Sesotho FAL P2 Nov 2009

You might also like

Download as pdf or txt
Download as pdf or txt
You are on page 1of 20

NATIONAL

SENIOR CERTIFICATE

KEREITE YA 12

SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL)

PAMPIRI YA 2 (P2)

PUDUNGWANA 2009

MATSHWAO: 70

NAKO: dihora tse 2

Pampiri ena e na le maqephe a 20.

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 2 DoE/Pudungwana 2009
NSC

DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA

1. Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka tlhoko pele o qala ho ka araba
dipotso.

2. O se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima karolo e hlahisang dikahare


tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse
theilweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora moo o
bale dipotso tseo, o nto kgetha tseo o lakatsang ho di araba.

3. Pampiri ena e arotswe dikarolo tse NNE, e leng:

KAROLO YA A: Padi/Nobele (35)


KAROLO YA B: Tshwantshiso/Terama (35)
KAROLO YA C: Palekgutshwe (35)
KAROLO YA D: Dithothokiso (35)

4. O lokela ho araba dipotso tse PEDI feela. Dipotso (tseo tse pedi) di kgethwe
dikarolong dife kapa dife tse fapaneng. Araba potso e le NNGWE mofuteng
ka mong wa sengolwa ho e MMEDI eo o ithutileng yona selemong sena.
Hlokomela hore matshwao a dipotso tse pedi tseo o di arabileng a etse
mashome a supileng (70) ha a kopanngwa.

5. Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalehong ya karolo e nngwe le e


nngwe ka tlhoko.

6. Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya


dipotso.

7. Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng LE LETJHA, mme o sehe


mola qetellong ya karolo ka nngwe.

8. Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.

9. Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ka moo ho sisintsweng: O lokela


ho ngola karolo e nngwe le e nngwe bonyane metsotso e 60.

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 3 DoE/Pudungwana 2009
NSC

LEQEPHE LA DIKAHARE:

Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso
tseo a lakatsang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri kaofela.

KAROLO YA A: PADI/NOBELE
Araba potso E LE NNGWE feela.
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO
1. Padi ya 1 – Mahlale a kopane Lekwa Mofuta wa potso e telele ya moqoqo 35
KAPA
2. Padi ya 1 – Mahlale a kopane Lekwa Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
KAPA
3. Padi ya 2 – Bosweu ba Lehlwa Mofuta wa potso e telele ya moqoqo 35
KAPA
4. Padi ya 2 – Bosweu ba Lehlwa Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
KAPA
5. Padi ya 3 – Sehlekehleke sa Deidro Mofuta wa potso e telele ya moqoqo 35
KAPA
6. Padi ya 3 – Sehlekehleke sa Deidro Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 35

KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
Araba potso E LE NNGWE feela.
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO
7. Tshwantshiso ya 1 – Sefi Mofuta wa potso e telele ya moqoqo 35
KAPA
8. Tshwantshiso ya 1 – Sefi Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 35

KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
Araba potso E LE NNGWE feela.
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO
9. Palekgutshwe ya 1 – Modia Mofuta wa potso e telele ya moqoqo 35
KAPA
10. Palekgutshwe ya 2 – Modia Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 35

KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
Araba dipotso TSE PEDI feela.
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO
11. Thothokiso ya 1 – Lefu Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 17½
KAPA
12. Thothokiso ya 2 – Pelo e ja serati Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 17½
KAPA
13. Thothokiso ya 3 – O emetseng? Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 17½
KAPA
14. Thothokiso ya 4 – Lefu la Morena Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 17½
George VI
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D: 35
MATSHWAO KAOFELA A DIPOTSO TSE PEDI TSE LOKELANG HO ARAJWA: 70

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 4 DoE/Pudungwana 2009
NSC

Lenanenetefatso:
Sebedisa lenanenetefatso lena ho nnetefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse
hlokehang.

NOMORO PALO YA TSHWAYA


KAROLO YA TSA DIPOTSO TSE (√)
DIPOTSO LOKELANG
HO ARAJWA
A: PADI/NOBELE
(Potso e telele (moqoqo) KAPA 1–6 1
dipotso tse kgutshwane)
KAPA
B: TSHWANTSHISO/TERAMA
(Potso e telele (moqoqo) KAPA 7–8 1
dipotso tse kgutshwane)
KAPA
C: PALEKGUTSHWE
(Potso e telele (moqoqo) KAPA 9 – 10 1
dipotso tse kgutshwane)
KAPA
D: DITHOTHOKISO
Potso e telele (moqoqo) KAPA 11 – 14 1
dipotso tse kgutshwane (tseo o
ithutileng tsona)
PALO YOHLE YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO
2
ARAJWA

ELA HLOKO:
O tshwanetse hore o be o arabile dipotso tse PEDI tse tswang dibukeng tseo o
ithutileng tsona selemong sena.

