Download as pdf or txt
Download as pdf or txt
You are on page 1of 8

EXAMINATIONS COUNCIL OF LESOTHO

Lesotho General Certificate of Secondary Education

SESOTHO 0176/02

Pampiri ea bobeli – Seballoa-kutloisiso Motšeanong/Phuptjane 2023

Nako: Hora le metsotso e mashome a mararo

Tlatsetso ea pampiri (Insert)

BALA LITAELO KA HLOKO PELE U ARABA

Tlatsetso ena e na le liballoa-kutloisiso tse tsamaellanang le lipotso tse pampiring.


U ka sebelisa sebaka se qetellong ea tlatsetso ho etsa moralo oa ho araba lipotso.
Moralo oa likarabo tlatsetsong ena ha o tšoauoe ke mohlahlobi.

Tokomane ena e na le maqephe a mahlano a hatisitsoeng le a maroro a sa hatisoang.

Examinations Council of Lesotho

© ECoL 2023
2

KAROLO EA PELE

SEBALLOA-KUTLOISISO SA PELE

Bala seballoa-kutloisiso sa pele u nt’o araba lipotso tse tsamaellanang le sona.

Boroko

1 Ba ithutileng ka tsa tšebetso ea kelello ba supa hore boroko ke ntho e molemo


bophelong ba motho. Empa joalokaha ho se tjaka-tlhoka-koli, bo boetse bo na le
litholoana tse bosula.

2 Boroko bo tlisetsa mosebetsi phomolo bosiu ha a robetse haeba a ile a sebetsa ka


thata. Bo-maqofela, ba tsohellang le ho chaisa ho le lefifi, ba fumana monyetla oa 5
ho phomola. Motho o tla ea lapeng a fihle a lokise li-ea-ka-maleng ha a qeta a kene
liphateng. Ebe ea fihla mponya ea mo kakalatsa! Ha a khalehile ke moo mesifa ea
hae e fumanang monyetla oa ho finoloha, manonyeletso le linoko li khefutsa ho
kobeha li koboloha. Boemong bona le mehopolo ea hae e emisa ho sebetsa ka
tloaelo. O koala mahlo, a nkoe ke sephume; matsoho, maoto le ’mele ’ohle ha li ame 10
kapa ho angoa ke letho ’me mehopolo ea motho e phomola ha nakoana ho lohotha.
Le eona kelello ea phomola hoba tse e fepelang li phomolong. ’Mele o fumana
monyetla oa ho kha matla a macha; le haeba o ne o opela mong’a oona ka lebaka la
mosebetsi, ho khaleha ho’a khatholla, motho a tsohe morolo.

3 Boroko bo tlisetsa ea kulang, ea fokolang, khefu ha nakoana ho opeloeng, ho 15


chobeng le ho ngeteng hoa litho tsa hae. Ekare boroko bo na le matsoho a hloibilang
ho opa hona nakoana ena eo motho a khalehileng, bo ho behe mane. Motho o
lebala ho thuoe! hore oa baba. Le lingaka li na le litlhare tse fang bababi boroko. Ho
bonahala hore ka nako eo motho a khalehileng, ho na le mokhoa oo tlholeho ea
’mele e itšebetsang ka oona hobane ka linako tse ling motho e ee e re ha a 20
phaphama a ikutloe a kokobelletsoe ke bohloko kapa a hlile a folile. Le ea
hlomohileng, ea hlorileng, boroko boa mo hlabolla bo mo busetse nyakallong le
mafolo-folong a hae a pele. Ha a khalehile, o fetela lefatšeng la litoro, e leng moo
tsohle tse etsahalang teng li ikhethang kahohle-hohle; mokhoa oa ho etsahala,
mokhoa oa ho fela, mokhoa oo tse bonoang li shebahalang ka oona. Batho, 25
lisebelisoa, limela le liphoofolo tsa litorong, ekasitana le linoka, linokana, lithaba le
maralla a teng, likhohlo le tsa teng ke tsa mofuta oa tsona.

