso ya morena Kobo. Mazizi a ile a
qetella a ikana ka seboko sa Baphuthi mme ba latela sohle seo Baphuthi ba se latelang.

Fezekile Futhwa 138


Nalane ya Mosotho

Dithoko tsa Baphuthing


Miya
Ke thelleng,
Ke le Letebele la ha Miya,
La ha Sekelemane,
Kobo di pedi, ngwana Kgojane,
Tsa bola hlooho,
Tsa bola bokalakata,
E nngwe ke ya ho apesa boroko,
E nngwe ke ya ho apesa bosudu!

KAPA

Ke Lephuthi, Lekgolokwe, Lekotswana,


Mahlaba kgoho ka lemao,
A e ise ho Mokgolwane kgorong,
A re: Morena bona,
Ke hlabile e manoni a maholo.

KAPA

Fezekile Futhwa 139


Nalane ya Mosotho

Ke Lephuthi Lekotswana,
Phuthi la ha RaKhoasi,
Phuthi e tshoha ka meso e anyese.

11.4.9 Bafula
Bafula ba ana eng?
Bafula ba ana Kolobe.

Letoto la Diboko
o Mofula
o Marakasane
o Raseqhanyane
o Matsetlelana

Dithoko tsa Bafula

Ke Mofula Mokolobeng,
Motho wa Marasakane,
Moana kolobe,
Moana phoofolo a e jang,
Malema feela a sa phophothe,
Mmadinakana ka hanong.
Ha o batla kgotso, kgotso ke nala.
Ha o batla ntwa,
Bona metsu qholong ka kgohlopong,
Marumo ke seqhanyane sa ntwa,
Hela mokola ona ke Raseqhanyane,
Ke Mofula, Matsetlelana hantle.

11.4.10 Banareng
Banareng ba ana eng?
Banareng ba ana Nare.

Letoto la Diboko
o Monareng
o Lekgolela

Dithoko tsa Banareng

Ke Monareng wa ha Tswedipa Matshwele,


Tswedipa, Nare ya e ja Lekgolela,
Modimo wa Shekeshe o na le matla,
A na tlohela podi a tlolela thotolo,
Ho tjho bo Modikwe le Motohwana.

11.4.11 Bapedi
Bapedi ba ana eng?
Bapedi ke Bakwena mme ba ana Kwena.

Fezekile Futhwa 140


Nalane ya Mosotho

Motso wa Bapedi

11.4.12 Makgolokwe
Makgolokwe a ana eng?
Makgolokwe a ana Kgoho.

Letoto la Diboko
o Hlabate
o Kgetsi (Khetsi)
o Lehasa
o Lephasane
o Letlatsa
o Maduke (Maluke)
o Marobele
o Mathula
o Mocheko
o Mohlaki
o Mohlaodi (Mohlaoli)
o Mokete
o Mokgolane (Mokholane)
o Mokgolwane (Mokholoane)
o Mokhele
o Mokilibiti

Fezekile Futhwa 141


Nalane ya Mosotho

o Moloi
o Molope
o Motshwane (Motsoane)
o Phoka
o Polane
o Seeka
o Sehwala (Sehoala)
o Thothobolo
o Thuisi
o Tjale
o Tlaka
o Tsoledi (Tsoleli)
o Wetsi

Motso wa Makgolokwe

Dithoko tsa Makgolokwe

Re le Makgolokwe, Mahlabakotswana,
Mahlaba kgoho ka lemao ka sebonong,
A e hlaba, a e isa kgorong ha Mokgolane,
Mokgolane a e ja, a ba a e halala,
A re “kgutla hape o yo eketsa,

Fezekile Futhwa 142


Nalane ya Mosotho

Motho wa Wetsi!”

KAPA

Makgolokwe, Makotswana,
Mahlaba kgoho ka lemao,
A e ise ho Mokgolane kgorong,
A re: Bona morena, ke hlabile!
Ke hlabile manoni a maholo,
Batho ba Rapeso,
Batho ba Seya pele kgotsong,
Ho sa busa Letlatsa le Lephatshwana,
Batho ba ha Wetsi,
Batho ba ha Marowa le Molotsana,
Batho ba Rapeso!