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 5 DoE/Pudungwana 2009
NSC

KAROLO YA A: PADI/NOBELE

ARABA POTSO YA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.

Ho botsitswe dipotso tse tsheletseng karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le
NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena.

POTSO YA 1

MAHLALE A KOPANE LEKWA – DN Katsie

Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 – 300 qoqa ka diketsahalo tse lebisang


tharahanong ya pale ena, o itshetlehile hodima bohlale le maqheka ao Sekgukguni le
Mananyetsa ba neng ba kopane ka ona. [35]

KAPA

POTSO YA 2

MAHLALE A KOPANE LEKWA – DN Katsie

Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.

"Ntate, ha e le ntwa yona, nna ke inehetse. Ho teng feela, nna ke ne ke re na ha e le


moo nna le wena re bile le hona ho ka qhekanyetsana ka bohlale bo tsotehang
hakanakana, na ha o bone hore re ka thusana nthong tse ngata? … Na ha re ka
kopanya kelello tsee tsa rona ra di etsa ngatana e le nngwe, na ha o bone hore re ka
iphedisa? Na ruri re ke ke ra rua, ka ho tsamaya re qhekanyetsa batho, wena o e
bona jwang taba ee, weso?"

"Jwale o bua jwalo ka monna. Ke rata ha o bua jwalo. O lekile ho nqhekanyetsa ka


'thipa' ya 'kgauta', empa ka baka la hobane ke le bohlale o hlolehile ho ntshwasa. Le
nna ke hlolehile ho o tshwasa hobane o batlile o o eba bohlajana.

Jwale tseo ha re di lebale he, di fetile. Taba e setseng e nngwe feela jwale, ha re be
ngatanngwe ke pheto. Nka o bolella feela nna hore bophelo bo teng ka mona ka
Freisetata. Ha o dumela ho tsamaya le nna ke tla o bula mahlo ka seo ke se
nahanang, seo e leng kgale ke se labalabela – mme se tla re putsa.

DIPOTSO:

2.1 Bolela mabitso a baphetwa bana ba babedi ba buisanang qotsong e ka


hodimo. (2)

2.2 2.2.1 Mantswe aa "Ntate, ha e le ntwa yona, nna ke inehetse …" a ne a


buuwa ke mang ho bona ba le babedi? (1)

2.2.2 Hlalosa se neng se qeta ho etsahala mme se bakileng hore


mophetwa eo a bue mantswe ana a qotsitsweng potsong ya 2.2.1
ka hodimo. (2)

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 6 DoE/Pudungwana 2009
NSC

2.3 Baphetwa baa ba ne ba kopanele tulong efe mohla ba neng ba teana lekgetlo
la pele? (1)

2.4 Bolela dintho tseo baphetwa bana ba neng ba di tshwere ha ba ne ba kopana


jwalo. (2)

2.5 Hlahisa ntlha e le nngwe eo o hopolang hore baphetwa bana bao o ba


boletseng karabong ya hao e ho 2.1 ba tshwana ka yona. Bolela ntlha e le
nngwe o ipapisitse ka semelo sa bona. (2)

2.6 Baphetwa baa ba babedi ba ile ba rera ho etsa eng ka kopanelo ka mora hore
ba etse setswalle? (2)

2.7 Sehlooho see, 'Mahlale a kopane Lekwa' se nepahetse kapa se fosahetse


hakae ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ketsahalo e hlahisitsweng qotsong e o sa
tswa e bala? (4)

2.8 2.8.1 Monna ya bitswang Mananyetsa o ne a ikgakantse jwalo ka eng


mohla a neng a ile ho ya qhekella Mofumahadi Ramoroko? (1)

2.8.2 Mananyetsa o ne a ile a kopa ho leshwa bokae bakeng sa


mosebetsi oo wa hae? (1)

2.8.3 Mosebetsi oo wa hae oo a batlang hore a lefuwe bakeng sa ona e


ne e le ofe ho ya ka yena? (2)

2.9 Na banna baa ba ile ba atleha morerong wa bona wa ho qhekella


mofumahadi wa morena Ramoroko? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (3)

2.10 Ho ya ka wena, o ka hlalosa thehello ee ya baphetwa ba latelang ka ho re


eng?