4 Torong motho oa li bona tsena tsohle, ’me li mo hlakolela tsohle tse mo lubang
maikutlong a hae ha a falimehile. Ha a phaphama, o khutlela bophelong ba setloaeli
a hlabolotsoe ke ho bona lintho tsa mefuta-futa tseo a li boneng litorong. Ha a ntse a 30
leka ho li hopola, kaha le ho hopoleha li sa hopolehe habobebe, mahlomola a hae a
fetoha lefeela, ’me o fumana monyetla oa ho tsoelapele ka bophelo a siile
matšoenyeho a hae borokong. Haeba li ile tsa mo tšehisa, ha ho sa le bobebe hore a
khutlele morao moo a iphumanang a le har’a lillo. Ke boroko!

5 Empa Basotho ha ba lumele borokong; ba re ha ho na khomo ea boroko. Ke ha ba 35


leka ho nyahamisa ba robalang nako e telele, ba re motho o rakoa ke lilemela, ka
nako e ’ngoe ba hle ba re ha a robala nako e telele o tla nyeloa ke lilemela. Ba re
ekakhona motho a rake mafube; letsatsi le chabe a le temeng ha e le sehoai, kapa le
mo chabele tseleng ha e le separola-thota, le be le mo chabele naheng ha e le
© ECoL 2023 0176/02/M/J/23
3

motjoli oa sebele. Ha bosiu bo e-sa ba ithoka, ba tšeha baloi, ba re “Bosiu ba e-sa 40


moloi a soaba!” Ea nang le boroko bo bongata ba re o tsamaea ka ntloana ea
boroko, ba ’mitsa tlholi-ea-boroko. Ho bonahala hore ho ea ka Basotho, motho o
lokela ho re feela qobacha! moalong, a be a re rao!

6 Kaha bo tla kamor’a ho sebetsa ka matla, ’na kea bo rata boroko. Ha ke fihla ke re
ti! moalong, ke ikoahela ka likobo, ke otla ka tsebe mosamong. Nako e monate 45
hakaalo! Kea namalla, ke nahane ka tse etsahetseng letšeareng leo. Ka nako e
’ngoe ke ikoahele mono ha ke utloile bohloko, ke iphe khotso ka meokho, ke
kolobise mosamo ho se ea mponang.

(Seballoa-kutloisiso sena ke boiqapelo ba mohlahlobi.)

© ECoL 2023 0176/02/M/J/23 [Phetla


4

KAROLO EA BOBELI

SEBALLOA-KUTLOISISO SA BOBELI

Bala seballoa-kutloisiso sa bobeli, u nt’o araba lipotso tse tsamaellanang le sona.

Moeketsi

1 “Moeketsi,” eaba oa khutsa. A boela a re: “Moeketsi!” Hang Moeketsi a utloa eka
mali a hae a hoama. A utloa a kenoa ke mohatsela oo a sa o tsebeng hore na o tsoa
kae, hobane e ne e le Lehlabula, ’me hona phirimaneng eo ho futhumetse haholo,
hoo a neng a sa apara le baki. Eaba o re kapele: “Rangoane!” A rialo lentsoe lena le
buang eka ha se la hae, ’me le eena a bile a imakaletse hore na ekaba o jeoa ke’ng. 5
Motale a mo talima ka mahlo a bohale, eaba o boetse o talima hosele hoo Moeketsi
a bileng a hopola hore ha a ka a utloa ha a arabela.

2 “Moeketsi kajeno u holile, u monna.” A boela a talima hosele. Moeketsi a elelloa hore
taba eo Rangoan’ae a tl’o e bua e thata haholo, ke ntho e se ka ka letho. E ne e se
tloaelo hore a ’ne a qea-qee ha a bua ntho, o ne a hle a toboketse feela, ho ee moo 10
ho eang. “E Rangoane ke moholo, joale?” “U moholo, ngoan’a moholo oa ka,
tšoanelo ke hore u batle motlhatlehi, hobane ua bona le uena hore ausi o se a holile.
Lineo le eena a ka itholloa ke Moroa. A boela a thola hape. “E Rangoane o opile
khomo lenaka!” Moeketsi a qala ho utloa matšoafo a re kokololo, kaha le eena taba
15
eo o ne a se a ntse a e rerile.