11.4.13 Batlokwa
Batlokwa ba ana eng?
Batlokwa ba ana Nkwe.

Letoto la Diboko
o Hlwaisi (Hloaisi)
o Kakodi (Kakoli)
o Lebasa
o Leboto
o Lebusa
o Ledingwana (Lelingoana)
o Lehana
o Lepotswe
o Leteane
o Leteanye
o Leteka
o Leutlwa
o Mafamu
o Makoro
o Maponopono
o Matekatsi
o Matsau
o Mmane
o Moepi
o Mohoeshe
o Mokaba
o Mokhalaka
o Mokotjo
o Molatodi
o Molefe
o Montwedi
o Montwetsana
o Moshesha
o Mothibedi

Fezekile Futhwa 143


Nalane ya Mosotho

o Motonosi
o Nkahle
o Nkalai
o Nkherepe
o Nyane
o Phakwe (Phakoe)
o Qoku
o Ratsebe
o Sebidi (Sebili)
o Sefehle
o Sekati
o Sekhukhuni
o Tau
o Theka
o Tlako
o Tshotetsi (Tsotetsi)

Motso wa Batlokwa

Fezekile Futhwa 144


Nalane ya Mosotho

Dithoko tsa Batlokwa

Molefe

Ke Motlokwa wa ha Molefe,
Wa ha Molefe, wa ha Sebidi.
Wa MmaNkgaodise wa ho nkga lefotha,
Le mohla nama e leng siyo ha motho,
Wa ha MmaNthatisi wa Motonosi.

Motonosi

Ke Motlokwa,
Ke motho wa Seala se kgaohile, Motonosi.
Ha se a kgaoha se entse lehohoba.
Ke motho wa ha Makoro,
Wa ha mankga lefotha,
Le mohla ho sa hlajwang,
Le ntse le nkga lefotha.

MaNthatisi

Motlokwa wa ha MaNthatisi,
Motho wa Tshotetsi wa Lebaka,
Motho ya neng a nyele mokopu,
Wa MmaMohato wa Botha Bothe,
Motho wa Kubu, ke nare ya tsolo le lefubedu,
Le neng le otle habedi ka hara kereke,
Le ipatlela ngwana lona, Ntlenyana,
Selepe, Mokgesi o hana kereke,
O etellwa pele ke baruti ka tseleng,
Le wena ka moso ba tla o etella!

11.4.14 Basia
Basia ba ana eng?
Basia ba ana Katse.

Dilemong tsa pele ho 1800, katse e ne e se phoofolo ya hae ebile e sa bitswe ka lebitso leo. E
ne e le phoofolo ya naheng e bitswang “qwabi” e bile e tsongwa ke ditsomi bakeng sa ho jewa
jwalo ka nama. Ha diruuwa di ntse di ata, e ile ya thapiswa ho dula le motho kapa ho ruuwa
jwalo ka seruuwa se fokotsang ditweba malapeng. Ha qwabi e tliswa hae, e ile ya bitswa
“mosia”, ho bolelang hore e “sia” boqwabi ba yona naheng. Qwabi ena e thapisitsweng ena le
ho baleha hae ha e bolaiswa tlala, mme e boele naheng hape. Ha e boela naheng Basotho ba e
bitsa setsetse: ho bolelang katse e balehileng hae ka mora ho thapiswa.

Letoto la Diboko
o Leboya (Leboea)
o Lesapo
o Lesetla
o Letlala

Fezekile Futhwa 145


Nalane ya Mosotho

o Letuka
o Mano
o Matlanyane
o Mohale
o Moletsane
o Mosebi
o Mosia
o Mothaha
o Motho
o Pampane
o Phenya
o Tlabedi (Tlabeli)
o Tshele (Tsele)
o Tsholele (Tsolele)

Motso wa Basia

Dithoko tsa Basia

Ke Mosia, Motubatsi,
Motho wa ha mantsha thebe di ome,

Fezekile Futhwa 146


Nalane ya Mosotho

Di se nna di omella mokgwabo ntlung,


Di omele ka ntle mabaleng.

KAPA

Ke Mosia Motubatsi,
Wa MmaTshele wa Lebajwa la Nkwanyane,
Ha ke le wa Tshele, nka tshella mang?
Wa mmamokgomo phatshwa, sewehla,
Wa ntshang thebe di ome,
Di se nna di oma mokgwabo tlung.

KAPA
Ke Mosia Motubatsi,
Motho wa ha mantsha thebe di ome,
Di se nna di omela mokgabo tlung,
Di omele ka ntle mabaleng.
Moya o hlaha kae?
O hlaha konkong,
Pakeng tsa mafika le majwe.
Ke motho wa bo Tshele le Letuka,
Ka Tshele o tshalle mang?
O tshelle Lebajwa le Nkwanyane.