2.10.1 Redientse (2)

2.10.2 Hadibonwe (2)

2.11 2.11.1 Hlalosa maemo a tsa phedisano a neng a susumetsa baphetwa


bana ba babedi ho etsa diketso tsa boqhekanyetsi. (3)

2.11.2 Na ke ntho e nepahetseng hore ha motho a hloka a kene diketsong


tsa bonokwane? Tshehetsa karabo ya hao. (3)

2.12 Mananyetsa o ile a etsa jwang ha a se a fumana hoba molekane wa hae o


mo thobetse ka mora ho qhekella mofumahadi wa morena Ramoroko? (2)
[35]

KAPA

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 7 DoE/Pudungwana 2009
NSC

POTSO YA 3

BOSWEU BA LEHLWA – Sello Moroe

Kgolong ya pale ena, Hlomi o ne a teane le ditshita tseo a neng a lokela ho etsa
mawala a ho ka di hlola. O shebile polelo e ka hodimo, ka bolelele ba mantswe a ka
bang 250 – 300 qoqa ka ka moo pale e holang ka teng ho fihlela pheletsong o
ikamahantse le dihloohwana tse latelang:

– Hlomi o sebetsa ka thata ho fumana Lerato.


– Ho fihla ha Firi sekolong sa boLerato. [35]

KAPA

POTSO YA 4

BOSWEU BA LEHLWA – Sello Moroe

4.1 Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.

"Ka Bakwena ba ntswetse ena thope ke tlamehile ho e rua, le ha ho ka ba


jwang. Nke ke ka lahla ditomo le kgale, ha ke mo tlohela o tla nkuwa ke
mang? Yena a tswa hokae? Lerato ke tla mo fumana, mme a ke ke a
phonyoha, ke tla mo rata ho ya ho ile." Ke nna eo ka menahano e tiileng. Ka
nako eo Diau o ne a se a roballetse pela ka haholo.

DIPOTSO:

4.1.1 Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na lerato la Hlomi ho Lerato ke la


nnete? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang o
itshetlehile ka diketsahalo tsa buka. (3)

4.1.2 Moshanyana ya neng a tella le ho nyatsa Hlomi ke mang? (1)

4.1.3 Baphetwa baa ba ne ba le sehlopheng sefe? (1)

4.1.4 Mosuwe Kuntiwa o tswa naheng efe mme o ne a ruta thuto efe? (2)

4.1.5 Ho ya ka moo o bonang maemo a ditaba naheng ena, na ho a


hlokeha hore ho hirwe matitjhere ho tswa naheng tse ka ntle. (2)

4.1.6 Bolela dintho tse THARO tseo Lerato a hopolang hore di mo sitisa
ho utlwisisa ditaba tsa Hlomi. (6)

4.1.7 Ha Dineo a tla ngolla Hlomi lengolo, na o ne a tseba hore o rata


Lerato? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang ho
tswa paleng. (2)

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 8 DoE/Pudungwana 2009
NSC

4.1.8 Se entsweng ke Dineo ho Hlomi e batla e ba tlwaelo ho batjha ba


kajeno. Ho ya ka wena na o bona ho nepahetse hore ngwanana a
ipherehele moshemane. Hobaneng ha o realo? (3)

4.2 Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.

Matsatsi pele ho mokete ho ne ho se dithuto; e le ditlhophiso, boikwetliso le


dintho tse ding tse ngata. Ho ne ho dubakane ruri, batho ba thulana ka
dihlooho. Ha e le boLerato bona ka se ke ka ba bona hohang, ha e se Dineo
eo ke neng ke kopana le yena kgafetsa, ke bile ke elellwa hore o ne a se a
fetohile. O ne a se a sa hlole a kgothalla ho bua le nna ha e se ho ntumedisa
feela ebe o a iphetela. Ka ba ka elellwa hore ka dinako tse ding o ne a nqoba
ka hohlehohle e le ha a sa rate ha re ka kopana hohang. Tseo kaofela di ne
di na le ho hlopha monahano wa ka empa ke di qhelela ka thoko eka ha ho
letho.

DIPOTSO:

4.2.1 Mokete oo ho neng ho itokisetswa wona e ne e le wa eng? (1)

4.2.2 Mokete oo ho neng ho itokisetswa wona o ne o tlo etsetswa


hokae? (1)

4.2.3 Bolela dintho tse THARO tseo Hlomi a di hlokometseng ka Dineo. (3)

4.2.4 Fana ka lebitso la tantshi eo Hlomi a ileng a e ruta ditho tsa


sehlopha sa hae. (1)

4.2.5 Hlomi o ne a hlile a itokisitse bakeng sa mokete. Fana ka dintlha


tse HLANO ho tshehetsa ntlha ena. (5)

4.2.6 Tlholo ya Hlomi mohlang oo e ne e le ho phethahala ha takatso ya


hae. Ke eng seo o hopolang Hlomi a ne a ikemiseditse sona ka
ditlhodisano tsa mokete? (4)
[35]

KAPA

POTSO YA 5

SEHLEKEHLEKE SA DEIDRO – VT MASIMA

Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 – 300 qoqa ka semelo sa baphetwa bana ba


latelang: Ipapise le dikahare tsa buka ena.