3 “Ke hantle ngoan’aka. Ntat’ao ha a hlokahala o n’a ntaee haholo hore ke u holise, ke
be ke u batlele mosali, ’me kajeno nako eo e fihlile.” “Ke se ’nile ka buisana le ausi
ka taba ena, ra lumellana ka ngoanana e mong, eo ke kholoang hore u tla ba khotso
ke eena. Ke buisane le ntat’a ngoanana eo lehoja re e-s’o khobokanye puo hantle, o
itse ngoana eo e sa le toeba. Ke se ke tla ea hoba ngoanana eo a fihle temeng, e be 20
morero oo o tsoelapele. Ke ka lebaka lena re rerileng hammoho le ausi hore re hle re
u tsebise, u se ka ’na ua thetsa bana ba batho, u re ua ba nyala, hobane ke mokhoa
oa lona bashanyana ba morao tjena ha le ntse le ikoetlisa bosuoeng koana.”

4 Ha Motale a ntse a pheta tsena, Moeketsi, pelo ea ea mafisa, hoo ba bileng ba


hopola hore o ntse a sa mamela. Hang mohopolo oa hae oa boela ho Thakane, le 25
lengolo la hae. Mantsoe a reng: “Nako eo re neng re e ballane le uena e ea ho
feleng,…” a ’n’a luma ka hloohong ea hae. A fihla ho eena ka sekhahla se seholo.
“Kea utloa, Rangoane.” “E, ke hantle ha ngoan’aka a utloa ha baholo ba hae ba bua
le eena. Ke ile ka re ke u bolelle e le..” Moeketsi a hloka mamello, a mo kena
hanong. “Ka hore kea utloa, ha se hore ke lumela taba eo ea hao. Ke mpa ke re ke 30
utloile ka litsebe feela. Ha e le taba eno eona ha ke ee le eona leha e le
hanyenyane feela Rangoane.”

5 “U bolela eng ha u rialo?” Motale o botsa a ntšitse mahlo linameng. Moeketsi a qea-
qea, a tšaba ho toba taba. O ne a tseba bohale ba Motale. “Ke re na u bolela’ng
Moeketsi ha u rialo?” A hopola ’mamonanyetsa oa Motale boshanyaneng ba hae, 35
’me a hla a tseba hore ka ho mo hlalosetsa seo a se lohothang, hlaha e ka tloha ea
e-cha. Leha ho le joalo a bona hore thuso ha e eo ke hore a hle a phunye seso se
tsoe bolalu. “Ke ne ke se ke buile le ngoanana e mong ke itse ke tl’o mo nyala.” Ha a
ka a le qeta leo. Motale rao! A hoalatsa molamu, a mo sheshema ka bohale, hoa
© ECoL 2023 0176/02/M/J/23
5

bonahala hore o tla o lebala hona nakeng la hlooho mona. “Butle bo, Motale!” Ho 40
rialo ’Mamoeketsi. “Butle ngoan’eso! Se loane. O tla utloa, o moholo!” Motale a
rabaka le ntlo. ’Mamoeketsi o ne a rata mora haholo. Le eena o ne a sa batle taba
ena a mpa a ithiba.
(E qotsitsoe ho Khaketla, B.M. Meokho ea Thabo. (1984).

© ECoL 2023 0176/02/M/J/23


6

LEQEPHE LE SA HATISOANG

© ECoL 2023 0176/02/M/J/23


7

LEQEPHE LE SA HATISOANG

© ECoL 2023 0176/02/M/J/23


8

LEQEPHE LE SA HATISOANG

Permission to reproduce items where third-party owned material protected by copyright is included has been sought and cleared where possible. Every
reasonable effort has been made by the publisher (ECoL) to trace copyright holders, but if any items requiring clearance have unwittingly been included, the
publisher will be pleased to make amends at the earliest possible opportunity.

© ECoL 2023 0176/02/M/J/23

You might also like