11.4.15 Makgwakgwa
Makgwakgwa a ana eng?
Makgwakgwa a ana Kwena.

Letoto la Diboko
o Dijo
o Kherehlwa
o Lechesa
o Lethole
o Letsie
o Letsika
o Lewesa
o Mahlatsi
o Maselane
o Mashiane
o Matela
o Mosesa
o Mosito
o Mphamo
o Nkopane
o Puso
o Sefako
o Thakabanna
o Tumane

Fezekile Futhwa 147


Nalane ya Mosotho

Motso wa Makgwakgwa

Dithoko tsa Makgwakgwa

Mahlatsi

Ke thelleng,
Ke le Lekgwakgwa la ha Mahlatsi,
Batho ba ha Mahlatsi ba kaalo ka dinaledi,
Ba kaalo ka jwang ba tshaane, molelengwane,
Ke batho ba ha MaMphamo a Mahasa,
Batho ba Sepharumele sa Mongalo,
Ke batho ba ha MaMotlotlo o a batlwa,
Motlhotlo bosiu o ba mokgubedu,
Motsheare o ba mosootho,
Batho ba ha Mahlatsi ha se ba ho ya le batho ntweng,
Ha ba ya le batho mahlare a a lala,
Ho tjha dithota, boAtanye le boKolonyama,
Diya ha Mahlatsi di ya ka bohlale,
Ha o ya ha Mahlatsi o ye ka bohlake,
Bona sekoti tseleng o tla wela!

Dijo

Fezekile Futhwa 148


Nalane ya Mosotho

Ke thelle jwang
Ke le Mokwena wa Tumane wa Potsela,
Wa boDijo, wa boMoselane,
Ho hlabana dithotsela ka mahaheng,
Di tsekisana maphutsi le marakaila,
Se hlooho e kgolo ke Tumane,
Makgakgwa, o a le bitsa!

11.4.16 Barolong

Motso wa Barolong

Fezekile Futhwa 149


Nalane ya Mosotho

Sehlomathiso A: Pabatso
Tsena ke dingolwa tseo ke bileng le kgahleho ho tsona tlhahisong ya sengolwa sena.

Ntlha tse ngata tse ngotsweng ke D.F. Ellenburger di fetotswe ho nepahala ho latela
kutlwisiso ya ka ya nalane ya Basotho. Ho teng dintlha tse ngata tse ngotsweng ke basweu tse
lokelang ho lokiswa le ho netefatswa ke Basotho.

 An Assessment of Seshoeshoe as a Cultural Identity of Basotho Women of


Lesotho(dissertation) ka ‘Mabokang Baatshwana Pheto-Moeti
 Patlamantswe ya Sesotho sa Machaba ka Madiela Chitja
 Nalane, www.nalane.org.za, ka Fezekile Futhwa
 Tshehlana tseo tsa Basia ka S.M. Guma
 Basotho Family Odes(Diboko) and Oral Tradition(dissertation) ka Moruti William Tsiu
 Sociolinguistic Variation in Spoken and Written Sesotho: A Case Study of Speech
Varieties in Qwaqwa(dissertation) ka Ntaoleng Belina Sekere
 The History of the Basuto, Ancient and Modern ka D.F. Ellenberger
 Mekgwa le Maele a Basotho ka Azariele Sekese
 Pitso ea Dinonyana ka A.M.Sekese
 Histori ya Lesotho ka Mosebi Damane
 Morena Moshoeshoe Mora Mokhachane ka Motsamai E. Leoatle
 Bokeleke ba Basotho ka Rosemary Moeketsi
 Temo ea Boholo-holo Lesotho ka Molelekoa M. Mohapi
 Heroic Poetry of the Basotho ka Daniel P. Kunene
 Lithoko: Sotho Praise Poems ka Mosebi Damane, P.B. Sanders
 Lesedinyane la Lesotho
 Basuto History ka J.M. Orpen
 Kgatiso tse fapaneng tsa Official Records of the Cape ka George McCall Theal

Tlhompho le Tlotla
Ke lebisa tlhompho le tlotla ho dinatla le bahale ba latelang ka ditaba tsa Basotho:

1. Nofaene Mathulo Mamokgele Khitsane-Futhwa, ka neletsano taba eo e bileng motheo wa


tsebo ya ka ditaba tsa Basotho.
2. Bangodi ba latelang ka dingolwa tseo re lokelang ho di baballa hoba ke letlotlo la
Sesotho: S.M. Guma, A. Sekese, D.P. Kunene, E. Segoete, Z.D. Mongoaela, T. Mofolo,
E. Motsamai, L.S. Booysen le ba bang bao ke lebalang mabitso a bona.

Fezekile Futhwa 150

View publication stats

You might also like