– Ramaqiti
– Mobishopo Biala [35]

KAPA

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 9 DoE/Pudungwana 2009
NSC

POTSO YA 6

SEHLEKEHLEKE SA DEIDRO – VT MASIMA

Bala qotso ebe o araba dipotso tse e latelang.

"O! O re ke mmolai, Monghadi Chikano, empa le wena o sa tswa bolaya moruti


Zambiya – ho etsa mohlala o le mong feela. Ke ntho ya bohlokwa ho o bolella hore
jwalo ka wena, le nna ke ne ke rutwe ho bolaya ke bona batho bao o reng ke
baetapele. Le nna ke ne ke rupellwe mosebetsing wa ka wa ho tsoma dihlwela hore
ekakgona ke bolaye e le ho pholosa bophelo ba ka. Eo he, ke yona mesebetsi ya
baetapele ba hao; batho ba tsebang feela hore ba tla etsa hona le hwane empa ba sa
tsebe hore dintho tseo ba reng ba tla di etsa, ba tla di qala ka kae, le hona ba di
etsetswa ke mang ha e se hona ho susumeletsa batho ba bang dinthong tseo ba sa di
batleng ha bona ba ithabisa ka ditjhelete tsa setjhaba."

DIPOTSO:

6.1 Ke mang ya neng a bua mantswe a qotsong e ka hodimo? (1)

6.2 Hantlentle lebitso la Ruth ke mang? (1)

6.3 Ke bomang ba neng ba bitsa sehlekehleke ka lebitso la "Sehlekehleke sa


Tumelo". (1)

6.4 Chikano o ne a tsamaya le mang nakong eo a ntseng a buisana le motho eo


o mmoletseng potsong ya 6.1? (1)

6.5 Ha Gabriel Biala a tla fihla naheng ya Afrikania o ne a tswa kae? (1)

6.6 Lebitso leo Moatmirale Makhanda a neng a tsejwa ka lona ke basebetsi le


yena ke lefe? (1)

6.7 Lebotho la Lengau le ne le le ka tlasa taolo ya mang? (1)

6.8 Chikano eo ho buuwang le yena moo, mosebetsi wa hae ke ofe? (2)

6.9 Hlalosa lebaka le ileng la etsa hore Gabriel Biala a be a inehele lentsweng la
Modimo. (2)

6.10 Hana kamano pakeng tsa Nasala le Gabriel Biala ke efe? (2)

6.11 Mosebetsi o moholo o kileng wa etswa ke Nasala le Dirisang e bile ofe


morerong wa Ramaqiti wa bonokwane? (2)

6.12 Mefokolo e meholo eo Nasala a neng a na le yona semelong sa hae ke efe?


Bolela e MMEDI. (2)

6.13 Hantlentle Dirisang ke mang hape ebile o amana jwang le Ramaqiti? (2)

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 10 DoE/Pudungwana 2009
NSC

6.14 Ho thwe e meng ya mesebetsi eo Chikano a neng a lokela ho e etsa ke ho


fumana moo Thakadi e leng teng. Hantlentle Thakadi ee ke eng? (2)

6.15 Ha boChikano ba ntse ba tsamaya ka hara moaho ona oo puisano e


etsahalang ka hara wona, ke ketsahalo efe e neng e iketsa e ileng ya mo
makatsa haholo? (2)

6.16 Hana Ramaqiti o ne a na le sekola sefe mosebetsing wa hae wa bopolesa? (2)

6.17 Hantlentle monga mokgatlo o ipitsang 'Bana ba Phiri' e ne e le mang?


Mosebetsi o moholo wa mokgatlo ona e ne e le ofe? (3)

6.18 Ke phetoho efe e kgolokgolo eo Gabriel Biala a ileng a lokela ho feta ho yona
ha a fihla Afrikania? Hobaneng a ne a lokela ho iphetola jwalo? (3)

6.19 Hlalosa lebaka le ileng la susumetsa Chikano ho iketsa e mong wa batho ba


neng ba lokela ho kgahlanyetsa mobishopo Biala mohla a neng a fihla
naheng ya Bosothonia. (2)

6.20 Hlalosa hore ke eng e ileng ya mo swabisa morerong oo wa hae. (2)


[35]

MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 35

KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
ARABA DIPOTSO TSA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.

O lokela ho araba potso e le NNGWE FEELA karolong ena. Kgetha mme o arabe
POTSO ya 7 kapa POTSO ya 8.

POTSO YA 7

SEFI – DJ NKUTHA

Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 – 300 qoqa ka semelo sa dipapadi tsena tse
latelang. Ipapise le diketsahalo tsa terama ena.

– Raboditse
– Mmankepe [35]

KAPA

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 11 DoE/Pudungwana 2009
NSC

POTSO YA 8

SEFI – DJ NKUTHA

8.1 Bala puisano ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.

Raboditse: Tjhe, sekgo se ratlana fatshe ka yona tsela eo Mmankepe a


neng a e batla. Ke yena ha se nna. O putlame fatshe
Motaung. Dithoto ho ngodilwe ho thwe ke lefa la ba bohlale.
O lahlile tsohle tsa hae kajeno, re a tshwana re se mawelana.
O mo tshwere a mo kuta mosadi yane wa jwaleng. Ha ke
lebale mohla a neng a nteleka Mmantshele eo wa letekatse
ha a bona nku ena. Nku ke ya Tselakgopo mme sekere ke sa
Phahameng. (A thola motsotswana) Bonnete le nna ke a
itshola. Ke madi matsohong ka baka la mosadi, e leng
Mmankepe. (A makala) Ke utlwa diqi! Ekare ho na le motho
ya tlang kwano. Ebe ke mang ke sa itjella masapo a hlooho,
ke buisana le ba fatshe? (Ho kena Tiisetso le mmae.) Hao le
kena le sa kokota ha ka moo!

Mmatiisetso: Dumela. O kae yena?

Raboditse: Haeba ke tlhapa, le wena.

Mmatiisetso: O mo isitse kae, kapa o rwetse ka yena re tsebe? Le babe le


le tjena.

Raboditse: O a tseba keng mosadi, batho ha ba e tla malapeng ba


sebedisa dintho tse fapaneng.

Mmatiisetso: (A mo kena hanong.) Rona re tlile ka dieta tse tabohileng ka


baka la hao le mosadiao.

DIPOTSO:

8.1.1 Sebapadi se buang mantswe aa "Tjhe, sekgo se ratlane fatshe ka


yona tsela eo Mmankepe a neng a e batla ..." se emetse lehlakore
lefe la bophelo ho ya ka tjhadimo ya hao ya botle le bobe?
Hobaneng ha o realo? (3)

8.1.2 Mosadi eo Motaung a neng a dula le yena ke mang, mme


mosebetsi wa hae ke ofe? (2)

8.1.3 Ke sebapadi sefe se susumeditseng hore Motaung a putlame


fatshe? (1)

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 12 DoE/Pudungwana 2009
NSC

8.1.4 Hlalosa se bolelwang ke dipolelwana tse latelang:

(a) Dithoto ke lefa la ba bohlale. (2)

(b) Re a tshwana re se mawelana. (2)

8.1.5 Motswalle wa sebapadi se reng, "Nku ke ya Tselakgopo, sekere ke


sa Phahameng" ke mang? (1)

8.1.6 Polelong e ka masakaneng e ho 8.1.5, 'nku' e tshwantshiswa le


eng ha sekere sona se emetse eng? (3)

8.1.7 Ho itjella masapo a hlooho ke ho etsa eng? Kgetha karabo e


nepahetseng.

A Ho nahana ka thata.
B Ho ja masapo a tswang nameng.
C Ho kokona masapo a hlooho ya nku.
D Ho ja masapo a hlooho ya kgomo. (1)

8.1.8 Sebapadi sena seo ho thweng se kena se sa kokota ke mang? (1)

8.1.9 Sebapadi seo o se ngotseng ho 8.1.8 se botsa hore ba mo isitse


kae. Ebe se botsa ka mang? (1)

8.1.10 Sebapadi seo o se boletseng ho 8.1.9 se ne se dula motseng ofe? (1)

8.1.11 Bolela lebitso la mohatsa le moradi wa sebapadi seo o se


boletseng ho 8.1.8. (2)

8.1.12 Bolela dinoka tse PEDI tseo ho buuwang ka tsona tshwantshisong


ena. (2)

8.2 Boela o bale qotso e latelang o ntano araba dipotso tse tla e latela.

Motaung: Tlohela letekatse leo le tsamaye. Tloo re robale re kgaohane le


yena etswe o tseba dikgolo. Ke thuto ena ya sekolong sa bona e
mo sentseng, ba mo rutile hampe. O se a le molomo o moholo.
(Mmatiisetso o a tswa.) Oho! Le a tshwana, le diphathakalle
mosebetsing oo. Nna le se ke la ntlhobaetsa ke robetse. Basadi
ke tlhako ya pere, ba a tshwana. Bana ba tla robala hokong ya
dikgoho, botsikwane bo ba qete. Ba mpontsha hore ha ke tswa le
mona ba tswa ka nqena. (A notlela lemati.) Dieta tsena di tla
ntshenyetsa nako, ke robala ka tsona.

DIPOTSO:

8.2.1 Motaung o ne a bua le mang le hona eo ho buuwang ka yena ke


mang? (2)

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 13 DoE/Pudungwana 2009
NSC

8.2.2 Ho ya ka kutlwisiso ya hao, ho re 'le diphatakalle' ho bolelang? (2)

8.2.3 Se etsahalang moo ka Motaung ke sefe ha a re 'Dieta tsena di


ntshenyetsa nako ...'? (2)

8.2.4 O utlwisisa eng ka polelo e reng: 'Ha a ilo iketa le bona, feela a tle
a ntlele ka bohlanya, o tla ntseba hantle le mmae'. (2)

8.2.5 Na o bona Raboditse a atlehile ho senya Motaung? Hobaneng ha


o realo? (3)

8.2.6 Ke thuto efe eo o e fumaneng tshwantshisong ee? (2)

MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 35

KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
ARABA DIPOTSO TSA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.
Mohlahlobuwa o lokela ho araba POTSO e le NNGWE FEELA. O lokela ho kgetha
pakeng tsa POTSO ya 9 kapa POTSO ya10.

POTSO YA 9

MODIA – MK Mofihli, le ba bang

Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 – 300 qoqa ka dikarolwana tsa moralo wa


palekgutshwe ena 'Bontshunyekgare' o itshetlehile ka diketsahalo tse latelang:

– Tlhekelo
– Kgolo
– Tharahano [35]

KAPA

POTSO YA 10

MODIA – MK Mofihli, le ba bang

Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso tse tla se latela.

O ne a hlenne, melomo ena ya hae e hlephile, a tsweretse mahlo ao bofubedu bona


ba ona e neng eka ba a mokoko o nwele mahe. Ha a bohla o ne a bohla sa poho ya
mmofu e kgonya mokgwabong. Ha a tsamaya, o ne a kapeha, eka motho ya thibang
dinku tse batlang ho kena mabeleng. Ha a bua, o ne a lepolosa lentswe jwalo ka
mokudi ya kulelang lefu. Ka nako e nngwe o ne a ye a bitswe fatshe, a be a mamelle
lefatshe nakwana. E re nengneng a eme a leke ho tsamaya.

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 14 DoE/Pudungwana 2009
NSC

DIPOTSO:

10.1 Fana ka lebitso la motho eo ya hlaloswang ka hodimo qotsong. (1)

10.2 Ke ka baka la eng ha mophetwa eo a ne a le ka mokgwa ona? (1)

10.3 Se neng se qoqwa thaveneng eo mophetwa eno a ileng a fapohela ho yona


ke sefe? (2)

10.4 Ke ka baka la eng batho ba neng ba le thaveneng ba neng ba ntsha maikutlo


ao o buileng ka ona potsong ya 10.3? (2)

10.5 Hara sehlopha se neng se buisana moo thaveneng, ke mang eo o ka reng o


ne a na le kelello e phodileng? Hobaneng o realo? (3)

10.6 Ho ile ha etsahalang ho mophetwa eo o mmoletseng ka hodimo ha a ntse a


tshetlehela sehlopha se thaveneng puo? Bolela diketsahalo tse PEDI. (4)

10.7 Ke mang ya ileng a kgalemela batho bana nakong eo ba ntseng ba etsa


lerata mme ke hobaneng ha sena se ne se bonahala se hlile se makatsa
haholo? (3)

10.8 Ke ka mabaka afe a MABEDI e mong wa bomphato ba sehlopha seo se


kgobokaneng thaveneng a ileng a re motho ya neng a leka ho ba tshetlehela
puo o na le kgethollo e bile ke mpimpi? (4)

10.9 Ke dintho dife tseo mophetwa eo o mmoletseng potsong ya 10.5 a ileng a


tsamaya a di lohotha ha a le tseleng e lebang hae? Fana ka dintlha tse tharo
feela. (3)

10.10 Bolela diketsahalo tse pedi tse mpe tseo methaka ena e ileng ya rera ho di
etsa letsatsing le hlahlamang ha e fihla mosebetsing? (4)

10.11 Ke ka mabaka afe a MABEDI ha motsamaisi a ne a hloleha ho bua ka


kopanong ya letsatsi le hlahlamang leo ho bileng le kopano ka yona
thaveneng? (4)

10.12 Bolela hore ke eng tse PEDI tse bakileng hore bana ba sekolo ba furuletse
majwe ho mookamedi le mophetwa eo o mmoletseng potsong ya 10.6. (4)
[35]

MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 35

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 15 DoE/Pudungwana 2009
NSC

KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
ARABA DIPOTSO TSA DITHOTHOKISO TSEO O ITHUTILENG TSONA FEELA
KAROLONG ENA.
ELA HLOKO:
Dipotsong tsena tse nne tsa THOTHOKISO (POTSO ya 11, POTSO ya 12,
POTSO ya 13 le POTSO ya 14), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a
kgethe mme a arabe POTSO TSE PEDI feela.

POTSO YA 11

Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.

LEFU – Jim Mokoena

1 Ha ke bua ka lefu, ke re phakwe,


2 Ha ke bua ka phakwe, ke re Ramautla,
3 Phakwe e ubellang ditsuonyana di eso iphatele,
4 Ramautla ya ketolang a siya dithako.
5 Morwerwe wa lefu o hlotse bolepi kajeno,
6 Le monkgo wa lona o thimoditse mapaku,
7 Ditsomi di epetswe ha tshelela kgateane,
8 Ruri lefu le re nketse metswalle.
9 Lefu, nna ha ke bua ka wena, ke tshedisa,
10 Siba la ka nna jwale le tlala thothomelo,
11 Meokgo e qhitsa e ntshulafaletsa bophelo,
12 Le bokgelekeng nna ke tswella ho nyehlisa.
13 Lefu ke lena ke mokgokakgwale,
14 Lefu ke lena le thehile fika sa pale,
15 Fatsheng lena re bana ba lebitla
16 Ho benya lerumo, ho kgabola kanono moela.
17 Nna jwale ke tjhele lentswe ke ho lla
18 Meokgo ya ka e sitwa ho ntshedisa, le ho phalla,
19 Hoba lefu ke lena le nkamoha baena re phomotse,
20 Re phomotse re ipuela tse monate.

DIPOTSO:

11.1 Ho temanathothokiso ya 2 mothofatso e fumanwa moleng ofe? (1)

11.2 Ho mola wa 9 ke mokgabisopuo ofe o sebedisitsweng? (1)

11.3 Tatellano ya mantswe e sebedisitsweng moleng wa 12 ha e a tlwaeleha.


Hana re sebedisa lereo lefe thothokisong bakeng sa tatellano ena e sa
tlwaelehang ya mantswe? (1)

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 16 DoE/Pudungwana 2009
NSC

11.4 Ntshetsopele ya mohopolo e hlahelang dipakeng tsa mela ya 19 le 20 e


bopilwe ka mantswe afe? Sena se bitswa eng thothokisong? (2½)

11.5 Phetapheto e tsepameng e fumanwa meleng efe temanathothokisong ya 4?


Molemo wa phetapheto ena ke ofe thothokisong? (3)

11.6 Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se fumanwang moleng wa 1? Molemo wa


sona ke ofe? (3)

11.7 Lentswe 'Siba' moleng wa 10 le re bopela mokgabiso ofe? Molemo wa ona


ke ofe? (3)

11.8 Temathothokisong ya pele ke meleng efe moo re fumanang


tshwantshiso/serehello? (1)

11.9 Hlalosa hore lentswe lena 'mapaku' moleng wa 6 le bolela eng. (2)
(17½)

KAPA

POTSO YA 12

Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang:

PELO E JA SERATI – Jim Mokoena

1 Ke bua ka makoko ke sa habeye,


2 Ke bua tshita tsa lefatshe lena ke sa qeaqee,
3 Dira tsa motho di nyadiswa le dinaledi,
4 Le metswalle ya hae e kgabiswa le dinaledi,
5 Empa ebe phapang ke efe lona dikgaitsedi?
6 Monongwaha ke hopola tshiu tsela,
7 Pososelo ya ka e nkala lebatha la tsela,
8 Mora motho o kile a re jarela sefapano,
9 A re fatsheng lena re etse nnete dikano,
10 Ho rona baena le dikgaitsedi, ke thatano.
11 BoMohanwe kajeno ba eme lepaketla,
12 Tsa bona ditshobotsi ba di pholla ba di keketla,
13 Maifong ba siya pitsa di etjha sehau,
14 Ao, botle ba ngwetsi tse bo baka mahlomola,
15 Bakgwenyana ba sala ba hweshetsa sa makau.
16 BoTlhong ba maoba ba ho bonwa sewelo,
17 Monongwaha ke tjhobolo tse shweleng matswalo,
18 Ka hohle ho dungwadungwa ka boNthati,
19 Ka mona le ka mane pelo e ja serati,
20 Ba re kajeno fatsheng lena ha re tlodisane kgati.

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 17 DoE/Pudungwana 2009
NSC

DIPOTSO:

12.1 Thothokiso ee ke ya mofuta ofe? Hobaneng o realo? (2½)

12.2 Sehlooho sa thothokiso ena "Pelo e ja serati" se bolelang? (2)

12.3 Hlalosa hore 'ho bua ka makoko' moleng wa 1 ke ho etsa jwang. (2)

12.4 Qoholla mola o nang le lebotsi temanathothokisong ya 1. (1)

12.5 Hlalosa se bolelwang ke molathothokiso wa 3. (2)

12.6 Ke sekapuo sefe se sebedisitsweng ho mola wa 17? (1)

12.7 Ho mola wa 10, re fumana sebetsa sefe sa bothothokisi? Fana ka molemo


wa sona thothokisong. (3)

12.8 Lentswe 'Dira' moleng wa 3 le lentswe 'metswalle' moleng wa 4 bobedi a re


bopela sehlomo sefe sa boroki? (1)

12.9 Tshwantshanyo e fumanwa moleng ofe temaneng ya 3? (1)

12.10 Hlalosa hore lebitso lena 'boTlhong' moleng wa 16 le bolelang? (2)


(17½)

KAPA

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 18 DoE/Pudungwana 2009
NSC

POTSO YA 13

Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang:

O EMETSENG? – Teboho J Mahapa

1 Hantlentle molato keng sephoqo towe,


2 Ha o dutse lapeng o ahlame,
3 Tlasa bethe e le lao sa hao,
4 Ha thunya se lla se kgabola?

5 Tjhaba ke sela se a itseka,


6 Ntwa se e lata letailana,
7 Se re: "Ha e boye Afrika, ha e boye",
8 Wena o ahlame ntlong phauphau towe.

9 O emetseng semaumau towe?


10 Ha basadi ba tswile ba lwana,
11 Wena o ahlame ntlong o a phoqosela,
12 Hantlentle molato keng ntjamme?

13 Hela, nkahlama phaphama,


14 Tadima ba masea bana ke bane,
15 Ba lwana ba a itseka,
16 Wena o emetseng?

17 Hela, tsheremoloha wena, tsoha,


18 Ikise o yo lwana nkahlama,
19 Aforikeng e ntjha le wena o be le seabo,
20 Kapa o emetseng?

21 E mengata e lwanelang tokoloho mekgatlo,


22 PAC le AZAPO ka mabitso ho e thonya,
23 Leba ho o mong o yo itseka,
24 Kapa o tla re o emetseng?

DIPOTSO:

13.1 Qoholla lentswe leo tlohelo e fumanwang ho lona ho temanathothokiso ya 2. (1½)

13.2 Lebotsi le fumanwa moleng ofe temanathothokisong ya 1? Bolela molemo


wa lona. (3)

13.3 Hlalosa se bolelwang ke molathothokiso wa 3. (2)

13.4 Moleng wa 14 ho na le tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe.

13.4.1 Qotsa mantswe a totobatsang sena. (1)

13.4.2 Sebetsa sena sa bothothokisi se bitswang. (1)

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 19 DoE/Pudungwana 2009
NSC

13.5 Kgefutsohare/Sejura se fumanwa moleng ofe temaneng ya 2? Molemo wa


sona ke ofe moleng ona ka ho otloloha. (2)

13.6 Hlalosa se bolelwang ke lentswe 'phoqosela' moleng wa 11. (2)

13.7 Ho lata ntwa letailana moleng wa 6 ke ho etsa jwang? (2)

13.8 Hlalosa ka bokgutshwanyana se bolelwang ke thothokiso ena. (3)


(17½)

KAPA

POTSO YA 14

Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.

Lefu la Morena George VI – KE Ntsane

1 E ile e siile mahlomola, kgosi,


2 Hodimo le faladitse bana ba batho,
3 Hodimo le faladitse Fitoria le Moshweshwe,
4 Badimo ba rona hoja ba itswaletse,
5 Ba tswetse dikgosi, ba tswetse marena,
6 Ba tswetse tau, thaka Seeiso, Sebata.
7 Ra bona ka tsietsi le tlokotsi ho ngatafala,
8 Ra bona ka letsatsi ho ema molebe,-
9 Ra bona fatshe le tjha le omella bohlaswa,
10 Yare le theoha rothodi la lehodimo,
11 La theoha le le ditaba manyofonyofo,
12 La theoha le kentse lerumo ka kobong.
13 E ile e siile mahlomola, kgosi,

DIPOTSO:

14.1 Thothokiso ena ke ya mofuta ofe? Hobaneng o realo? (3)

14.2 Bolela hore phetapheto e tsepameng e fumanwa meleng efe. (1½)

14.3 Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se fumanwang moleng wa 5? Molemo wa


sona ke ofe? (3)

14.4 Ke mokgabiso/bonono bofe bo fumanwang lentsweng lee 'fatshe' moleng wa


9? Hobaneng o realo? (2)

14.5 Ke sekapuo sefe se fumanwang meleng ya 10 – 12? (1)

14.6 Lentswe 'molebe' moleng wa 8 le bolela eng? (2)

14.7 Ka mantswe a hao, hlalosa se bolelwang ke mola wa 10: 'Yare le theoha


rothodi la lehodimo'. (2)

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla


Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 20 DoE/Pudungwana 2009
NSC

14.8 Ke mokgabisopuo ofe o fumanwang moleng wa 7? Molemo wa ona ke ofe? (3)


(17½)

MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D: 35

MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70

Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello

You might also like